Phepelo ea Lijo Tse Lekaneng Lefatšeng ke Ntho ea Sebele ka Litsela Life?
“BOITEKO ba rōna bo molemohali e ka ’na eaba ha boa lekana ho boloka phepelo ea lijo tse lekaneng eo re bileng le eona karolong e khōlō ea lekholo lena la rōna la lilemo,” ho rialo Lester Brown, mopresidente oa Worldwatch Institute, Washington, D.C. Ho latela makasine ea New Scientist, mathoasong a 1995, lijo-thollo tse lipolokelong tsa lefatše li ile tsa theohela tekanyong e tlaase ka ho fetisisa ea lithane tse limilione li 255—e leng tse lekaneng ho fepa lefatše ka matsatsi a 48 feela. Lilemong tse fetileng ha lijo-thollo tse lipolokelong li ne li theohela tekanyong eo ho eona li ka fepang lefatše ka matsatsi a ka tlaase ho 60, phepelo ea tsona e ne e khona ho li khutlisetsa boemong bo tloaelehileng. Empa hona joale Worldwatch ha ea tiiseha ka matla a lefatše a ho boela le fumana se le lahlehetseng.
Ka mor’a lilemo tse tharo tsa kotulo e mpe le linaha tse ngata tse tsoelang pele moruong tse sebelisang lijo-thollo bakeng sa lijo tsa liphoofolo, ho na le lijo-thollo tse fokolang tse fumanehang bakeng sa batho ba futsanehileng ba li hlokang e le karolo e ka sehloohong ea lijo tsa bona. New Scientist e lemosa hore haeba boemo bona bo sa lokisoe hang-hang, batho ba limilione tse sekete ba sebelisang bonyane karolo ea 70 lekholong ea moputso oa bona lijong ba ka ’na ba qala ho lapa.
Bibele e boletse esale pele hore baahi ba lefatše mehleng ea rōna ba ne ba tla talimana le “likhaello tsa lijo.” (Luka 21:11) Empa Molimo ha aa iphapanyetsa bothata bona. Ka sebele, kameho ea hae bakeng sa litsietsi tsa motho e tla qetella e bontšitsoe ha ’Muso oa hae o laola litaba tsa lefatše. Ka nako eo ‘lefatše le tla melisa lijo tsa lona.’ “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.” (Pesaleme ea 67:6; 72:16) Joale mantsoe ana a boprofeta bo mabapi le ’Mōpi a tla phethahala: “U lekola lefatše, . . . u le ruisa haholo-holo . . . Liphula li apesoa ke mabele.”—Pesaleme ea 65:9, 13.
Na tšepiso eo e hlollang ea ipiletsa ho uena? Na u ka rata ho tseba kamoo u ka bang karolo ea eona? Joale kōpa Lipaki tsa Jehova hore li u bolelle se eketsehileng ka Paradeise ena e tšepisitsoeng, nakong e tlang ha li etela ha hao. Haeba u rata hore ho be le motho ea etelang ha hao ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Inset: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.