-
Mora ea Neng a Lahlehile o KhutlileJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Ha tsena tsohle li ntse li etsahala, mora e moholo o masimong. Jesu ha a bua ka eena o re: “Ha a tla ’me a atamela ntlo a utloa konsarete ea ’mino le motjeko. Kahoo a bitsetsa e mong oa bahlanka ho eena ’me a botsisisa hore na lintho tsena li bolela’ng. A re ho eena, ‘Mor’eno o tlile, ’me ntat’ao o hlabile pohoana e nontšitsoeng, hobane o mo fumane a phela hantle.’ Empa a halefa ’me o ne a sa rate ho kena. Joale ntat’ae a tsoa ’me a qala ho mo kopa. Ha a araba a re ho ntat’ae, ‘Bona ke lilemo tse ngata haholo ke ntse ke le lekhoba la hao ’me ha ho mohla nkileng ka tlola taelo ea hao, ’me leha ho le joalo ’na ha ho mohla u kileng ua mpha potsanyane hore ke ithabise le metsoalle ea ka. Empa hang ha mora enoa oa hao ea ileng a ja mokhoa oa hao oa ho iphelisa le liotsoa a fihla, u mo hlabetse pohoana e nontšitsoeng.’ ”—Luka 15:25-30.
Ke bo-mang bao joaloka mora e moholo, ba ileng ba nyatsa mosa le tlhokomelo tseo Jesu a li bontšitseng batho ba tloaelehileng le baetsalibe? Ke bangoli le Bafarisi. Jesu o entse papiso ena hobane a susumetsoa ke hore bangoli le Bafarisi baa mo nyatsa ha a amohela baetsalibe. Ho hlakile hore e mong le e mong ea nyatsang ha Molimo a le mosa, o lokela ho nka thuto eo ka ho teba.
-
-
Mora ea Neng a Lahlehile o KhutlileJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Jesu ha a bolele hore na mora e moholo o qetella ka ho etsa’ng. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae ‘bongata bo boholo ba baprista bo ile ba qala ho mamela tumelo.’ (Liketso 6:7) E ka ’na eaba har’a baprista bana ho ne ho e-na le ba utloileng ha Jesu a pheta papiso ena e matla e buang ka mora ea neng a lahlehile. E ne e se ntho e thata ho bona hore ba itšele kelello, ba bake, ba be ba khutlele ho Molimo.
-