Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 23—1945 ho ea pele—Nako ea ho Lokisa Litaba e Haufi
“Ntho ea pele ea bohlokoa thabong ea batho ke ho felisa bolumeli.” Karl Marx, seithuti sa Jeremane sa kahisano le moruo sa lekholong la bo19 la lilemo
HO SA tsotellehe baholo-holo ba bangata ba seng ba shoele ba baruti ba Bajode ka mahlakoreng a mabeli a lelapa, Karl Marx o ile a kolobetsoa e le Moprotestanta ha a le lilemo tse tšeletseng. Empa ha e sa le ngoana, o ile a nyahamisoa ke bolumeli le lipolotiki. O ile a pheha khang hore haeba batho ba tla finyella khotso, lipolotiki le bolumeli li lokela ho fetoloa ka potlako.
Bibele e lumellana le sena. Empa le hoja liphetoho tsa potlako tse buelletsoeng ke Marx li sa tlisa ntlafatso ea sebele, liphetoho tse profetiloeng ke Bibele tse tlang ho etsahala molokong oa rōna li tla thoholetsoa ka katleho e sa feleng. Ho ke ke ha e-ba le pelaelo ka sena.
Haholo-holo ho tloha ka 1914, molato oa mali oa bolumeli ba bohata o fihletse sehlohlolo sa ’ona. Ho tloha nakong eo bolumeli ba bohata bo ’nile ba tšoenngoa ke ho iphapanya ho eketsehang le tšehetso e tloaelehileng. (Bona lihlooho tse peli tse ka pele ho sena tsa letoto lena la lihlooho.) Empa ho fapana le moo, bolumeli ba ’nete bo ile ba eketseha ka ho hlokomelehang selemo le selemo.
Empa ke eng e sa ntseng e tla tla? Hona joale ho feta leha e le neng pele, ke ho loketseng ho botsa, bokamoso ba bolumeli ke bofe ha ho talingoa liketsahalo tsa bona tse fetileng?
Bibele E Re’ng?
Liketsahalo tsa lekholong la pele la lilemo la Mehla ea Rōna e tloaelehileng li fane ka leseli la taba ena. Ka lebaka la ho amohela borapeli ba bohata, Iseraele e ne e tobane le tlhōrō ea timetso e profetiloeng ea kahlolo ea Molimo khahlanong le sechaba seo. Empa ho ile ha etsoa tokisetso ho ba sebelisang borapeli ba ’nete ho pholoha timetso ea tsamaiso ea Sejode. Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Etlare ha le bona Jerusalema o teetsoe hare ke makhotla a lira, le tsebe hoba tšenyeho ea oona e se e atametse. Mohlang oo, ba leng Judea ba balehele lithabeng; ba har’a Jerusalema ba tsoe; ba naheng ba se ke ba kena teng.”—Luka 21:20, 21.
Ka 66 C.E., mabotho a Roma a ile lika-liketsa Jerusalema. Ho ne ho bonahala motse o timelitsoe. Empa ka tšohanyetso mabotho a ikhula, a neha Bakreste monyetla oa ho baleha ka polokeho. Leha ho le joalo, khopolo leha e le efe ea hore Iseraele ea bokoenehi e ne e phonyohile kahlolo, e ile ea hlakoloa lilemo tse ’nè hamorao ha Baroma ba ne ba khutla, ba hlasela motse, ’me qetellong ba o hapa ka tahlehelo e tšosang ea bophelo ho ba leng ka hare. Masada, qhobosheane e matla ea ho qetela ea Bajode e ile ea lihoa lilemo tse tharo hamorao. Leha ho le joalo, bolumeli ba ’nete bo neng bo sebelisoa ke Bakreste ba tšepahalang bo ile ba pholoha.
Hona joale, molokong oa rōna, ’muso ’ohle oa bolumeli ba bohata o tobane le koluoa e tšoanang. Hape “makhotla a lira” a itokisetsa ho liha kahlolo ea Molimo. Joaloka makhotla a Roma lekholong la pele la lilemo a neng a reretsoe ho boloka Pax Romana (Khotso ea Roma), makhotla a kajeno a lira e sa boetse e le kofuto ea ho boloka khotso. Boprofeta ba Bibele bo bontša hore mabotho a sesole a Machaba a Kopaneng e tla ba kofuto ea Jehova eo a tla e sebelisa ho lokisa litaba le Jerusalema ea kajeno, Bokreste-’mōtoana, esita le karolo eohle ea Babylona e Moholo.—Tšenolo 17:7, 16.
Sena se tla etsahala neng? Ba-Thessalonika ba Pele 5:3 (NW) ea arabela: “Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho’ ke moo hang timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo joale ka ha bohloko ba pelehi ba tsieleho bo oela mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”
“Lefu la Seoa la Khotso”
Ka 1988 eo e kileng ea ba mongoli oa ’muso oa U.S. George Schultz o boletse hore “khotso e qhoma hohle.” Setsebi sa litaba tsa ka ntle ho naha se buile ka “lefu la seoa la khotso.” Koranta ea Jeremane e hlomphehang ea beke le beke Die Zeit e ile ea botsa: “Na ho ka etsahala hore lekholong lena la lilemo le tletseng ka likoluoa hakana, nakong ea lilemo tsa lona tse qetellang e tšoauoe ke ho fela ha tšenyo le ho qaleha ha mehla ea khotso?” Makasine oa Time o itse: “Khotso e tloha e aparela Iran le Iraq, Kampuchea, Afghanistan, Afrika e ka boroa esita le Amerika Bohareng.”
Joale selemo sa 1989 se atamela bofelo ba sona, ’me se ’nile sa e-ba le lipuo tse ngata tsa khotso. Ka Tlhakola koranta ea Jeremane Silddeutsche Zeitung e ile ea ngola: “Ho tloha ka 1985 re ile ra phela nakong eo linaha tse matla tsa lefatše li entseng ho hongata ho feta feela ho khaotsa litlhaselo tsa tsona. . . . Kajeno ke ka seoelo ho nang le sebaka lefatšeng moo linaha tse peli tse matla tsa lefatše li thulanang teng. . . . Leha ho le joalo, ha ho mohla neng kapa neng lipontšo e kileng ea e-ba tse hlakileng hakana le tse tebileng ka mahlakoreng a mabeli, ’me ho ’nile ha nkuoa mehato e mengata ka nako e tšoanang ka lehlakoreng le nepahetseng.”
Haufinyana hoo e ka bang lilemo tse tšeletseng tse fetileng, lintho li ne li bonahala li sa khanye hantle hakaalo. Moqolotsi oa litaba Roy Larson o hlokometse hore “selemong sohle sa 1983 baetapele ba bolumeli ho potoloha lefatše ba ile ba thoholetsa ‘khotso, khotso,’ empa ho ne ho se khotso.” Na liketsahalo tse makatsang tsa lefatše ho tloha nakong eo ke phethahatso ea 1 Ba-Thessalonika 5:3? (NW) Re ke ke ra bolela. Leha ho le joalo, ho hlakile hore kajeno ka Tšitoe 1989, “Khotso le tšireletseho” li haufi le ho phethahala ho feta leha e le neng pele.
Baetapele ba Bolumeli ba Sebetsang ka Thata—Ba Sebeletsa Eng?
Joalokaha Larson a bontšitse, baetapele ba bolumeli ba ’nile ba ba mahlaha-hlaha bakeng sa ho phehella khotso. Ha a tsoela pele ka litekanyetso tsa hae tsa 1983, o bolela “maeto a bolumeli a khotso” ho leba Amerika Bohareng le Caribbean ao John Paul II aa nkileng. Hape hona selemong seo, Seboka sa Machaba sa Babishopo ba K’hatholike ba U.S. se ile sa amohela lengolo la mopapa le nang le sehlooho se reng “Phephetso ea Khotso.” Nakoana ka mor’a moo, baemeli ba likereke tse fetang 300 ba tsoang linaheng tse 100 ba ile ba kopana bakeng sa Seboka-Kakaretso sa Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke sa botšelela ’me ba amohela qeto e tšoanang. Baevangeli ba bangata ba Protestanta ba ne ba boetse ba ameha ho seo Larson a se bitsitseng “mosebetsi oa pele oa khotso lefatšeng lohle.”
Ha Mokhatlo oa Lefatše oa Likereke o ne o theoa ka 1948 le seboka sa ’ona ka 1966, o ile oa ipelaetsa ka matla khahlanong le tšebeliso ea libetsa tse bolaeang. Ka ho loketseng, baruti ba bangata ba kang Moprotestanta oa Jeremane moruti Helmut Gollwitzer ba nkile libetsa bakeng sa khotso. Moketeng oa letsatsi la tsoalo ea hae la bo80 selemong sena, Moprotestanta oa Switzerland o ile a mo rorisa e le “moruti ea amehang lipolotiking, ea phehellang khotso ka mehla,” eo “ka thuto ea hae le boitlamo ba lipolotiki a bileng le tšusumetso e matla ho baruti ba bangata le khotso ka har’a kereke.”
Ka hona, ha ho makatse ha Babylona e Moholo ka mafolo-folo e ile ea tšehetsa 1986 e le Selemo sa Machaba sa Khotso, ’me se khethiloe joalo ke Machaba a Kopaneng, ao mosebetsi oa ’ona e leng “ho boloka khotso le tšireletseho tsa machaba.” Selemong seo, mopapa oa K’hatholike, Moarekabishopo oa Chache oa Canterbury, le baetapele ba bang ba bolumeli ba 700, ho kopanyelletsa le ba ipolelang e le Bakreste, Mabuddha, Mahindu, Mamosleme, Maafrika a lumelang tlhahong e bonahalang ea lintho, batala ba Amerika (Maindia), Bajode, Masikhe, balateli ba Zoroaster, Mashinto, le Majaine, ba ile ba kopana Assisi, haufi le Roma, ho rapella khotso.
Haufinyana, ka Pherekhong 1989, Sunday Telegraph ea Sydney, Australia, e ngotse hore litho tsa “tumelo ea Buddha, Bokreste, Bohindu, Bojode, Bomosleme, Bosikhe, bolumeli ba Unitarian, Baha’i, balateli ba Confucius, Bojaine, Boshinto, Botao, Raja Yoga le balateli ba Zoroaster” ba ne ba kopane Melbourne bakeng sa Seboka sa bohlano sa Lefatše sa Bolumeli le Khotso. Ha bohlokoa ka ho fetisisa, “baeti ba fetang 600 ba tsoang linaheng tse 85 . . . ba ile ba lumela hore bothata bo bakiloeng ke liphapang tsa bolumeli bo ’nile ba sebelisoa hampe ka nako e telele e le lisosa tse khōlō tsa ntoa.”
Ho itšunya ha bolumeli tabeng ea ho batla khotso ho lumellana le seo Dag Hammarskjöld, eo e kileng ea e-ba mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng, a kileng a re ka sona: “Mokhatlo ona [oa Machaba a Kopaneng] le likereke ke balekane ba thusanang ho etsetsa batho bohle molemo, le ho hloma khotso lefatšeng, ho sa tsotellehe litumelo kapa mofuta oa borapeli.”
Ho sa tsotellehe mekoloko ea boipelaetso ea Babylona e Moholo, lipontšo tsa phatlalatsa, le mefuta e meng e bolotsana ea ho itšunya ha bolumeli lipolotiking li tla lebisa timetsong ea bona.a Ho itšunya ha bona lipolotiking ho se ho bakile phapang e khōlō, joalokaha Albert Nolan, seithuti sa Dominican se tsoang Afrika Boroa, haufinyane se lumetse: “Tsela e le ’ngoe feela ea ho finyella khotso tumellanong le thato ea Molimo ke ho kena ntoeng. . . . Ho finyella ho fokotsa libetsa, liqhoebeshano le ’muso ke lintho tse ke keng tsa qojoa.”
Babylona e Moholo a ’ne a tsoele pele ka mohoo oa khotso. Mopapa le eena a ’ne a tsoele pele ho fana ka litlhohonolofatso tsa hae tsa moetlo Urbi et orbi (ho motse oa [Roma] le lefatše) ka Keresemese le ka Easter. Ha a ’ne a tsoele pele ho nahana—joalokaha a entse khoeling e fetileng ea Motšeanong—ho re ho nolofatsoa likhohlano tsa bopolotiki ke karabo ea Molimo lithapelong tsa “Bakreste.” Mantsoe a khotso a eketsehang le ho ipha tlhohonolofatso ea Molimo ho ke ke ha lokolla Babylona e Moholo nakong ea bona e fetileng e khanathetseng mali. Nako ena e bo tšoaea e le tšitiso e khōlō ka ho fetisisa ea khotso mahareng a batho, haesita le mahareng a batho le Molimo, e kileng ea e-ba teng. Ka ho tobileng kapa ka ho sa tobang, mathata ’ohle a batho a bakiloe ke bona!
Ke ho fapaneng hakaakang hore bolumeli ba bohata bo ’nile ba sebetsa ka thata hammoho le Machaba a Kopaneng ho tlisa “khotso le tšireletseho” tse tla etsa hore bo timetsoe! Ho fela ha bolumeli ba bohata ho tla tlosa qoso ho Molimo oa bolumeli ba ’nete ea reng: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Galata 6:7.
Se Senye Nako—Baleha ho Pholosa Bophelo ba Hao!
Nako ea hore bolumeli ba bohata bo lokise litaba joale e fihlile! Tsela e le ’ngoe feela ea ho qoba ho lahleheloa ke bophelo ke ho tsoa ho bona ntle ho tieho. (Tšenolo 18:4) Tšenyeho ea bona e se e qalile.
Ha lefatše le letle la Molimo le se le hloekisitsoe bolumeli bohle ba bohata le bochaba ba bona, ho tla sala feela bolumeli ba ’nete tlas’a ’Muso oa Molimo. Ke bokamoso bo thabisang hakaakang bakeng sa batho ka bomong ba tla pholoha liphetoho tsena tsa tšohanyetso! Na u tla ba har’a bona? Na u tla rata ho thaba ka ho sa feleng ho “Botle ba ka ho sa Feleng ba Bolumeli ba ’Nete”? Haeba ho joalo, ithute kamoo u ka etsang kateng ka ho bala sehlooho sa ho qetela letotong lena ho Tsoha! ea January 8 1990.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! e hatisitsoeng ka 1988 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc, e hlalosa kamoo sena se tlang ho etsahala kateng
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ntlo-khōlō ea Machaba a Kopaneng New York le seemahale sa lefatše sa khotso—monna o tea sebetsa mohoma