Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Sesaera le Bakreste ba Pele
    Molula-Qhooa—1989 | March 15
    • Kamore ena ae boetse e na le lichelete tse peli tsa tsěpe tse nyenyane tse thahasellisang haholo. Ea pele ka ho le letona e na le mongolo ona: “Selemo sa bobeli sa tokoloho ea Sione.” Ho ea bobeli ho na le mantsoe ana: “Selemo sa bone pele ho tokoloho ea Sione.” Litsebi li bolela hore lichelete tsena ke tsa 67 C.E. le 69 C.E. “Tokoloho” eo ho buuoang ka eona ke nako eo ka eona Bajode ba neng ba nkile Jerusalema, ka mor’a hore Cestiuse Galluse a hule mabotho a loanang a hae a Roma ka selemo sa 66 C.E.

      Ho huloa hoo ha mabotho ho ile ha etsa hore ho be bonolo ho baleha Jerusalema. Batho ba neng ba lumela ho Jesu ba ile ba baleha, hobane ka ho toba o ne a ile a re: “Etlare ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng, ba har’a Jerusalema ba tsoe; ba naheng ba se ke ba kena teng.” (Luka 21:20, 21) Ka ho totobetseng, baetsi ba lichelete tsena tsa tsěpe tsa “tlhōlo” ba ne ba sa tsebe ho hang ka timetso e neng e ba tlela!

  • Sesaera le Bakreste ba Pele
    Molula-Qhooa—1989 | March 15
    • Ka tumello ea Sebaka sa Polokelo sa Lintho tsa Bohlokoa tsa Khale tsa Histori ea Tlhaho ea Setereke sa Los Angeles

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela