Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g00 3/8 maq. 18-19
  • Tšepo ea Sebele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšepo ea Sebele
  • Tsoha!—2000
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Moetsi oa Bobe?
  • Bophelo bo ka ba le Morero
  • Na Jesu o Ile a Tšepisa Sesenyi Hore se Tla Phela Leholimong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Paradeise
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ho Bula Tsela ea ho Khutlela Paradeiseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ka ’Muso oa Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—2000
g00 3/8 maq. 18-19

Tšepo ea Sebele

LILEMONG tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu, ea atisang ho bitsoa motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, o ile a ahloleloa lefu ka ho hloka toka. Ha a ntse a fanyehiloe thupeng ea tlhokofatso, moetsi e mong oa bobe ea neng a fanyehiloe pel’a hae o ile a re ho eena ka ho phoqa: “U Kreste, na ha u eena? Ipholose le rōna u re pholose.”

Hona hoo, moetsi e mong hape oa bobe ea neng a ahloletsoe lefu le eena o ile a khalemela monna eo ka matla: “Na ha u tšabe Molimo ho hang, kaha joale u kahlolong e tšoanang? ’Me rōna, ka sebele, ka toka, kaha re amohela ka botlalo se re tšoanelang bakeng sa lintho tseo re ileng ra li etsa; empa monna enoa ha aa ka a etsa letho le tsoileng tseleng.” Eaba o retelehela ka ho Jesu ’me o mo kōpa ka tieo: “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao.”

Jesu o ile a mo araba: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.”—Luka 23:39-43.

Jesu o ile a mo fa tšepo e hlollang. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela phello eo tšepo ena e bileng le eona ho Jesu, ha a re: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong.”—Baheberu 12:2.

“Thabo” e neng e behiloe ka pele ho Jesu e ne e akarelletsa ea ho boela a phela le Ntate oa hae leholimong ’me qetellong a sebeletsa e le ’Musi ’Musong oa Molimo. Ho feta moo, o ne a tla boela a e-ba le thabo ea ho amohela leholimong balateli ba hae ba ipakileng le ba tšepahalang ba neng ba tla busa le eena e le marena holim’a lefatše. (Johanne 14:2, 3; Bafilippi 2:7-11; Tšenolo 20:5, 6) Joale, Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a tšepisa moetsi oa bobe ea bakileng hore o tla ba Paradeiseng?

Ho na le Tšepo Efe Bakeng sa Moetsi oa Bobe?

Monna eo o ne a sa tšoanelehe bakeng sa ho busa le Jesu leholimong. Ha aa akarelletsoa ho bao Jesu a ileng a re ho bona: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” (Luka 22:28, 29) Leha ho le joalo, Jesu o ile a tšepisa moetsi eo oa bobe hore o ne a tla ba le eena Paradeiseng. Tšepiso eo e tla phethahatsoa joang?

Jehova Molimo o ile a beha monna oa pele le mosali oa pele, e leng Adama le Eva, Paradeiseng, eo e neng e le serapa se setle se bitsoang Edene. (Genese 2:8, 15) Edene e ne e le lefatšeng, ’me Molimo o ne a rerile hore lefatše lohle e be paradeise. Leha ho le joalo, Adama le Eva ha baa ka ba mamela Molimo ’me ba ile ba ntšoa lehaeng la bona le letle. (Genese 3:23, 24) Empa Jesu o ile a senola hore Paradeise eo e ne e tla tsosolosoa le hore e ne e tla akaretsa lefatše lohle.

Ha moapostola Petrose a ne a botsa Jesu hore na moputso oo eena le baapostola-’moho le eena ba neng ba tla o fumana ke ofe ka ho mo latela, Jesu o ile a tšepisa: “Pōpong e entsoeng bocha, ha Mora oa motho a lula teroneng ea hae e khanyang, lōna ba ntatetseng le lōna ka bolōna le tla lula holim’a literone tse leshome le metso e ’meli.” (Matheu 19:27, 28) Ka ho hlokomelehang, tlalehong ea Luka ea puisano ena, ho e-na le hore “pōpong e entsoeng bocha,” Jesu o qotsitsoe a re “tsamaisong ea lintho e tlang.”—Luka 18:28-30.

Kahoo, ha Jesu Kreste a lula teroneng ea hae e khanyang ea leholimo, hammoho le ba tla busa le eena leholimong, o tla theha tsamaiso e ncha ea lintho ea ho loka. (2 Timothea 2:11, 12; Tšenolo 5:10; 14:1, 3) Ka puso ea Kreste ea leholimo, morero oa Molimo oa qalong oa hore lefatše lohle e be paradeise o tla phethahala!

Nakong ea puso ena ea ’Muso, Jesu o tla phethahatsa tšepiso ea hae ho senokoane se ileng sa e-shoa se le pel’a hae. O tla se tsosa, ’me monna eo e tla ba mofo oa lefatšeng oa Jesu. Nakong eo moetsi eo oa bobe o tla fuoa monyetla oa ho finyella litekanyetso tsa Molimo le ho phela ka ho sa feleng tlas’a puso ea ’Muso. Ka sebele re ka nyakallela tebello e thehiloeng Bibeleng ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise!

Bophelo bo ka ba le Morero

Nahana ka seo tšepo eo e khōlōhali e se bolelang bophelong ba rōna. E ka thusa ho sireletsa likelello tsa rōna liphellong tse kotsi tsa monahano o sa haheng. Moapostola Pauluse o ile a tšoantša tšepo eo le karolo ea bohlokoa ea lihlomo tsa moea. O ile a re re lokela ho apara “tšepo ea poloko e le helmete.”—1 Bathesalonika 5:8; Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4.

Tšepo eo e boloka bophelo. Paradeiseng e tlang, bolutu bo tla nkeloa sebaka ke meokho ea thabo ha baratuoa ba ratehang ba khutlisetsoa bophelong ke “Molimo ea tsosang bafu.” (2 Bakorinthe 1:9) Joale ho ferekanngoa ke ho haelloa ke bophelo bo botle ba ’mele, ho ba le mahlaba le ho sitoa ho tsamaea ho tla lebaloa, kaha “sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama.” ‘Nama ea motho e tla nchafala ho fetisa bonyenyaneng,’ ’me o tla “khutlela matsatsing a bocha ba hae.”—Esaia 35:6; Jobo 33:25.

Nakong eo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula,’” ho nyahamisoa ke boloetse bo itseng e tla ba lintho tsa nakong e fetileng. (Esaia 33:24, NW) Ho nyahamisoa ke ho tepella maikutlo ho sa khaotseng ho tla fetoha “thabo e sa feleng.” (Esaia 35:10) Ho felloa ke tšepo ka lebaka la ho kula ho bolaeang ho tla fela hammoho le lefu le tsamaisanang le hona, e leng sera sa khale sa moloko oa batho.—1 Bakorinthe 15:26.

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Lula u hopola tšepo e babatsehang ea lefatše le lecha la Molimo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela