Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ‘Pontšo ea ho ba Teng ha Hao e Tla ba Efe?’
    Molula-Qhooa—1994 | February 15
    • 16. Luka 21:24 (NW) e kenyeletsa karolo efe boprofeteng ba Jesu, ’me see se bolela’ng?

      16 Ha re bapisa Mattheu 24:15-28 (NW) le Mareka 13:14-23 (NW) le Luka 21:20-24 (NW), re fumana pontšo ea bobeli ea hore boprofeta ba Jesu bo ne bo fetela ka ’nģane ho timetso ea Jerusalema. Hopola hore ke Luka feela ea buileng ka mafu. Ka ho tšoanang, ke eena feela ea phethileng karolo ena ka mantsoe a Jesu: “Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela mehla e khethiloeng ea lichaba [“mehla ea Balichaba,” King James Version] e phethoa.”e (Luka 21:24, NW) Bababylona ba ile ba tlosa morena oa ho qetela oa Bajode ka 607 B.C.E., ’me ka mor’a moo, Jerusalema, e emelang ’Muso oa Molimo, e ne e hataketsoe. (2 Marena 25:1-26; 1 Likronike 29:23; Ezekiele 21:25-27) Ho Luka 21:24 (NW), Jesu o bontšitse hore boemo bona bo ne bo tla tsoela pele bo kenelle nakong e tlang ho fihlela nako ea hore Molimo a hlome ’Muso hape e fihla.

  • ‘Pontšo ea ho ba Teng ha Hao e Tla ba Efe?’
    Molula-Qhooa—1994 | February 15
    • e Ba bangata ba bona phetoho e itseng tlalehong ea Luka e latelang Luka 21:24. Dr. Leon Morris oa hlokomela: “Jesu o tsoela pele ho bua ka mehla ea Balichaba. . . . Ho latela maikutlo a liithuti tse ngata hona joale tlhokomelo e leba tabeng ea ho tla ha Mor’a motho.” Moprofesa R. Ginns oa ngola: “Ho Tla ha Mor’a Motho—(Mt 24:29-31; Mk 13:24-27). Ho boleloa ha ‘mehla ea Balichaba’ ho fana ka kenyeletso sehloohong sena; pono [ea Luka] e fetela ka ’nģane ho thipitlo ea Jerusalema ho ea nakong e tlang.”

      f Moprofesa Walter L. Liefeld oa ngola: “Ka sebele ho ka etsahala hore ho nahanoe hore boprofeta ba Jesu bo ne bo akareletsa likarolo tse peli: (1) liketsahalo tsa A.D. 70 tse akareletsang tempele le (2) tsa nako e tlang e hōle, tse hlalositsoeng ka tsela ea boprofeta ba timetso ea lefatše lohle.” Tlaleho ea liketsahalo e hlophisitsoeng ke J. R. Dummelow e re: “Bongata ba mathata a tebileng ka ho fetisisa a puisano ena a fela ha ho hlokomeloa hore Morena oa rōna o ne a bua ka liketsahalo tse peli eseng e le ’ngoe, le hore ea pele e ne e na le litšobotsi tse tšoanang le tsa ea bobeli. . . . Haholo-holo Luka 21:24, e buang ka ‘mehla ea Balichaba,’ . . . e etsang nako e kenellang e sa lekanyetsoang lipakeng tsa ho oa ha Jerusalema le bofelo ba lefatše.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela