Na U Ruta Joalokaha Jesu a ne a Ruta?
“Matšoele a tsota thuto ea hae; hobane a na a ba ruta joalo ka motho ea nang le borena, e seng joalo ka bangoli ba bona.”—MATTHEU 7:28, 29.
1. Ke bo-mang ba ileng ba latela Jesu ha a ntse a ruta Galelea, ’me Jesu o ile a itšoara joang?
KAE kapa kae moo Jesu a neng a ea teng, matšoele a ne a mo bokanela. O ile “a ea le Galelea eohle, a ntse a ruta masinagogeng a teng, a bolela Evangeli ea ’muso, a folisa maloetse ’ohle le mefokolo eohle e ho batho.” Ha tlaleho ea mesebetsi ea hae e nama, “matšoele a maholo a tsoang Galelea, le Dekapolise, le Jerusalema, le Judea, le mose oane oa Jordane, a mo latela.” (Mattheu 4:23, 25) Ha a a bona, “a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joalo ka linku tse se nang molisa.” Ha a ntse a ruta ba ne ba ka elelloa qenehelo kapa kameho e lerato e mofuthu eo a neng a e-na le eona ka bona; ho ne ho tšoana le moriana o thobang maqebeng a bona o neng o ba atametsa haufi le eena.—Mattheu 9:35, 36.
2. Ho ekelletsa mehlolong ea Jesu, matšoele a ile a hoheloa ke eng?
2 Jesu o ne a etsa lipholiso tsa ’mele tse hlollang hakaakang—a hloekisa balepera, a etsa hore lithōlō li utloe, le lifofu li bone, ba holofetseng ba tsamaee, bafu ba boele ba phele! Ruri lipontšo tsena tse hlollang tsa matla a Jehova a sebetsang ka Jesu li ne li tla hohela matšoele ka bongata! Empa mehlolo eo e ne e se eona feela e neng e a hohela; matšoele a maholo a ne a boetse a tla bakeng sa pholiso ea moea e neng e fumaneha ha Jesu a ruta. Ka mohlala, hlokomela karabelo ea ’ona, ka mor’a ho mamela Thuto ea hae ea Thabeng e tummeng: “Ha Jesu a qetile lipolelo tseo, matšoele a tsota thuto ea hae; hobane a na a ba ruta joalo ka motho ea nang le borena, e seng joalo ka bangoli ba bona.” (Mattheu 7:28, 29) Bo-rabbi ba bona ba ne ba qotsa lineano tse boleloang ka molomo tse tsoang ho bo-rabbi ba boholo-holo bakeng sa ho tšehetsa lithuto tsa bona. Jesu o ne a tšehetsa seo a neng a ba ruta sona ka litaba tse tsoang ho Molimo: “See ke se bolelang, ke se bolela joalo ka ha Ntate a mpoleletse sona.”—Johanne 12:50.
Thuto ea Hae e ne e Fihla Pelong
3. Tsela eo Jesu a neng a ruta molaetsa oa hae ka eona e ile ea fapana joang le ea bangoli le Bafarisi?
3 Phapang pakeng tsa thuto ea Jesu le ea bangoli le Bafarisi e ne e se feela mabapi le seo a neng a se ruta—linnete tse tsoang ho Molimo ha li bapisoa le lineano tsa batho tse boleloang ka molomo tseo e leng moroalo o boima—empa hape le tsela eo a neng a ruta ka eona. Bangoli le Bafarisi ba ne ba ikakasa ba bile ba se na kutloelo-bohloko, ka boikhohomoso ba batla litlotla tse ba phahamisang ’me ba nena matšoele joaloka ‘a rohakiloeng.’ Leha ho le joalo, Jesu o ne a ikokobelitse, a le bonolo, a le mosa, a na le kutloelo-bohloko, a bile a feto-fetoha le maemo hangata ’me o ile a susumeletseha hore a a qenehele. Jesu haa ka a ruta ka mantsoe a nepahetseng feela empa hape o ile a ruta ka mantsoe a ipiletsang a tlohang pelong ea hae, a neng a ea ka ho toba lipelong tsa bamameli ba hae. Molaetsa oa hae o thabisang o ne o hohela batho hore ba tle ho eena, o ba susumeletsa ho tsohella tempeleng hore ba e’o mo mamela, o bile o ba etsa hore ba mo latele haufi-ufi le ho mo mamela ka thabo. Ba ne ba ea ka bongata bo boholo ho ea mo mamela, ba re: “Ha ho e-so ho be motho ea buang joalo.”—Johanne 7:46-49; Mareka 12:37; Luka 4:22; 19:48; 21:38.
4. Batho ba bangata ba ile ba hoheloa ke’ng boboleling ba Jesu?
4 Ruri, le leng la mabaka ao ka ’ona batho ba ileng ba ikutloa ba hoheloa ke thuto ea hae e ne e le tšebeliso ea hae ea litšoantšo. Jesu o ne a bona seo ba bang ba neng ba se bona, empa o ile a nahana lintho tseo ba sa kang ba li nahana le ka mohla. Likhahla tse hōlang masimong, linonyana tse ikhahelang lihlaha, batho ba jalang litlhaku, balisa ba tlisang likonyana tse lahlehileng, basali ba lapang liaparo tsa khale, bana ba bapalang limmarakeng, batšoasi ba litlhapi ba hulang matlooa a bona—lintho tse tloaelehileng tseo e mong le e mong a neng a li bona—le ka mohla e ne e se lintho feela tse tloaelehileng mahlong a Jesu. Hohle moo a neng a sheba teng, o ne a bona seo a neng a ka se sebelisa bakeng sa ho tšoantša Molimo le ’Muso oa Hae kapa ho phahamisa ntlha e itseng ka mokhatlo oa batho o mo potolohileng.
5. Jesu o ile a theha litšoantšo tsa hae holim’a eng, ’me ke eng e ileng ea etsa hore lipapiso tsa hae li sebetse?
5 Litšoantšo tsa Jesu li thehiloe linthong tsa letsatsi le letsatsi tseo batho ba li boneng ka makhetlo a mangata, ’me ha linnete li amahanngoa le lintho tsena tse tloaelehileng, ka potlako li hatiseha ka ho hlaka le ka ho teba likelellong tsa ba mametseng. Linnete tse joalo ha li utluoe feela; li bonoa ka mahlo a kelello ’me li hopoleha habonolo hamorao. Lipapiso tsa Jesu li ne li khetholleha ka ho ba bonolo, li ne li sa ferekanngoa ka boitsebiso bo sa hlokahaleng bo ka ’nang ba sitisa ’me ba ba thibela ho utloisisa linnete. Ka mohlala, nahana ka papiso ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani. U bona ka ho hlakileng hore na moahelani ea molemo ke ofe. (Luka 10:29-37) Joale o ile a etsa setšoantšo sa bara ba babeli—e mong e le ea ileng a bolela hore o tla sebetsa tšimong ea morara empa a se ke a sebetsa, e mong e le ea ileng a re a ke ke a sebetsa empa a sebetsa. U bona kapele hore na ntlha ea bohlokoa tabeng ea ho mamela ha sebele ke efe—ho etsa mosebetsi oo motho a o abetsoeng. (Mattheu 21:28-31) Ho ne ho se likelello tse ntseng li otsela kapa li lelera nakong ea thuto ea Jesu e entsoeng hore e phele. Ho ne ho entsoe hore likelello tsa bona li tšoarehe ka ho mamela le ho bona.
Jesu o ne a Feto-fetoha le Maemo ha Lerato le Bontša hore ho Loketse
6. Ke neng ho nahanela maemo kapa ho feto-fetoha le maemo, e leng ho thusang ka ho khethehileng?
6 Hangata ha Bibele e bua ka ho nahanela maemo, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW o bontša hore ho bolela ho feto-fetoha le maemo. Bohlale bo tsoang ho Molimo bo feto-fetoha le maemo ha ho e-na le maemo a ka ’nang a lokafatsa liketso tsa motho. Re lokela ho nahanela maemo, kapa ho feto-fetoha le maemo, ka linako tse ling. Baholo ba lokela ho ikemisetsa ho feto-fetoha le maemo ha lerato le bontša hore ho loketse ’me pako e fana ka motheo oa ho etsa joalo. (1 Timothea 3:3; Jakobo 3:17) Jesu o ile a siea mehlala e babatsehang ea ho feto-fetoha le maemo, a etsa mekhelo melaong e akaretsang ha mohau kapa qenehelo li ne li bontša hore hoa hlokahala.
7. Mehlala e meng ea ho feto-fetoha le maemo ha Jesu ke efe?
7 Jesu o kile a re: “E mong le e mong ea tla ntatola pel’a batho, le ’na ke tla mo latola pel’a Ntate ea maholimong.” Empa ha a ka ba a lahla Petrose, le hoja Petrose a ile a mo latola ka makhetlo a mararo. Ho ne ho e-na le maemo a ka ’nang a lokafatsa liketso, ao ka ho hlakileng Jesu a ileng a a nahanela. (Mattheu 10:33; Luka 22:54-62) Ho ne ho boetse ho e-na le maemo a ka ’nang a lokafatsa liketso ha mosali ea sa hloekang ea nang le phallo ea mali a tlōla Molao oa Moshe ka ho kena ka har’a matšoele. Jesu ha aa ka a mo nyatsa le eena. O ile a utloisisa ho felloa ke tšepo ha hae. (Mareka 1:40-42; 5:25-34; bona le Luka 5:12, 13.) Jesu o ne a boleletse barutuoa ba hae hore ba se mo tsebahatse e le Messia, empa ha aa ka a khomarela molao oo a sa tenyetsehe ha a itsebahatsa hore ke eena ho mosali oa Mosamaria selibeng. (Mattheu 16:20; Johanne 4:25, 26) Maemong ana kaofela, lerato, mohau, le qenehelo li ile tsa etsa hore ho feto-fetoha le maemo hona e be ho loketseng.—Jakobo 2:13.
8. Bangoli le Bafarisi ba ne ba ka etsa hore melao ea bona e tenyetsehe neng, ’me ke neng ba neng ba ke ke ba etsa hore e tenyetsehe?
8 E bile ho fapaneng ka bangoli le Bafarisi ba sa feto-fetoheng le maemo. Litabeng tse ba amang ba ne ba tlōla lineano tsa bona tsa Sabbatha ho ea noesa poho ea bona. Kapa haeba poho ea bona kapa mora oa bona a ne a oetse ka selibeng, ba ne ba tlōla molao oa Sabbatha bakeng sa ho mo ntša. Empa bakeng sa batho feela ba tloaelehileng, ho hang ba ne ba ke ke ba feto-fetoha le maemo! Ba ne ba sa “rate ho li [litlhokahalo] sisinya le ka monoana.” (Mattheu 23:4; Luka 14:5) Ho Jesu, batho e ne e le ba bohlokoa ho feta melao e mengata; ho Bafarisi melao e ne e le ea bohlokoa ho feta batho.
Ho Fetoha “Mora oa Taelo”
9, 10. Ka mor’a ho khutlela Jerusalema, batsoali ba Jesu ba ile ba mo fumana hokae, ’me moelelo oa lipotso tsa Jesu e ne e le ofe?
9 Ba bang ba belaela ka hore ho na le ketsahalo e le ’ngoe feela e tlalehiloeng ea boshemaneng ba Jesu. Leha ho le joalo, ba bangata ba sitoa ho hlokomela bohlokoa bo boholo ba ketsahalo eo. Re e tlalehetsoe ho Luka 2:46, 47: “Ka mora’ matsatsi a mararo, ba mo fumana tempeleng, a lutse har’a baruti, a ba mamela, a ba botsa. Bohle ba mo utloang ba ne ba tsota hlalefo ea hae le likarabo tsa hae.” Theological Dictionary of the New Testament ea Kittel e hlahisa maikutlo a hore ketsahalong ena lentsoe la Segerike bakeng sa ho “botsa” le bolela ho fetang bohele-hele ba boshemane feela. Lentsoe lena le ne le ka ’na la bolela ho botsa ho sebelisoang tlhahlobong ea boahloli, lipatlisisong, tlhahlobong e etsoang ka letoto la lipotso, esita le “lipotso tse fatisisang le tse mano tsa Bafarisi le Basadduci,” tse joaloka tse boletsoeng ho Mareka 10:2 le 12:18-23.
10 Buka eona eo e hlalosang mantsoe e tsoela pele: “Ka lebaka la tšebeliso ena ho ka ’na ha botsoa hore na ebe . . . Luka 2:46 e bolela, eseng hakaalo-kaalo lipotso tse botsoang ka lebaka la bohele-hele ba boshemane, empa ho e-na le hoo e bolela ho beha mabaka ha Hae ho atlehileng. [Temana ea] 47 e ne e tla lumellana hantle le pono ena ea bobeli.”a Phetolelo ea Rotherham ea temana ea 47 e e beha ka tsela ea katamelo ea tšoantšiso: “Joale bohle ba mo utloileng ba ne ba maketse haholo, ka lebaka la kutloisiso ea hae le likarabo tsa hae.” Word Pictures in the New Testament ea Robertson e bolela hore ho hlolloa ha bona ho sa khaotseng ho bolela hore “ba ile ba makala haholo joalokaha eka mahlo a bona a ne a rotohile.”
11. Maria le Josefa ba ile ba itšoara joang mabapi le seo ba ileng ba se bona le ho se utloa, ’me buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a bolumeli e re’ng?
11 Qetellong ha batsoali ba Jesu ba fihla moo liketsahalo tsena li neng li etsahala ‘ba ile ba makala haholo.’ (Luka 2:48) Robertson o bolela hore lentsoe la Segerike polelong ena le bolela “ho ntšetsa kantle, ho khannela kantle ka sekhahla.” O phaella ka ho re Josefa le Maria “ba ile ba ntšetsoa kantle” ke seo ba ileng ba se bona le ho se utloa. Ka mokhoa o sa tobang, Jesu e ne e se e ntse e le tichere e tsotehang. ’Me ha ho talingoa ketsahalo ena e etsahetseng ka tempeleng, buka ena ea Kittel e bolela hore “boshemaneng ba Hae Jesu o ne a se a ntse a qalile khanyetso ea hae eo ho eona qetellong bahanyetsi ba Hae ba tla tlameha ho inehela.”
12. Puisano eo Jesu a bileng le eona le baeta-pele ba bolumeli hamorao e ile ea bontša eng?
12 ’Me ka sebele ba ile ba inehela! Lilemo hamorao, e ne e le ka lipotso tse joalo Jesu a ileng a hlōla Bafarisi ho fihlela ‘ho se ho sa hlole ho e-ba le ea betang pelo ho ’motsa, ha e sa le mohlang oo.’ (Mattheu 22:41-46) Ka ho tšoanang Basadduci ba ile ba khutsisoa tabeng ea tsoho, ’me “ba tšaba ho boela ba ’motsa taba leha e le ’ngoe.” (Luka 20:27-40) Bangoli ha baa ka ba ba le katleho leha e le efe e molemonyana. Ka mor’a hore e mong oa bona a phehisane le Jesu, “ha hoa ka ha hlola ho e-ba motho ea betang pelo ho ’motsa.”—Mareka 12:28-34.
13. Ketsahalo ea tempeleng e ile ea etsoa ke’ng hore e be ea bohlokoa bophelong ba Jesu, ’me e bontša hore o ile a tsoela pele ho elelloa eng?
13 Ke hobane’ng ha ketsahalo ena e mabapi le Jesu le matichere tempeleng e le eona e khethiloeng liketsong tsa boshemane ba hae bakeng sa ho tlalehoa? E ne e le nako eo ka eona phetoho e bonahalang e etsahalang bophelong ba Jesu. Ha a le lilemo tse ka bang 12, o bile seo Bajode ba neng ba tla se bitsa “mora oa taelo,” ea ikarabellang bakeng sa ho phetha melao eohle ea eona. Ha Maria a belaela ho Jesu ka ho tšoenyeha ha kelello hoo a neng a ho baketse eena le Josefa, karabo ea mor’a hae e ile ea bontša hore mohlomong o ne a hlokomela sebōpeho sa mohlolo sa tsoalo ea hae le Bomessia ba hae ba nakong e tlang. Sena se ile sa bontšoa ke ha a bolela seo ka tsela e tobileng haholoanyane hore Molimo ke Ntate oa hae: “Le ne le mpatlela’ng? Na le ne le sa tsebe hoba ke tšoanetse ho ba teng litabeng tsa Ntate na?” Tabeng ena, ana ke mantsoe a pele a Jesu a tlalehiloeng ka Bibeleng, ’me a bontša hore o elelloa morero oa Jehova oa ho mo romela lefatšeng. Kahoo, ketsahalo ena eohle ke ea bohlokoa bo boholo.—Luka 2:48, 49.
Jesu o Rata Bana Ebile oa ba Utloisisa
14. Ke lintlha life tse thahasellisang tseo tlaleho ea Jesu e monyenyane tempeleng e etsang hore bacha ba li elelloe?
14 Tlaleho ena e lokela ho thabisa bacha ka ho khetheha. E bontša kamoo e tlamehang ebe Jesu o ne a ithuta ka mafolo-folo kateng ha a hōlela bonneng. Bo-rabbi ba leng tempeleng ba ne ba tletsoe ke tšabo e nang le tlhompho ha ba bona bohlale ba ‘mora enoa oa taelo’ ea lilemo li 12. Empa o ne a ntse a sebetsa le Josefa mosebetsing oa ho betla, “o ne a ba utloa” le Maria, ’me a ’na a “khahlisa Molimo le batho.”—Luka 2:51, 52, NW.
15. Jesu o ne a tšehetsa bacha joang nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, ’me see se bolela eng ho bacha kajeno?
15 Jesu o ne a tšehetsa bacha ka ho feletseng nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng: “Baprista ba baholo le bangoli, ha ba bona tse makatsang tseo a li etsang, le bana ba hooang ka tempeleng, ba reng: Hosanna ho mor’a Davida! ba hlonama haholo. Ba re ho eena: Na u utloa seo bao ba se bolelang na? Jesu a re ho bona: E; na ha le e-so ho ka le bala taba e reng: U tumisitse lithoko tsa hao ka melomo ea bana le ea ba anyang, na?” (Mattheu 21:15, 16; Pesaleme ea 8:2) Kajeno ka tsela e tšoanang o tšehelitse bacha ba makholo a likete ba bolokang botšepehi ba bona le ba nehelang thoriso, ho ba bang ba bona phello ea ho etsa seo e bile ho lahleheloa ke bophelo!
16. (a) Jesu o ile a ruta baapostola ba hae thuto efe ka ho emisa ngoana e monyenyane ka har’a bona? (b) Ke nakong efe ea makhaola-khang bophelong ba Jesu eo ka eona a ’nileng a ba le nako ea bana?
16 Ha baapostola ba ne ba pheha khang ka taba ea hore e moholo ke mang, Jesu o ile a re ho ba 12: “Ha e mong a rata ho ba oa pele, e tla ba ea ka morao ho bohle le mohlanka oa bohle. Eaba o nka ngoana, a ’mea har’a bona, ’me ha a mo sikile, a re ho bona: E mong le e mong ea amohelang e mong oa bana ba joalo, ka lebitso la ka, o amohela ’na; ’me e mong le e mong ea nkamohelang, ha a amohele ’na, empa o amohela ea nthomileng.” (Mareka 9:35-37) Ho feta moo, ha a ne a e-ea Jerusalema ka lekhetlo la ho qetela, ho ea tobana le matšoenyeho a tšosang le lefu, o ile a ipha nako ea bana: “Lesang bana ba tle ho ’na, ’me le se ke la ba thibela; hobane ’muso oa Molimo ke oa ba joalo ka bona.” Eaba ‘oa ba sika, a ba bea matsoho holimo, a ba hlohonolofatsa.’—Mareka 10:13-16.
17. Ke hobane’ng ha ho bile bonolo bakeng sa Jesu hore a atamelane le bana, ’me bana ba lokela ho hopola eng ka eena?
17 Jesu oa tseba hore na ho joang ho ba ngoana lefatšeng la batho ba baholo. O phetse le batho ba baholo, a sebetsa le bona, a ba le phihlelo ea ho ba tlas’a bona, a boetse a ba le boikutlo bo mofuthu, ba ho sireletseha ka lebaka la ho ratoa ke bona. Bana, Jesu eena enoa ke motsoalle oa lōna; o le shoetse, ’me le tla phela ka ho sa feleng haeba le mamela litaelo tsa hae.—Johanne 15:13, 14.
18. Ke monahano ofe o thabisang oo re lokelang ho o hopola, haholo-holo nakong ea khatello ea kelello kapa maqakabetsi?
18 Ho etsa kamoo Jesu a laelang kateng ha ho thata joalokaha ho ka ’na ha bonahala eka ho joalo. Bacha, ntle ho tika-tiko o na le lōna bakeng sa ho le tšehetsa le ho tšehetsa e mong le e mong, hantle feela joalokaha re bala ho Mattheu 11:28-30: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka [kapa, “Kenang le ’na ka tlas’a joko ea ka,” NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe] ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.” Ak’u nahane feela, ha u ntse u tsamaea ho pholletsa le bophelo u sebeletsa Jehova, Jesu o ntse a tsamaea lehlakoreng la hao, a etsa hore joko e be mosa le mojaro o be bobebe. Oo ke monahano o thabisang bakeng sa rōna kaofela!
19. Ke lipotso life ka mekhoa ea Jesu ea ho ruta tseo re ka li hlahlobang nako le nako?
19 Ka mor’a ho hlahloba litsela tse seng kae feela tseo Jesu a neng a ruta ka tsona, na re fumana hore re ruta joalokaha a ne a ruta? Ha re bona ba kulang ’meleng kapa ba lapileng moeeng, na qenehelo e re susumeletsa ho etsa sohle seo re ka se etsang ho ba thusa? Ha re ruta ba bang, na re ruta Lentsoe la Molimo, kapa, joaloka Bafarisi, re ruta likhopolo tsa rōna? Na re falimehetse ho bona lintho tsa letsatsi le leng le le leng tse re potolohileng tse ka sebelisoang ho hlakisa, ho bona ka mahlo a kelello, ho totobatsa le ho eketsa kutloisiso ea linnete tsa moea? Na re qoba ho tšoarella melaong e itseng re sa fetohe ha, ka lebaka la maemo, lerato le mohau li bontšoa hamolemo haholoanyane ka ho feto-fetoha le maemo tšebelisong ea melao e joalo? ’Me ho thoe’ng ka bana? Na re ba bontša kameho e tšoanang e bonolo le mosa o lerato tseo Jesu a ileng a ba bontša tsona? Na u khothaletsa bana ba hao ho ithuta ka tsela eo Jesu a neng a ithuta ka eona ha e sa le moshemane? Na u tla nka khato ka tieo joalokaha Jesu a entse empa u itokisetse ho amohela ba bakileng ka mofuthu, joalokaha khoho e bokella litsuanyana tsa eona ka tlas’a mapheo a eona?—Mattheu 23:37.
20. Re ka itšelisa ka monahano ofe o thabisang ha re sebeletsa Molimo oa rōna?
20 Haeba re leka ka matla ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ruta joalokaha Jesu a ne a ruta, ruri o tla etsa hore re ‘kene le eena ka tlas’a joko ea hae.’—Mattheu 11:28-30.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka sebele, re na le mabaka ’ohle a ho lumela hore Jesu o ne a tla bonahatsa tlhompho e loketseng bakeng sa ba baholo ho eena, haholo-holo ba lihlooho li putsoa le baprista.—Bapisa le Levitike 19:32; Liketso 23:2-5.
Na Ua Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha matšoele a ne a bokanela Jesu?
◻ Ke hobane’ng ha ka linako tse ling Jesu a ne a feto-fetoha le maemo mabapi le litaelo tse itseng?
◻ Re ka ithuta eng lipotsong tseo Jesu a neng a li botsa matichere a tempele?
◻ Re ka ithuta lithuto life kamanong ea Jesu le bana?