Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kamoo re ka Lulang re E-⁠na le Maikutlo a Matle
    Molula-Qhooa—2014 | March 15
    • 8, 9. (a) Mohlolohali ea futsanehileng o ne a le boemong bofe? (b) Ho ka etsahala hore ebe o ne a e-na le maikutlo afe a nyahamisang?

      8 Ha Jesu a le tempeleng ea Jerusalema o ile a bona mohlolohali ea futsanehileng. Mohlala oa hae o ka re thusa hore re lule re e-na le maikutlo a matle ho sa tsotellehe mefokolo ea rōna. (Bala Luka 21:1-4.) Nahana ka boemo boo mohlolohali enoa a neng a le ho bona. O ne a tlameha ho mamella bohloko ba ho shoeloa ke monna le ho ba bolumeling boo baeta-pele ba bona ba neng ba ‘harola matlo a bahlolohali’ ho e-na le ho ba thusa. (Luka 20:47) O ne a futsanehile hoo monehelo oa hae tempeleng o neng o ka lekana le moputso oo mosebetsi a neng a ka o fumana ha a sebelitse metsotso e seng mekae feela.

      9 Nahana hore na mohlolohali enoa o ne a ikutloa joang ha a fihla lebaleng la tempele a tšoere licheletana tsa tšepe tse peli. Na ebe o ne a tla nahana kamoo monehelo oa hae o leng monyenyane kateng ha o bapisoa le oo a ka beng a o ntšitse ha monna oa hae a sa ntse a phela? Na o ne a tla hlajoa ke lihlong ha a bona menehelo e tōma e neng e ntšoa ke ba ka pele ho eena, mohlomong a ipotsa hore na oa hae ke oa bohlokoa? Le haeba o ne a e-na le maikutlo a joalo, o ile a etsa seo a se khonang borapeling ba ’nete.

  • Kamoo re ka Lulang re E-⁠na le Maikutlo a Matle
    Molula-Qhooa—2014 | March 15
    • 11. U ka ithuta’ng tlalehong ea mohlolohali ea futsanehileng?

      11 Maemo a hao a ka ’na a ama ka ho toba seo u ka se fang Jehova. Ba bang ba nka nako e fokolang haholo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo ka lebaka la ho hōla le ho kula. Na ho tla be ho loketse hore ba ipotse hore na ba lokela ho tlaleha mosebetsi oa bona? Esita le haeba u se na mefokolo e mekaalo, u ka ’na ua nka hore mosebetsi oa hao ke karolo e nyenyane feela ea lihora tsohle tseo batho ba Molimo ba li qetang selemo le selemo tšebeletsong ea hae. Leha ho le joalo, tlalehong ena re ithuta hore Jehova o hlokomela sohle seo re mo etsetsang sona ebile oa se ananela, haholo-holo ha re se etsa tlas’a maemo a thata. Nahana ka seo u se etselitseng Jehova selemong se fetileng. Na e ’ngoe ea lihora tseo u li sebelitseng e ile ea hloka hore u itele? Haeba ho joalo, u ka kholiseha hore o ananela seo u mo etselitseng sona horeng eo. Ha u etsisa mohlolohali ea futsanehileng ’me u etsa sohle seo u ka se khonang tšebeletsong ea Jehova, u na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore u “tumelong.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela