-
Ke Hobane’ng ha re ea Sehopotsong?Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2022 | January
-
-
2 Selemo le selemo lefatšeng lohle, re ba har’a batho ba bangata ka ho fetisisa ba ikhopotsang lefu la motho eo re mo ratang haholo e leng Jesu Kreste. (1 Pet. 1:8) Re bokana hammoho ho ikhopotsa motho ea ileng a fana ka bophelo ba hae e le thekollo bakeng sa ho re pholosa sebeng le lefung. (Mat. 20:28) Ha e le hantle, Jesu o ne a batla hore balateli ba hae ba ikhopotse lefu la hae. Bosiung ba pele a shoa, o ile a theha moketjana o ikhethang eaba o re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.”b—Luka 22:19.
-
-
Ke Hobane’ng ha re ea Sehopotsong?Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2022 | January
-
-
b Mantsoe ao a fetoletsoe e le “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole” (Bibele Phetolelo e Ncha).
-