BABALI BA BATLA HO TSEBA . . .
Na Jesu o ile a tšepisa sesenyi hore se tla phela leholimong?
Potso ena e hlaha ka lebaka la hore Jesu o ile a tšepisa senokoane se neng se fanyehiloe ka thōko ho eena hore se tla phela Paradeiseng. Jesu o ile a re: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luke 23:43) Hlokomela hore Jesu ha aa ka a bolela hore na Paradeise eo e tla ba hokae. Kahoo, na Jesu o ne a bolela hore sesenyi seo se tla ba le eena leholimong?
Pele, a re ke re bone hore na sesenyi seo se ne se tšoaneleha hore se ka phela leholimong na. Batho ba nang le tšepo ea ho phela leholimong ba kolobelitsoe ka metsi le ka moea o halalelang, kahoo ke barutuoa ba Jesu ba tsoetsoeng ka moea. (Johanne 3:3, 5) Hape e lokela ho ba batho ba lumellanang le melao ea Molimo ea boitšoaro ’me ba lokela ho ba le litšobotsi tse kang, botšepehi le kutloelo-bohloko. (1 Bakorinthe 6:9-11) Ba boetse ba lokela ho lula ba tšepahala ho Molimo le ho Kreste ho fihlela ba qeta tšebeletso ea bona ea lefatšeng. (Luka 22:28-30; 2 Timothea 2:12) Ke feela ha ba e-na le litšobotsi tseo ba ka bontšang hore ba loketse ho tsosoa le hore baa tšoaneleha hore ba ka fuoa boikarabelo bo boholo bo ba emetseng leholimong, e leng ba ho ba baprista le ho busa batho e le marena hammoho le Kreste ka lilemo tse sekete.—Tšenolo 20:6.
Ho fapana le seo, sesenyi se neng se le ka thōko ho Jesu se ile sa phela e le senokoane sa ba sa shoa e le senokoane. (Luke 23:32, 39-41) Ke ’nete hore se ile sa bontša hore se hlompha Jesu ha se ne se re: “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” (Luka 23:42) Leha ho le joalo, sesenyi seo ha sea ka sa fetoha morutuoa oa Jesu ea kolobelitsoeng le ea tsoetsoeng ka moea, kapa hona ho ipaka hore se ne se tšepahala bophelong ba sona. Na hoa utloahala hore Jesu o ne a ka se tšepisa borena leholimong hammoho le balateli ba hae ba ileng ba lula ba tšepahala ho Molimo?—Baroma 2:6, 7.
Ka mohlala: Haeba motho ea u utsoelitseng chelete a kōpa hore u mo tšoarele, u ka ’na ua se ke ua mo tšoarisa. Empa na u ne u ka mo tšepa hoo u ka reng a hlokomele khoebo ea hao kapa lelapa la hao? Boikarabelo boo u ne u tla bo fa feela batho bao u ba tšepang kahohle-hohle. Ka ho tšoanang, ba fuoeng tšepo ea ho phela leholimong ba lokela ho ipaka hore ba tla khona ho phela ka melao e lokileng ea Molimo ha ba busa batho. (Tšenolo 2:10) Le hoja sesenyi se ile sa bontša hore sea tšepahala kōpong ea sona ea ho qetela, ha sea ka sa ipaka e le se ka tšepeloang boikarabelo boo.
Empa na Jesu ha aa ka a bolella sesenyi seo hore se tla ba le eena leholimong? Ho ke ke ha e-ba joalo, kaha Jesu le eena ha aa ka a kena leholimong letsatsing leo. Ho e-na le hoo o ne a le “pelong ea lefatše”—e leng lebitleng—ka matsatsi a mararo. (Matheu 12:40; Mareka 10:34) Esita le ka mor’a tsoho ea hae, o ile a ba lefatšeng ka matsatsi a 40 pele a nyolohela leholimong. (Liketso 1:3, 9) Kahoo, sesenyi se ne se ke ke sa ba leholimong le Jesu ka letsatsi leo.
Joale, sesenyi se ne se tla kena Paradeiseng efe? Ka mor’a tsoho, se tla ba Paradeiseng ea lefatšeng, e leng moo Jesu a tla busa teng. (Liketso 24:15; Tšenolo 21:3, 4) E le hore u ithute ho eketsehileng ka Paradeise eo, u lokela ho buisana le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ka hore na Molimo u hlokang ho uena.