Paradeise
Tlhaloso: Phetolelong ea Septuagint ea Segerike ea Bibele bafetoleli ka nepo ba sebelisitse lentsoe “paradeise” (pa·raʹdei·sos) ha ba bua ka tšimo ea Edene, hobane ka ho hlakileng e ne e le serapa se kopetsoeng sa lifate le lipalesa. Kamor’a tlaleho e ho Genese, litemana tsa Bibele tse buang ka paradeise li supa (1) tšimo ea Edene ka boeona, kapa (2) lefatše ka kakaretso kamoso ha le tla be le fetoletsoe boemong bo kang ba Edene, kapa (3) maemo a tlokomang a moea a har’a bahlanka ba Molimo ba lefatšeng, kapa (4) litokisetso leholimong tse hopotsang motho ka Edene.
Na “Testamente e Ncha” e bua ka Paradeise ea kamoso ea lefatšeng kapa hoo ho ka “Testamenteng ea Khale” feela?
Ho arola Bibele likoto tse peli, ho phahamisoa bohlokoa ba lipolelo motheong oa hore na li ka karolong ea “Khale” kapa ka ho e “Ncha” ho hanana le Mangolo. Ho 2 Timothea 3:16 rea bolelloa: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) Ba-Roma 15:4 e bua ka Mangolo a bululetsoeng a pele ho Bokreste ha e re: “Taba tsohle tse ngoliloeng pele, li ngoliloe ho re ruta.” Kahoo, karabelo e utloahalang potsong e lokela ho nahanela Bibele eohle.
Genese 2:8 e re: “Jehova Molimo a hloma tšimo [“serapa sa lifate le lipalesa,” Mo; “paradeise,” Dy; pa·raʹdei·son, LXX] Edene ka ’nģa Bochabela, ’me a bea teng motho [Adama] eo a ’mōpileng.” Limela le liphoofolo li ne li le teng ka bongata bo fapa-fapaneng le bo hapang. Jehova a hlohonolofatsa batho ba pele ba babeli ’me a re ho bona: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona, ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Gen. 1:28) Morero oa mathomo oa Molimo bakeng sa hore lefatše lohle ebe paradeise e tletseng ba mamelang melao ea oona ka kananelo, o ke ke oa felella feela. (Esa. 45:18; 55:10, 11) Ke ka lebaka leo Jesu a itseng: “Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.” Ke ka baka leo a ileng a ruta barutuoa ba hae le ho rapela: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Matt. 5:5; 6:9, 10) Tumellanong le seo, Ba-Efese 1:9-11 e hlalosa morero oa Molimo oa ho ‘bokellela tsohle ho Kreste, leha e le tse leholimong, leha e le tse lefatšeng.’ Ba-Heberu 2:5 e bua ka “lefatše [“le nang le baahi,” NW] le tlang ho tla.” Tšenolo 5:10 e bolela bao, joaloka majalefa hammoho le Kreste, ba tlang ho “busa holim’a lefatše.” Tšenolo 21:1-5 le 22:1, 2 li eketsa tlhaloso e thabisang ea maemo a tla ba teng ‘lefatšeng le lecha’ le a re hopotsang ka Paradeise ea pele Edeneng ka sefate sa eona sa bophelo.—Gen. 2:9.
Ho phaella moo, Jesu o ile a sebelisa lentsoe la Segerike pa·raʹdei·sos ha a bua ka Paradeise ea kamoso ea lefatšeng. “A re ho eena [sesinyi se neng se khokhothetsoe pel’a Jesu le se ileng sa bontša tumelo boreneng bo tlang ba Jesu]: ‘Ka ’nete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.’”—Luka 23:43, NW.
Re ka nepisisa joang hore na Jesu o ne a bolela eng ka Paradeise polelong ea hae ho sesinyi, ho Luka 23:43?
Na e ne e le bolulo ba nakoana bakeng sa ‘meea e ileng ea ba lokileng,’ karolo ea Hades?
Maikutlo ao a simolohile hokae? The New International Dictionary of New Testament Theology e re: “Ka ho kenella hoa thuto ea Bagerike ea ho se shoe hoa moea, paradeise e fetoha bolulo ba ba lokileng ha ba le boemong bo lipakeng.” (Grand Rapids, Mich.; 1976, e hlophisitsoeng ke Colin Brown, Moq. 2, leq. 761) Na maikutlo ao ao e seng a mangolo a ne a atile har’a Bajode ha Jesu a le lefatšeng? Dictionary of the Bible ea Hastings e bontša hore hoa belaetsa hore na ho ne ho le joalo.—(Edinburgh, 1905), Moq. III, maq. 669, 670.
Le haeba maikutlo ao a ne a atile har’a Bajode lekholong la pele la lilemo, na Jesu a ka be a a tiisitse ka tšepiso ea hae ho moetsalibe ea bakileng? Jesu o ne a ile a nyatsa ka matla Bafarisi ba Bajode le bangoli ka ho ruta lineano tse hananang le Lentsoe la Molimo.—Matt. 15:3-9; bona le sehlooho se seholo “Moea (Soul).”
Jesu o ile a fela a ea Hades ha a e-shoa, joalokaha ho bontšoa ho Liketso 2:30, 31. (Ha moapostola Petrose a supa ho Pesaleme ea 16:10, mono o qotsoa a sebelisa Hades e le ntho e le ’ngoe le Sheol.) Empa ha ho moo Bibele e bolelang hore Sheol/Hades kapa karolo leha e le efe ea eona ke paradeise e tlisetsang motho thabo. Ho e-na le hoo, Moeklesia 9:5, 10 e bolela hore bao ba moo “ha ba tsebe letho leha le le leng.”
Na Paradeise ea Luka 23:43 e ne e le leholimo kapa karolo e ’ngoe ea leholimo?
Bibele ha e lumellane le maikutlo a hore Jesu le sesinyi ba ile ba ea leholimong ka letsatsi lona leo Jesu a buileng le sona ka lona. Jesu o ne a profetile hore kamor’a hore a bolaoe a ke ke a tsosoa ho fihlela ka letsatsi la boraro. (Luka 9:22) Ka nako eo ea matsatsi a mararo o ne a se leholimong, hobane hoba a tsohe o boleletse Maria Magdalena hore: “Ha ke e-so ho nyolohele ho Ntate.” (Joh. 20:17) Ke kamorao ho matsatsi a 40 Jesu a tsohile moo barutuoa ba hae ba ileng ba mo bona a nyolleloa holimo ho tloha lefatšeng ’me a nyamela mahlong a bona ha a qala ho nyolohela leholimong.—Lik. 1:3, 6-11.
Sesinyi se ne se sa finyelle litlhokahalo tsa ho ea leholimong le haeba e le kamorao ho moo. Se ne se sa ‘tsoaloa la bobeli’—se sa kolobetsoa metsing kapa hona ho tsoaloa ka moea oa Molimo. Moea o halalelang ha o-oa ka oa tšolleloa holim’a barutuoa ba Jesu ho fihlela kamorao ho matsatsi a 50 sesenyi se shoele. (Joh. 3:3, 5; Lik. 2:1-4) Mohla letsatsi la lefu la hae, Jesu o ne a hlabile selekane bakeng sa ’muso oa leholimo le ba ‘neng ba tiiselitse le eena melekong ea hae.’ Sesinyi se ne se se na tlaleho e joalo ea botšepehi ’me ha sea ka sa balelloa.—Luka 22:28-30.
Ke eng e supang hore Paradeise ee ke ea lefatšeng?
Ha ho mohla Mangolo a Seheberu a neng a ile a etsa hore Bajode ba khabane ba lebelle moputso oa bophelo ba leholimo. Mangolo ao a ne a supa hore Paradeise e tla tsosolosoa mona lefatšeng. Daniele 7:13, 14 e ne e hlile ea bolela hore ha “hlompho, le borena” li ne li tla neoa Messia, ‘ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle ba ne ba tla mo sebeletsa.’ Bafo bano ba ’Muso ba ne ba tla ba mona lefatšeng. Ka seo sesinyi se se boleletseng Jesu, ho hlakile hore se ne se bolela tšepo ea hore Jesu o ne a tla se hopola ha nako eo e fihla.
Joale Jesu o ne a tla ba le sesinyi joang? Ka ho se tsosa bafung, a lokisetsa litlhoko tsa sona tsa nama, le ho se nea monyetla oa ho ithuta le ho lumellana le se hlokoang ke Jehova bakeng sa bophelo bo sa feleng. (Joh. 5:28, 29) Boikutlong ba pako le ba hlompho ba sesinyi Jesu o ile a bona motheo oa ho se balella har’a libillione tse tla tsosetsoa bophelong ba lefatšeng le monyetleng oa ho ipaka ba tšoaneloa ke ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.
Sesinyi se tla ba Paradeiseng neng?
Kutloisiso ea motho ea Luka 23:43 e susumetsoa ke matšoao a sebelisitsoeng ke mofetoleli. Meqolong ea Bibele ea boholo-holo e ngotsoeng ka letsoho ea Segerike, ho ne ho se matšoao. The Encyclopedia Americana (1956, Moq. XXIII, leq. 16) e re: “Ho totobetse hore ho ne ho se boiteko ba ho bea matšoao meqolong ea pele e ngotsoeng ka letsoho le e hatisitsoeng ea Bagerike.” Ha e-ea ba ho fihlela lekholong la bo9 la lilemo C.E. moo matšoao a joalo a ileng a sebelisoa. Na Luka 23:43 e ka baloa e re, “Ka ’nete ke re ho uena: U tla ba le ’na kajeno Paradeiseng,” kapa e lokela ho ba, ‘Ka ’nete ke re ho uena kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng’? (NW) Lithuto tsa Kreste le tsa Bibele eohle li tlameha ho ba motheo oa ho lekanyetsa, e seng feeloane e ngotsoeng makholo a lilemo kamor’a hore Kreste a bue mantsoe ao.
The Emphasised Bible e fetoletsoeng ke J. B. Rotherham e lumellana le matšoao a New World Translation. Ho se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ka Luka 23:43, mofetoleli oa Bibele oa Lejeremane L. Reinhardt o re: “Letšoao la khefu le sebelisoang hona joale [ke bafetoleli ba bangata] temaneng ena ha ho pelaelo hore ke la bohata ’me le hanana le tsela eohle eo Kreste le sesinyi ba neng ba nahana ka eona. . . . [Kreste] ka sebele o ne a sa utloisise hore paradeise ke karolo e tlaasana ea sebaka sa bafu, empa ho e-na le hoo o ne a utloisisa hore ke ho tsosolosoa hoa paradeise lefatšeng.”
Jesu o ne a tla ‘kena ’musong oa hae’ neng le ho phethahatsa morero oa Ntate oa hae oa ho etsa lefatše paradeise? Buka ea Tšenolo, e ngotsoeng hoo e ka bang lilemo tse 63 kamor’a lipolelo tse ngotsoeng ho Luka 23:42, 43, e bontša hore liketsahalo tsena e ne e le hona li tlang. (Bona maqephe 283-286, tlas’a “Matsatsi,” le sehlooho se seholo “Mehla ea Qetello.”)