Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ke hobane’ng ha e le Lipaki tsa Jehova tse fokolang hakaale tse jang bohobe le veine moketeng oa selemo le selemo oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea?
Ke hobane Lipaki tsa Jehova ho fapana le likereke tsa Bokreste-’mōtoana, li amohela thuto ea Bibele ea hore ke lenane le fokolang la batho le tla fumana bophelo ba leholimo le hore bahlanka ba bang kaofela ba tšepahalang ba Molimo ba tla putsoa ka bophelo bo sa feleng lefatšeng.
Likereke li ’nile tsa ruta ka nako e telele hore leholimo ke moputso oa bohle ba khahlisang Molimo; ba bang kaofela ba ea liheleng tsa mollo. Bibele e bua ka tsela e fapaneng. Mangolo a bontša ka ho hlakileng hore ke batho ba bang feela, ba kang baapostola, ba tla busa le Kreste leholimong. Jesu o ile a re bana ke “mohlatsoana.” Bibele e re ba etsa lenane la ba 144 000. (Luka 12:32; Tšenolo 14:3, 4) Ba bangata ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi le bao a neng a ba ananela ba ile ba shoa pele Jesu a bula tsela ea bophelo ba leholimo. (Mattheu 11:11; Ba-Heberu 10:19-21) Hape kamor’a ho khethoa ha “mohlatsoana,” ba bang ba limillione ba ile ba fetoha Bakreste ba ’nete. Bakeng sa bana kaofela ba tšepahalang bao e seng ba “mohlatsoana,” Bibele e fana ka tebello ea bophelo bo se nang ho fela paradeising e tsosolositsoeng lefatšeng. (Pesaleme ea 37:20, 29; Tšenolo 21:4, 5) Empa ke hobane’ng ha ba joalo ba boetse ba sa kopanele ho ja bohobe le ho noa veine? Jesu o ile a bontša hore ho kopanela ho ja litšoantšetso nakong ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea e ne e le feela bakeng sa ba bitselitsoeng bophelo leholimong, ba leng selekaneng se secha.
Ke ’nete hore tumelo sehlabelong sa Jesu Kreste ea hlokahala bakeng sa bohle ba tla fumana tšoarelo ho Molimo le bophelo bo sa feleng, e-bang ke bophelo leholimong kapa bophelo lefatšeng la paradeisi. Kreste o bontšitse sena ho Johanne 6:51-54: “Ke ’na bohobe bo phelang, bo theohileng leholimong; ekare ha [motho leha e le ofe, “NW”] a e-ja bohobe bona, o tla phela ka mehla; . . . bohobe boo ke tla mo nea bona, ke nama ea ka, ee ke tla e nea lefatše [moloko oa batho o ka lopolloang] . . . Ea jang nama ea ka, le ho noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng.”
Empa hoa hlokomeleha hore Jesu o ne a lebisitse mantsoe ao ho batho ba bang ntle le barutuoa ba hae. Letsatsi kamor’a hore a fepe likete ka mohlolo, letšoele le ile la tla ho Jesu tikolohong ea Kapernauma. Letšoele lena le ile la buisana le eena ka taba e neng e akarelletsa mantsoe a hae a ho Johanne 6:51-54. Kahoo Jesu o ne a sa bue ka ho khethehileng le barutuoa ba hae ha a ne a re ke “bohobe bo theohileng leholimong” ba tšoantšetso bo ka fanang ka litebello tsa bophelo tsa nako e telele ho feta manna a neng a ile a jeoa lefeelleng.—Johanne 6:24-34.
Ha u nahana ka phihlelo eo ea boholo-holo ea lefeelleng, hopola ba neng ba tsoile Egepeta ho tla lefeelleng. E ne e le ‘bara ba Iseraele bao ka palo e neng e le banna ba maoto ba likete tse makholo a tšeletseng, kantle ho bana, le letšoele le kopakaneng.’ (Exoda 12:37, 38; 16:13-18) ‘Letšoele lena le kopakaneng’ le ne le akarelletsa Baegepeta ba neng ba nyalane le Baiseraele le Baegepeta ba bang ba neng ba entse selekane le Iseraele. Baiseraele ’moho le “letšoele le kopakaneng” ba ne ba hloka manna hore ba ’ne ba phele. Empa na “letšoele le kopakaneng” le ne le e-na le litebello tse tšoanang le tsa Baiseraele? Che, ba ne ba se na tsona. Le hoja ba ne ba ka rapela har’a Baiseraele ’me ba ne ba ka tšepa ho kena Lefatšeng la Pallo, le ka mohla e ne e ke ke ea e-ba marena kapa baprista tlas’a selekane sa Molao. Kahoo ho ja manna a sebele lefeelleng ho ne ho sa nee motho e mong le e mong litebello tse tšoanang.
Ena ke phapang eo u lokelang ho e hopola ha u nahana ka seo Jesu a se boletseng ho barutuoa ba hae hoo e ka bang selemo kamor’a hore a bue mantsoe a ho Johanne 6:51-54. Ketsahalong ena ea morao, Jesu o ne a hlalosa mokhoa o mocha o amang bohobe ba sebele le veine ea sebele tse neng li tla tšoantšetsa nama ea hae le mali a hae. Ha a ne a hloma mokete oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, Jesu o ile a re ho balateli ba hae ba haufi-ufi: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.” Ho sona sehlotšoana seo sa baapostola, o ile a phaella: “Ke lōna ba tiiselitseng le ’na melekong ea ka. ’Me ’na ke le nea ’muso, joale ka ha Ntate a ’neile oona, le tle le be ba jang le ba noang tafoleng ea ka ’musong oa ka; ’me le tle le lule literoneng, le ahlole meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.”—Luka 22:20, 28-30.
Hlokomela ho tsoa mantsoeng ana a morao hore ba neng ba lokela ho ja bohobe ba sebele le veine ea sebele e le litšoantšetso tse tšoantšetsang ’mele oa Jesu le mali a hae e ne e le barutuoa ba leng ‘selekaneng se secha.’ Ba joalo ba ne ba tla boela ba be selekaneng se seng, seo Jesu a se etsang le bona e le hore ba ka kopanela puso ‘’musong oa hae.’ Ka ho hlakileng, mona Jesu o ne a bua ka ba neng ba tla ‘etsoa ’muso le baprista ho Molimo oa rōna, ho busa e le marena holim’a lefatše.’ (Tšenolo 5:10) Lekholong la pele la lilemo, Molimo o ile oa qala ho khetha ba 144 000 ba neng ba lokela ho kopanela ’Musong oa leholimo. Bakreste ba Korinthe e ne e le ba sehlopha seo, hobane ba ile ba hlalosoa e le ba “halalelitsoeng ho Jesu Kreste, ba bilelitsoeng ho halalela.” (1 Ba-Korinthe 1:2; bapisa Ba-Roma 1:7; 8:15-17.) ‘Bahalaleli’ ba joalo ba ne ba tla kopanela Sejong sa Morena sa Mantsiboea, ka kananelo ba kopanela ho ja bohobe ba tšoantšetso hape le ho noa veine e bolelang “selekane se secha maling a [hae].”—1 Ba-Korinthe 11:23-26.
Kajeno ho setse feela masala a fokolang a ntseng a phela lefatšeng a bao ba khethiloeng ke Molimo bakeng sa bophelo ba leholimo. Ke feela ba joalo ba leng ‘selekaneng se secha’ ba lumeletsoeng ho kopanela ho ja litšoantšetso, bohobe le veine, nakong ea mokete oa Sehopotso oa selemo le selemo.
Ke ’nete hore kajeno Bakreste bohle ba ’nete ba lebeletseng ho phela ka ho sa feleng lefatšeng tlas’a puso ea ’Muso baa tseba hore hona ho ka finyelloa ka ho lumela sehlabelong sa Jesu. Joalokaha Jesu a ile a bolella letšoele, ke eena “bohobe bo phelang bo theohileng leholimong.” (Johanne 6:51) Leha ho le joalo, hoo ha ho bolele hore bao ba nang le tšepo ea lefatšeng ba lokela ho kopanela ho ja litšoantšetso tsa sebele tsa Sehopotso, hobane ha ba ‘selekaneng se secha,’ leha e le hore ba selekaneng le Jesu sa ho ba ‘’musong oa hae, ho lula literoneng.’
Ka baka leo, sehlopha sena se seholo se nang le tšepo ea lefatšeng ha se kopanele ho ja le ho noa litšoantšetso, bohobe le veine. Empa hona ha ho bontše khaello ea tumelo kapa ea kananelo bakeng sa ’mele oa Jesu le mali a hae ka tsela leha e le efe. Ha e le hantle, ka baka la kananelo ea bona e tebileng bakeng sa sehlabelo sa hae le tebello e thabisang ea lefatšeng e kapele ho bona, ba etsa bonnete ba hore ba be teng selemo se seng le se seng e le ba shebellang ka hlompho moketeng oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea. Ka tsela ena, ba bontša tumelo ea bona le ho fana ka bopaki bo thabisang ba hore masala a “mohlatsoana” le letšoele la “linku tse ling” ba bonngoeng bo mofuthu.—Johanne 10:16.