-
’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2020 | No. 2
-
-
Jesu o ile a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla, le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le litšisinyeho tse kholo tsa lefatše, le mafu a seoa.” (Luka 21:10, 11) Lintho tsena kaofela ke matšoao a hlakileng a bontšang hore “’Muso oa Molimo o haufi.” Na lintho tsee li kile tsa etsahala kaofela ka nako e le ’ngoe lefatšeng lohle? Bona bopaki bo latelang.
-
-
’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?Molula-Qhooa (Ea Batho ka Kakaretso)—2020 | No. 2
-
-
2. LITŠISINYEHO TSA LEFATŠE
Britannica Academic e re selemo le selemo ho ba le litšisinyeho tsa lefatše tse ka bang lekholo tse matla hoo li ka bakang “tšenyo e kholo.” United States Geological Survey eona e bontša hore ho latela litlaleho tse bolokiloeng ka lilemo tse ngata, (ho tloha ka bo 1900) ho ka lebelloa hore ho be le litšisinyeho tse 16 ka selemo, tse kholo ho feta tse boletsoeng pejana. Ba bang ba ka ’na ba lumela hore ho bonahala li le ngata hobane feela ho se ho e-na le mekhoa ea ho li bona. Ho sa tsotellehe hore na taba eo ke ’nete kapa che, litšisinyeho tsa lefatše tse bang teng lefatšeng lohle li baka mesarelo hape li bolaea batho ba bangata ho feta pele.
3. KHAELLO EA LIJO
Ho ba le khaello ea lijo lefatšeng ka lebaka la lintoa, bobolu, moruo o putlameng le ho hloka boiphihlelo litabeng tsa temo kapa ho se roalle le sa sele bakeng sa maemo a mabe a leholimo. Tlaleho ea selemo sa 2018 ea World Food Programme e re: “Lefatšeng lohle, ho na le batho ba limilione tse 821 ba haelloang ke lijo ebe ho na le ba limilione tse 124 ba robalang ba itsosa.” Selemo le selemo ho shoa bana ba ka holimo ho limilione tse tharo ka lebaka la ho se je lijo tse lekaneng tse nang le phepo. Ho bana ba ileng ba shoa lefatšeng lohle ka selemo sa 2011, hoo e ka bang halofo ea bona e ne e le ba neng ba haelloa ke phepo.
4. MAFU
Sengoloa se seng sa World Health Organization se re: “Lilemong tsa morao tjena, ho se ho bile le mafu a mangata a seoa. Mafu a khale a kang k’holera, plague le yellow fever a boile sekoele. Ho se ho bile ho e-na le a mang a kang SARS, lefu la seoa la ntaramane, MERS, Ebola le Zika. Morao tjena ho se ho e-na le seoa sa COVID-19. Le hoja bo-rasaense le lingaka li ithutile lintho tse ngata ka mafu, ba ntse ba sitoa ho a fumanela pheko kaofela.
-