Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/12 maq. 26-28
  • Bibele​—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 6

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele​—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 6
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pontšo le Bokamoso ba Hao
  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Na Kannete re Phela “Matsatsing a ho Qetela?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 10/12 maq. 26-28

Bibele—Buka ea Boprofeta bo Nepahetseng, Karolo ea 6

“Matsatsi a ho Qetela”

Letotong lena le nang le lihlooho tse robeli, “Tsoha!” e tla tšohla karolo e ikhethang ka ho fetisisa ea Bibele—e leng boprofeta ba eona kapa lintho tseo e li boletseng esale pele. Lihlooho tsena li tla u thusa hore u arabe lipotso tsena tse latelang: Na boprofeta ba Bibele ke ntho feela e iqapetsoeng ke batho ba bohlale? Kapa na lintho tsee tse boletsoeng esale pele li bile teng ka tšusumetso ea Molimo? Re kōpa hore u hlahlobisise bopaki.

RE PHELA linakong tse thata. Likarolong tsohle tsa lefatše re utloa litlaleho tse ngata tsa likoluoa le meferefere. Na lintho tse etsahalang kajeno lefatšeng li na le ntho e ikhethang eo li e bolelang?

Lilemong tse fetang 2 000 tse fetileng, Bibele e ile ea bolela esale pele hore mathata a lefatše a ne a tla hloa mekoalaba ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ (Matheu 24:3) Sena hase bolele hore “bofelo ba lefatše” bo tla ba ka tsela eo batho ba e nahanang. Ho e-na le hoo, Bibele e hlalosa tsela eo lintho li tla etsahala ka eona le eo batho ba tla itšoara ka eona, kapa pontšo e tla ba teng nakong e bitsoang ‘matsatsi a ho qetela.’ (2 Timothea 3:1) Jesu o ile a bolella balateli ba hae hore ha ba bona “lintho tsena li etsahala” topollo e atametse. (Luka 21:31) Nahana ka boprofeta bo bong bo bontšang hore re phela nakong e ikhethang.

Boprofeta ba pele:

“Sechaba se tla tsohela sechaba matla.”—Matheu 24:7.

Ho phethahala ha bona: Qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, batho ba bangata ba ne ba lebeletse hore khotso e ke ke ea fela. Ntoa ea Pele ea Lefatše e ile ea nyarosa batho bohle ’me ea qala mehla ea ntoa e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng. Joalokaha buka ea Bibele ea Tšenolo e boletse esale pele, khotso e ne e tlositsoe “lefatšeng e le hore [batho] ba ka bolaeana.”—Tšenolo 6:4.

Seo bopaki bo se senolang:

  • “Ho bonahala eka ho qhoma ha Ntoa ea Pele ea Lefatše ka 1914 ho ntse ho tšoaea ho fela ha mehla e meng le ho qala ha mehla e mecha.”—The Origins of the First World War, e hatisitsoeng ka 1992.

  • Le hoja palo ea batho ba shoeleng Ntoeng ea Pele ea Lefatše e sa tsejoe hantle, encyclopedia e ’ngoe e hakanya hore palo ea masole a ileng a shoa ntoeng eo feela, e ne e le 8 500 000.

  • Ntoeng ea Bobeli ea Lefatše ho ile ha shoa batho ba bangata le ho feta, ba ka balloang ho limilione tse 35 ho isa ho tse 60, ba akarelletsang masole haesita le baahi.

  • Pakeng tsa ntoa ea bobeli ea lefatše le 2010, ho bile le lintoa tsa batho ba hlometseng tse 246 libakeng tse 151 lefatšeng ka bophara.

Boprofeta ba bobeli:

“Ho tla ba le likhaello tsa lijo.”—Matheu 24:7.

Ho phethahala ha bona: Lekholong la bo20 la lilemo, tlala e ile ea bolaea batho ba fetang limilione tse 70, ’me e ntse e le bothata bo tsoelang pele lefatšeng ka bophara.

Seo bopaki bo se senolang:

  • Ho latela Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng, tlala ke bothata bo boholo ka ho fetisisa bo etsang hore batho ba se ke ba phela hantle, ’me kajeno lefatšeng ka bophara, motho a le mong ho ba supileng ha a na lijo tse lekaneng.

  • “Khaello ea lijo e teng kajeno ha e bakoe ke bothata bo le bong ba nakoana ba hore lijalo ha lia ka tsa atleha, empa e bakoa ke mathata a mane a maholo a tla ba teng ka nako e telele, a kang: ho eketseha ha batho ka sekhahla, khoholeho ea mobu, likhaello tsa metsi tse ntseng li eketseha le ho phahama ha mocheso.”—Scientific American.

Boprofeta ba boraro:

“Ho tla ba le litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše.”—Luka 21:11.

Ho phethahala ha bona: Kaha batho ba bangata ba lula libakeng tse hlaseloang ke litšisinyeho tsa lefatše khafetsa, palo ea batho ba bolaoang ke litšisinyeho kapa ba ferekanngoang ke tsona e eketsehile ka sekhahla.

Seo bopaki bo se senolang:

  • World Disasters Report 2010 e re: “Har’a likoluoa tsohle tse khōlō tse etsahalang, litšisinyeho tsa lefatše li bolaile batho ba bangata ka ho fetisisa lilemong tsa morao tjena.”

  • Ho tloha ka 1970 ho ea ho 2001, ka karolelano ho ne ho tlalehoa litšisinyeho tsa lefatše tse 19 ka selemoa, ’me ka karolelano li bolaea batho ba 19 547. Lilemo tse leshome pele ho 2012, karolelano ea litšisinyeho tsa lefatše e nyolohetse ho tse 28 ka selemo, ’me karolelano ea batho ba shoeleng e bile 67 954.

Boprofeta ba bone:

‘Mafu a seoa sebakeng se seng ka mor’a se seng.’—Luka 21:11.

Ho phethahala ha bona: Ho sa tsotellehe tsoelo-pele e teng litabeng tsa phekolo, batho ba limilione baa shoa selemo le selemo ka lebaka la mafu a tšoaetsanoang. Ho etela ha batho linaheng tse ling le ho eketseha ha batho libakeng tsa litoropo, ho ekelitse monyetla oa hore maloetse a name ka potlako e khōlō.

Seo bopaki bo se senolang:

  • Lekholong la bo20 la lilemo, boloetse ba sekholopane bo ile ba bolaea batho ba ka bang limilione tse 300 ho isa ho tse 500.

  • Mokhatlo oa Worldwatch o tlaleha hore lilemong tse mashome a mararo tse fetileng “ho hlahile maloetse a fetang 30 a neng a sa tsejoe nakong e fetileng, a behang bophelo ba batho kotsing, a kang Ebola, HIV, Hantavirus le SARS.”

  • Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o fane ka temoso ea ho ata ha likokoana-hloko tse hanang meriana oa re: “Lefatše le lebile nakong eo ho eona maloetse a mangata a seng a tla hana meriana ’me a [tla] bolaea batho ka sekhahla.”

Boprofeta ba bohlano:

Batho ba tla “ekana ’me ba tla hloeana. . . . Lerato la ba bangata le tla fola.”—Matheu 24:10, 12.

Ho phethahala ha bona: Batho ba bangata ba shoele ka lebaka la lipolao tsa merabe tse hlohlelletsoang ke lehloeo. Linaheng tse ngata, lintoa le tlōlo ea molao li entse hore batho ba lule ba tšohile ’me li bakile liketso tse mabifi.

Seo bopaki bo se senolang:

  • Pusong ea Manazi, ho ile ha bolaoa Bajuda ba limilione tse tšeletseng le batho ba bang ba bangata. Ha mongoli Zygmunt Bauman a bua ka tsela eo baahi ba neng ba itšoere ka eona, o re: “Batho ba ne ba bolaoa larita empa ho se na ea reng letho ka seo.”

  • Ho ea ka tlaleho ea litaba ea BBC, ho hakanngoa hore ho ile ha bolaoa Matutsi a ka bang 800 000 le Mahutu a seng makae, ka likhoeli tse ’maloa feela. Mofuputsi e mong o hakanya hore batho ba ka bang 200 000 ba ile ba kenya letsoho polaong eo.

  • Selemo le selemo, batho ba fetang 740 000 baa shoa ka lebaka la tlōlo ea molao le lintoa tsa batho ba hlometseng.

Boprofeta ba botšelela:

“Batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, . . . ba se nang lerato la tlhaho.”—2 Timothea 3:2, 3.

Ho phethahala ha bona: Batho ba mehleng ena ea rōna ba meharo ’me ba hloka boitšoaro. Seo se bakile mathata a mangata sechabeng.

Seo bopaki bo se senolang:

  • Tlaleho ea UNICEF UK e mabapi le tlhokomelo ea bana, e re ho bonahala eka batsoali le bana ba United Kingdom “ba reka ba sa qete.” Malapa a reka lintho tse ncha “e le ha a leka ho rarolla ho se utloane, kapa ho etsa hore a amohelehe sechabeng.”

  • Bana ba ka etsang limilione tse 275 lefatšeng ka bophara, baa hlekefetsoa malapeng.

  • “United States feela, ho lumeloa hore selemo le selemo batho ba baholo ba fetang 500 000 baa hlekefetsoa kapa ba lahloa kherehloa.”—Mokhatlo oa Litsi Tsa Taolo ea Mafu.

Boprofeta ba bosupa:

“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona.”—Matheu 24:14.

Ho phethahala ha bona: Bibele e ruta hore ’Muso oa Molimo ke oa sebele, o busa leholimong ’me Jesu ke Morena oa oona. ’Muso ona oa leholimo “o tla silakanya o felise [mebuso ea batho] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.

Molaetsa o ka sehloohong oo Lipaki Tsa Jehova li o rutang lefatšeng ka bophara, ke oa hore na ’Muso oa Molimo ke eng le hore na o tla etsa’ng.

Seo bopaki bo se senolang:

  • Lefatšeng ka bophara, Lipaki Tsa Jehova tse fetang limilione tse supileng tse linaheng tse fetang 230, li ruta batho ba bang ka ’Muso oa Molimo.

  • Ebang ke ka lingoliloeng kapa ka Inthanete, Lipaki Tsa Jehova li entse hore molaetsa oa Bibele o fumanehe ka lipuo tse fetang 500.

Pontšo le Bokamoso ba Hao

Ka mor’a ho hlahloba bopaki, batho ba limilione ba fihletse qeto ea hore pontšo eo Bibele e faneng ka eona mabapi le lintho tse neng li tla etsahala matsatsing a ho qetela, ea phethahala kajeno. Joalokaha lihlooho tse tšeletseng tse fetileng letotong lena la lihlooho li bontšitse, histori e paka hore ka sebele Bibele ke buka ea boprofeta bo nepahetseng.

U ka boela ua tšepa seo Bibele e se profetang ka bokamoso. Boprofeta boo bo tla u ama kaha Molimo o tšepisa ho felisa lintho tse bohloko tse etsahalang matsatsing ana a ho qetela. Lihlooho tse peli tsa ho qetela letotong lena la lihlooho, li tla tšohla kamoo “matsatsi a ho qetela” a tla fihla qetellong kateng, ’me li tla re bolella ka bokamoso bo khanyang bo tla tlela lefatše le batho bohle.

a Setsi sa Lipatlisiso ka Mafu a Hlahang ka Mor’a Likoluoa se re “koluoa” e bakoang ke tšisinyeho ea lefatše, e fella bonyane ka e le ’ngoe ea lintho tse latelang: ho shoa batho ba 10 kapa ho feta, ho ameha batho ba 100 kapa ho feta, ho phatlalatsoa boemo ba tšohanyetso kapa ho kōptjoa thuso linaheng tsa machaba.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela