Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ha Mora ea Lahlehileng a Fumanoa
    Molula-Qhooa—1989 | February 15
    • Khabareng, ‘mora oa ntat’ae e moholo o na a le naheng.’ Bona haeba u ka khetholla hore na o emela mang ka hore u mamele karolo e setseng ea pale. Jesu o re ka mora e moholo: “Eitse ha a fihla a atamela ntlo, a utloa lipina le mehobelo. A bitsa e mong oa bahlanka, a ’motsa, a re: Taba tseo ke’ng? Eo a re ho eena: Moen’ao o fihlile, ’me ntat’ao o hlabile namane e nontšitsoeng, hobane o bile a ’mona a sa phela. Eaba oa halefa, a hana ho kena.

      “Ntat’ae a mpa a tsoa, a mo rapela, a re, a kene. Eena a araba, a re ho ntat’ae: Bona! Ke u sebelelitse lilemo tse kalo, ke sa tlōle litaelo tsa hao, ’me ha u e-so ho ’nee le potsanyane hore ke thabe le metsoalle ea ka. Empa enoa mora oa hao, ea jeleng letlotlo la hao kaofela le linyatsi, ere a sa fihla, u mo hlabetse namane e nontšitsoeng.”

      Ke bo-mang, bao joaloka mora e moholo, ba ileng ba nyatsa mohau le tlhokomelo tse bontšitsoeng baetsalibe? Na hase Bafarisi le bangoli? Kaha Jesu o ile a susumetsoa ho etsa papiso ena ke ha ba mo nyatsa ha a amohela baetsalibe, ka ho hlakileng e tlameha e be ke bona ba emeloang ke mora a moholo.

  • Ha Mora ea Lahlehileng a Fumanoa
    Molula-Qhooa—1989 | February 15
    • Empa mehleng ee bara baa ba babeli ba emela bo-mang? E tlameha e be ke ba seng ba e-na le tsebo e lekaneng ka merero ea Jehova hoo ba nang le motheo oa ho ba le kamano le eena. Mora e moholo o emela litho tse ling tsa “mohlatsoana,” kapa ‘phutheho ea matsibolo ao mabitso a ’ona a ngotsoeng bukeng ea leholimo.’ Bana ba ile ba e-ba le boikutlo bo tšoanang le ba mora eane e moholo. Ba ne ba se na takatso ea ho amohela sehlopha sa lefatšeng, “linku tse ling,” tseo ba neng ba ikutloa hore li ba nkela boemo bo hlahelletseng ka pel’a batho.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela