Lintho Tse ka Bonoang Lefatšeng la Pallo
Nazaretha—Lehae la Moprofeta
“MATŠOELE a re: Ke Jesu, moprofeta ea tsoang Nazaretha oa Galilea.” E, esita le nakong ea tšebeletso ea Jesu, ho ’molela ka lebitso feela ho ne ho hopotsa batho motse o tummeng hona joale oa Nazaretha. Ke ka hona batho ba neng ba tlil’o mo tšoara ba sa kang ba re ba batla Jesu empa ba re ba batla “Jesu oa Nazaretha.”—Mattheu 21:11; 26:71; Johanne 18:3-5; Liketso 26:9.
Setšoantšo se ka holimo se bontša seo u tla se fumana haeba u etela Nazaretha kajeno. E khōlō haholo ho feta ha lengeloi le ne le e-tla “motseng o mong oa Galilea, o bitsoang Nazaretha” ho bolella Maria hore o ne a tla beleha Mor’a Molimo. (Luka 1:26-33) Morao koo, Nazaretha e ne e batla e tšoana le motse o bontšitsoeng leqepheng le latelang, matlo a nang le mahlakore a mane a lekanang a ne a khobokane letsoapong. Mohlomong Josefa le Maria ba ne ba phela lehaeng le kang ana. Empa pejana feela ho ho beleha ha Maria, ba ile ba lokela ho leba boroa Bethlehema, ’me Jesu o ile a tsoalloa moo. Hamorao ba ile ba balehela Egepeta ho sireletsa ngoana mererong ea Heroda ea polao. Ka mor’a moo, “ba khutlela Galilea, ba ea Nazaretha, motseng oa habo.”—Luka 2:4, 39; Mattheu 2:13-23.
Ka hona Jesu ha aa ka a hōlela setsing se phetheselang joaloka Jerusalema kapa Tiberiase, empa o hōletse sebakeng se khutsitseng. Nazaretha e ne e le phuleng e pota-potiloeng ke maralla a Galilea e ka Tlaase, moo lijo-thollo, merara, mehloare, le lifeiga li neng li hōla ka bongata. E ne e thabela lehlabula le pholileng hamonate, empa mariha a ne a sa bate joaloka a Galilea e ka Holimo.
Josefa o ne a phelisa mosali oa hae, bara le barali ba hae ka ho sebetsa e le ’metli, mohlomong a e-na le lebenkele le tšoanang le lena le Nazaretha ea kajeno. E ka ’na eaba o ne a etsa libalaka tsa marulelo le mamati a mapolanka bakeng sa matlo motseng, kapa litafole, litulo, le thepa e ’ngoe ea lepolanka. Rea tseba hore Jesu o ile a shebella ’me a ithuta, hobane le eena o ile a bitsoa “’metli.” (Mareka 6:3; Mattheu 13:55) Mosebetsi oa temo o neng o etsoa mathōkong a Nazaretha e ka ’na eaba o ile oa lebisa mesebetsing e meng. Mohlomong Jesu o ile a etsa joko e tšoanang le e bonoang liphoofolong tsena. Khabareng, e ka ’na eaba Josefa o ne a sebelisa lintho tseo a sebetsang ka tsona ho etsa mehoma kapa lilei tsa ho pōla tse huloang ke joko.—2 Samuele 24:22, NW; Esaia 44:13.
Ha e sa le moshanyana, mohlomong Jesu o ne a thapollela maoto sebakeng se mathōkong a Nazaretha, se kang “Kana oa Galilea,” e lik’hilomithara tse leshome le metso e meraro ka leboea, moo hamorao a ileng a etsa mohlolo oa hae oa pele. (Johanne 2:1-12) Ha a tsamaea sebaka se ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse leshome ka boroa-bochabela ho leba Phuleng ea Jizreele le Leralleng la More, Jesu o ne a tla fihla motseng oa Naine, o bonoang leqepheng la 17.a (Baahloli 6:33; 7:1) Hopola hore nakong ea leeto la hae la pele la boboleli, Jesu o ile a kopana le mokoloko o eang mabitleng haufi le Naine. A susumetsoa ke qenehelo, o ile a tsosa mora oa mohlolohali.—Luka 7:11-16.
Nazaretha e ne e sa lula tseleng efe kapa efe e khōlō e tsamaeang ka har’a naha, empa ho ne ho le bobebe ho fihla litseleng tse joalo. U ka bona sena ’mapeng o sekoahelong sa 1990 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova, eo hape e nang le setšoantšo se seholoanyane sa Nazaretha kajeno. Tsela e hlahang bochabela e eang bophirimela e fetang Phuleng ea Jizreele e ne e hokahanya kou ea leoatle ea Acre, kapa Ptolemaise, le Leoatle la Galilea le Phula ea Jordane. E ne e paroloa ke tsela e hlahang boroa Damaseka e phunyelletsang Samaria ho ea Jerusalema.
Nazaretha e ne e e-na le synagoge ea eona, ’me qalehong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a ea moo “ka tloaelo ea hae.” O ile a bala Esaia 61:1, 2, a e sebelisa ho eena. Batho ba motse bao ba bang ba bona ba neng ba ’mone ha a ntse a hōla ’me mohlomong ba bile ba kile ba mo lefa bakeng sa mosebetsi oa ho betla, ba ne ba tla arabela joang? Ba ile ba khopeha ’me ba leka ho mo lihela selomong, empa Jesu a phonyoha. (Luka 4:16-30, TLP) Ka ho hlakileng, seo a ileng a se etsa Naine hamorao le libakeng tse ling se ile sa fihla Nazaretha, hobane ha a khutla ’me a ruta synagogeng ea sebaka seo, ha ho motho ea ileng a bua ka ho ’molaea. Ho ntse ho le joalo, “teng, ha a ka a etsa mehlolo e mengata,” kahobane batho ba mo tsebang Nazaretha ba ne ba sa lumele ho eena joaloka moprofeta.—Mattheu 13:53-58.
Mareka o tlaleha karabelo ea Jesu: “Moprofeta ha a hloke hlonepho ha e se naheng ea habo, le ho bahabo, le tlung ea hae.” Ke bomalimabe bo bokaakang hore e be see e ile ea e-ba ’nete ho ba bangata Nazaretha. Ho ntse ho le joalo, re ka nahana ka motse oo e le lehae la Moprofeta eo re khethang ho mo hlompha.—Mareka 6:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nazaretha ke #2 ’mapeng o leng sekoahelong sa 1990 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova. Leralla la More le bonoa ka tlaasana ho #3 feela.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.