Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 10/1 maq. 4-7
  • Pontšo—Na U E Bone?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pontšo—Na U E Bone?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mehla ea Qetello
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Pontšo—Na ke Bopaki ba Hore Lefatše le Lecha le Haufi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Na Tšokelo ea Nyutlelie e Tla ke e Fele?
    Tsoha!—1999
  • Boprofeta ba Bibele Boo U Boneng ha bo Phethahatsoa
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 10/1 maq. 4-7

Pontšo—Na U E Bone?

“TLAASE-TLAASE bolibeng ba leoatle, sekepe se setelele se tsamaeang ka tlas’a metsi, se nko e chitja se ikemetse hantle, se sa sisinngoe ke maqhubu a maholo a leoatle a loebehlanang ka holimo leoatleng le nang le sefefo. Lesoba le ka folurung ea sekepe se tsamaeang ka tlas’a metsi lea buleha ’me rockete fetang bolelele ba limithara tse 9 le botenya ba limithara tse 1,4 ea betseha ’me e nyolohela ka holim’a metsi. Rocket e qala leeto la eona e belikisoa ke moea oo e o tšetsoeng ka hare, empa ha e fihla ka holim’a metsi, engine ea eona ea hotela ’me rocket e phatloha ka holim’a metsi ka molumo o moholo.”

Tlhaloso eo ea li-missile tse tsoibiloang ka likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi, ho tsoa bukeng Rockets, Missiles and Spacecraft, ea Martin Keen, e hlakisa se boleloang ke boprofeta ba boholo-holo bo ileng ba bolela e sa le pele nako ea mahlomola a lefatše a neng a tla bakoa ke ho ‘tsukutleha ha leoatle.’ (Luka 21:25, NW) Ke tšabo e khōlō hakae e bakoang ke likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse etselitsoeng ho tsoibila li-missile?

Ho latela buka Jane’s Fighting Ships 1986-87, Brithani, China, France, Soviet Union, le United States li na le likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse 131 tse etselitsoeng ho tsoibila li-missile tse keneng tšebetsong ka sekhahla. Ha ho motse oo li ka sitoang ho fihla ho oona, ’me liqhomane hangata li tsepama sebaka sa k’hilomithara le halofo ho tloha nthong eo li e hlaselang. Ho latela The Guinness Book of Records, tse ling li nkile liqhomane tse lekaneng ho “ripitla naha leha e le efe e sebakeng sa [lik’hilomithara tse 8 000].” Ho hobe le ho feta, ba bang ba boletse hore liqhomane tse sekepeng se tsamaeang ka tlas’a metsi se etselitsoeng ho tsoibila li-missile li ka baka tlokotsi ea nuclear e ka felisang bophelo bohle lefatšeng. Bothata bo bong ke ho laola likepe tse hōle tse tsamaeang ka tlas’a metsi. Ho tšabjoa hore ketso ea bohlasoa e ka etsoang sekepeng se le seng se tsamaeang ka metsing e ka qhomisa ntoa e senyang ea nuclear.

Ba bangata ba ’nile ba amahanya litebello tse joalo tse tšosang le pontšo ea boprofeta ea Jesu. Na ho ka etsahala hore e be moloko oa rōna o utloa phethahatso ea pontšo eo? Linnete li tiisa hore ho joalo. ’Me sena se bolela hore topollo tšabong ea ntoa ea nuclear e haufi. (Luka 21:28, 32) Ka tebello e joalo e khanyang, re u mema hore u hlahlobe bopaki ba phethahatso ea pontšo. Litšobotsi tse ling tse ikhethang tsa pontšo li beiloe mona ’moho le phethahatso ea tsona ea kajeno.

“Sechaba se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” (Luka 21:10)

Ho tloha ka 1914 batho ba ka holimo ho 100 000 000 ba shoele lintoeng. Ntoa ea I ea Lefatše e qalile ka 1914 ’me ea ama linaha tse 28, ho sa baloe likoloni tse ngata tsa Europe tsa mehleng eo. Ke linaha tse seng kae feela tse sa kang tsa kenela ntoa. E ile ea bolaea batho ba ka holimo ho 13 000 000 ’me ea e-ba le masole a lemetseng a ka holimo ho 21 000 000. Joale ha tla Ntoa ea II ea Lefatše, e ileng ea senya ka ho fetisisa. Ha etsahala joang ho tloha ka nako eo? Sehloohong “Lintoa tsa Lefatše,” pampiri ea litaba ea Afrika Boroa The Star e ile ea qotsa Times ea London ea Sontaha ka hore: “Karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea lichaba tsa lefatše hona joale e tšoarehile lintoeng.”

“Litšisinyeho tse khōlo tsa lefatše li tla ba teng.” (Luka 21:11)

Bukeng ea bona Terra Non Firma, litsebi Univesithing ea Stanford Gere le Shah ba thathamisa lintlha tsa “litšisinyeho tsa lefatše tse khōlō tse bolelang ho hong” tse 164 tse bileng teng nako e ka holimo ho lilemo tse likete tse tharo tse fetileng. Kakaretsong ena, ho qhomme tse 89 ho tloha ka 1914, tseo ho hakanngoang hore li bolaile ba 1 047 944. Lethathama lena le akarelletsa feela litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše, ’me haesale ho lokolloa Terra Non Firma ka 1984, ho etsahetse litšisinyeho tsa lefatše tse senyang Chile, Soviet Union, le Mexico, tse ileng tsa fella ka ho bolaea ba bang hape ba likete.

‘Mafu a akaretsang a tla ba teng.’ (Luka 21:11)

Ka 1918 batho ba ile ba hlaseloa ke lefu le bolaeang. Le ne le bitsoa Mokakallane oa Spania, le ile la hasana le linaha tsohle tse ahiloeng ntle ho sehleke-hleke sa St. Helena ’me la bolaea batho ba fetang ba ileng ba e-shoa lilemong tse ’nè tsa ntoa. Ho bile le tsoelopele e khōlō mahlaleng a meriana ho tloha ka nako eo empa ho sa na le qaka. The Lancet ea hlalosa: “Ho hana ho phekoleha ha mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali e le sehlopha se tsebjoang haholo sa ho tšoaetsana ho hlokomelehang ke qaka ea meriana kajeno. . . . Ho laola mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ho ile ha bonahala ka nako e ’ngoe e ka re ho finyelletse empa lilemong tsa morao tjena ho re qhalile.”

Ho na le mafu a mang ao meriana ea kajeno e hlōlehileng ho a laola, a kang kankere le lefu la methapo ea pelo. Ho latela S A Family Practice, lefu la methapo ea pelo, “ke koluoa e ncha. . . . Ke phello ea ketsahalo ea nako e fetileng ho mokhatlo oa batho oa kamorao ho ntoa ea pele ea lefatše.” Brithani, lefu la pelo le la phallo ea mali “ke ’ona lisosa tse ka sehloohong tsa lefu,” ho latela buka Cardiovascular Update—Insight Into Heart Disease. E phaella ka hore “ho se ho entsoe tsoelopele e fokolang haholo malebana le ho laoloa ha ’ona.”

Linaheng tse ntseng li hōla moruong ba limillione ba tšoaroa ke malaria, borokoana, bilharzia, le mafu a mang. Le leng la mafu a bolaeang ka ho fetisisa lefatšeng ke letšollo. Koranta ea Medicine International ea hlalosa: “Ho ’nile ha hakanngoa hore ho kula ha ba limillione tse 500 ba kulisoang ke letšollo selemo le selemo ho ka ’na ha tšoara masea le bana ba banyenyane ba Asia, Afrika le Latin America, ’me ho shoe ba pakeng tsa limillione tse 5 le tse 18.”

‘Litlala li tla ba teng.’ (Luka 21:11)

Litlala hangata li tsamaea ’moho le ntoa. Ntoa ea I ea Lefatše ha e-ea ba mokhelo. Qetellong ea eona ho ile ha latela litlala tse tšabehang. ’Me ha etsahala joang ho tloha ka nako eo? Pampiri e khethehileng The Challenge of Internationalism—Forty Years of the United Nations (1945-1985) ea tlaleha: “Ha ho ne ho le teng batho ba limillione tse 1 650 ba sohlokiloeng ke tlala ka 1950 ho ne ho e-na le ba ka bang limillione tse 2 250 ka 1983; ka mantsoe a mang, keketseho ea ba limillione tse 600 kapa keketseho ea 36 lekholong.” Tlala e bakang tšenyo e bile teng kamor’a komello ea moraonyana ea Afrika. Koranta Newsweek ea bolela: “Ka selemo se le seng, balemi ba banyenyane ba Maethiopia ba ka bang millione o le mong le bana ba Masudane ba 500 000 ba ile ba e-shoa.” Ho ile ha boetse ha e-shoa ba likete linaheng tse ling.

“Matšabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tsoang leholimong. Lipontšo li tla ba teng letsatsing, le khoeling, le linaleling; le lefatšeng lichaba li tla tsieleha, li be le matsoalo, leoatle le ntse le luma [le tsukutleha, “NW”] le maqhubu a lona. Batho ba tla neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.” (Luka 21:11, 25, 26)

Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea hlahisa libetsa tse ncha tse tšabehang. Maholimong, lifofane le lifofela sebakeng tse bobebe tsa nesa libomo le likulo. Ho nyarosang haholoanyane e bile tšenyo e ileng ea nela batho ba neng ba se mabothong a ntoa Ntoeng ea II ea Lefatše, ho kopanyelletsa le ea libomo tse peli tsa atom.

Leoatle le lona la fetoha pono ea lintho tse ncha tse tšosang. Ha Ntoa ea I ea Lefatše e qala, likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi li ne li nkoa e se tsa bohlokoa hakaalo, empa qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, li ne li tebisitse likepe tse ka holimo ho likete tse leshome. Norman Friedman oa bolela bukeng ea hae Submarine Design and Development: “Ho tebisoa ha likepe tsa thepa ea khoebo, ho kopanyelletsa le likepe tsa [baeti], ntle ho temoso ho ile ha bonahala e le karolo ea tloaelo e ncha le e nyarosang ea ‘ntoa e feletseng lefatšeng.’”

Kajeno ba bangata ba nka likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse tsoibilelang li-missile sebakeng e le tsona tse khōlō tsa lefatše. Libetsa tse bolaeang li boetse li nkoa ka li-cruiser tsa li-missile tse tsamaeang ka tlas’a metsi, le lifofane tse khōlō tsa ntoa tse nkang tse nyenyane, le likepe tse ling tsa ntoa. Ho latela buka Jane’s Fighting Ships 1986-87, hona joale ho na le likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi tse 929, lifofane tse khōlō tse 30 tse nkang tse nyenyane, li-cruiser tse 84, li-destroyer tse 367, li-frigate tse 675, li-corvette tse 276, lifofane tse hlaselang ka potlako tse 2 024, le likepe tse ling tse likete tsa ntoa tse oetseng tšebetsong e sekhahla ea lichaba tse 52. Ho tsena tse seng li boletsoe eketsa ka maraba a fatše a manyenyane a se nang palo empa e le a bolaeang. Ha ho mohla motho a kileng a etsa hore leoatle le ‘tsukutlehe’ ka mokhoa o kotsi hakana.

Motho o boetse a phunyeletsa ho fihla sebakeng se potapotileng ‘Ietsatsi le khoeli le linaleli.’ Li-missile tse tsoibitsoeng li phunyeletsa ho ea sebakeng pele li tsubella ho ea moo li tobiselitsoeng ho hlasela teng. Lifofela sebakeng tse potapotang lefatše li se li phunyelelitse letsatsi le makhotla ’ohle a linaleli a le potapotileng le ho fetela ka ’nģane. Batho ba fetohile ba itšetlehileng ka ho feletseng ka mechine e sebakeng e iketselitsoeng ke batho e potapotang lefatše. Mechine e sebakeng e sebetsanang le ho laola ho tsamaea ha likepe, lifofane le lifofela sebakeng le e sebetsanang le boemo ba leholimo e ba nolofaletsa ho tobisa li-missile ba sa fose nthong eo ba e hlaselang. Ho boetse ho sebelisoa haholo mekhoa ea puisano ea mechine e sebakeng e potapotang lefatše ea bohloela. Michael Sheehan bukeng ea hae The Arms Race oa bolela: “Mechine e sebakeng e potapotang lefatše, e fetohile mahlo, litsebe le melomo bakeng sa makhotla a hlometseng a mebuso e matla ea lefatše.”

Mohlala oa haufinyane e bile tlhaselo ea moeeng e ileng ea etsetsoa Libya, Aviation Week & Space Technology ea tlaleha: “Lifoto tsa mechine e sebakeng ea U.S. li ile tsa sebelisoa ha ho itokisetsoa ho hlasela le ho lekanyetsa tšenyo e entsoeng kamor’a tlhaselo. Lenaneo la Mechine e Sebakeng ea Tšireletso e Sebetsanang le Boemo ba Leholimo e ne e fana ka boitsebiso ba boemo ba leholimo bakeng sa tlhaselo ’me lipuisano tsa lifofela sebakeng tsa ntoa li ne li ameha ha ho fanoa ka taelo kapa taolo.” Ka baka la tšebetso e khōlō e etsoang ke mechine ea ntoa e sebakeng, mebuso e ’meli e matla ea lefatše e na le libetsa tse sa sebeliseng mechine eo e sebakeng. Ho hlongoa ha libetsa sebakeng ke boikemisetso bo bulehileng ba ’muso o mong o matla oa lefatše lenaneong le tsebjoang haholo e le Lintoa tsa Linaleli. Hore na mebuso e matla ea lefatše e hlile e loana ntoa ea moeeng kapa che, nako ke eona feela e tla bolela.

Hona joale, joalokaha ho ile ha boleloa e sa le pele, ‘batho ba neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.’ TIōlo ea molao, botšosi, ho oa ha moruo, tšilafalo e bakoang ke metsoako e chefu, le moea o chefu o bolaeang o tsoang libakeng tseo ho etsetsoang libetsa tsa nuclear ho tsona, kaofela ke lisosa tsa “tšabo” hammoho le tšabo e jang setsi ea ntoa ea nuclear. Makasine ea Brithani New Statesmen e tlaleha hore bacha ba naha eo ba “etsang karolo e ka holimo ho halofo ba lumela hore ntoa ea nuclear e tla etsahala bophelong ba bona, ’me ba karolo ea 70 lekholong ba lumela hore ka tsatsi le leng e ke ke ea thibeloa.”

[Lebokose le leqepheng la 7]

Pontšo—E Bolela’ng?

Ba limillione, kamor’a ho hlahloba pontšo leseling la histori ea lekholong la bo20 la lilemo, ba kholisehile ka ho phethahala ha eona. (Bona hape Mattheu, khaolo ea 24 le Mareka, khaolo ea 13.) Moloko oa 1914 ka sebele ke moloko o tšoailoeng. Ke oona o amehang phethahatsong ea bobeli ea mantsoe a Jesu: ‘Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho hlahe.’ (Luka 21:32) ‘Tseo tsohle’ li akarelletsa ho lopolloa mathateng a emisang hlooho a batho.

Jesu o ile a tiisetsa balateli ba hae: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihlooho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse. . . . Etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.” ’Muso oa Molimo, puso ea lefatše e phahametseng ea batho, o tla fetolela lefatše lena paradeiseng ea lefatše lohle. Ka hoo, joalokaha pontšo e ipakile ho ba ’nete, ka hona topollo le eona e tla tla.—Luka 21:28, 31; Pesaleme ea 72:1-8.

Mohlomong u ne u e-s’o hlokomele pontšo ea boprofeta pele. Re u khothaletsa ho tsoelapele u hlahloba Lentsoe la Molimo. Ka ho etsa joalo u tla nolofalloa ho utloisisa haholoanyane ka merero ea Molimo bakeng sa batho. Ka hona u tla ithuta hore na Jehova Molimo o hloka eng ho bao a tlang ho ba lopollela’ ka lefatšeng le tlang la Paradeise.—Pesaleme ea 37:10, 11; Sofonia 2:2, 3; Tšenolo 21:3-5.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 5]

Courtesy of German Railroads Information Office, New York

Eric Schwab/WHO

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 6]

Jerry Frank/United Nations

Foto ea Sesole sa Moeeng sa U.S.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela