Na Ebe Jesu o ne a E-na le Tumelo ho Molimo?
Qaka e Talimaneng le Balateli ba Thuto ea Boraro-bo-bong
“EBE ke joang Jesu a neng a ka ba le tumelo? Ke Molimo; oa tseba ebile o bona lintho tsohle ntle le hore a itšetlehe ka motho e mong osele. Ka nepo tumelo e thehiloe ho itšetleheng ka e mong le ho lumeleng se sa bonoeng; ka hona hore Jesu-Molimo o ne a ka ba le tumelo, ke taba e ’ngoe esele.”
Ho ea ka moruti oa thuto ea bolumeli oa Lefora Jacques Guillet, ao ke maikutlo a ka sehloohong Bok’hatholikeng. Na tlhaloso ena ea u makatsa? E ka ’na eaba u kile ua nahana hore kaha Jesu ke mohlala oa Bakreste linthong tsohle, o boetse o tlameha ho ba mohlala oa tumelo. Haeba u ile ua nahana joalo, ha ua ka ua nahana ka thuto ea Bokreste-’motoana ea Boraro-bo-bong.
Taba ea tumelo ea Jesu ke pharela ho baruti ba thuto ea bolumeli ba K’hatholike, Prostanta, le Orthodox ba lumelang thutong ea Boraro-bo-bong e le “sephiri sa mantlha sa tumelo le bophelo ba Bokreste.”a Leha ho le joalo, hase bohle ba latolang tumelo ea Jesu. Jacques Guillet o tiisa hore “ha ho bonolo ho lumela hore Jesu o ne a se na tumelo,” le hoja Guillet a lumela seo, ka baka la thuto ea Boraro-bo-bong, seo ke “ho ikhanyetsa.”
Mojesuite oa Lefora Jean Galot le boholo ba baruti ba thuto ea bolumeli joaloka eena, o bua ka ho totobala hore kaha e le “Molimo oa ’nete le motho oa ’nete, . . . Kreste a ke ke a lumela ho eena ka boeena.” La Civiltà Cattolica e hatisoang ka linako tse behiloeng e bontša hore: “Tumelo e thehiloe ho lumeleng ho motho e mong, eseng hore motho a lumele ho eena ka boeena.” Kahoo, tšitiso ea ho hlokomela tumelo ea Jesu, ke thuto ea Boraro-bo-bong, hobane mehopolo ena e ’meli ea hanyetsana.
Baruti ba thuto ea bolumeli ba re: “Ha ho mohla Likosepele li kileng tsa bua ka tumelo ea Jesu.” Ha e le hantle, mantsoe a sebelisitsoeng Mangolong a Segerike a Bokreste pi·steuʹo (ho lumela, ho ba le tumelo) le piʹstis (tumelo) hangata a bolela tumelo ea barutuoa ho Molimo kapa ho Kreste, ho e-na le hore e ka ba tumelo ea Jesu ho Ntate oa hae oa leholimo. Kahoo na re lokela ho fihlela qeto ea hore Mora oa Molimo o ne a se na tumelo? Ke eng seo re ka se utloisisang ho seo a se entseng le seo a se buileng? Mangolo a re’ng?
Na e ne e le Lithapelo tse Etsoang Ntle ho Tumelo?
Jesu e ne e le motho oa thapelo. O ne a rapela ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe—ha a ne a kolobetsoa (Luka 3:21); bosiu bohle pele a khetha baapostola ba hae ba 12 (Luka 6:12, 13); le pele ho ho fetohela ha hae boemong bo phahameng bo khanyang thabeng, ha a ne a e-na le baapostola Petrose, Johanne, le Jakobo. (Luka 9:28, 29) O ne a rapela ha e mong oa barutuoa a mo kōpa: “Re rute ho rapela,” ka hona o ile a ba ruta Thapelo ea Morena (ea “Ntat’a Rōna ea Maholimong”). (Luka 11:1-4; Mattheu 6:9-13) O ile a rapela halelele a ’notši esale ka meso (Mareka 1:35-39); ha a le thabeng, ha shoalane e tšoara, ka mor’a hore a bolelle barutuoa ba hae hore ba tsamaee (Mareka 6:45, 46); ha a le ’moho le barutuoa ba hae hape le bakeng sa barutuoa ba hae. (Luka 22:32; Johanne 17:1-26) E, thapelo e ne e le karolo ea bohlokoa bophelong ba Jesu.
O ne a rapela pele a etsa mehlolo, ka mohlala, pele a tsosa motsoalle oa hae Lasaro o ile a re: “Ntate, kea u leboha hobane u nkutloile. Kea tseba hobane u nkutloa ka mehla; empa ke buile joalo ka baka la bongata bo nteetseng hare, bo tle bo lumele hobane ke uena ea nthomileng.” (Johanne 11:41, 42) Bonnete ba hore Ntate oa hae o ne a tla araba thapelo eo bo bontša matla a tumelo ea hae. Ho hokahana hona ho pakeng tsa thapelo ho Molimo le tumelo ho Eena ho totobala ho seo Kreste a ileng a se bua ho barutuoa ba hae: “Se seng le se seng seo le se kōpang ka thapelo, lumelang [le be le tumelo, NW] hoba le se bone, ’me se tla ba ho lōna.”—Mareka 11:24.
Haeba Jesu o ne a se na tumelo, ke hobane’ng a ile a rapela Molimo? Thuto ea Bokreste-’mōtoana eo eseng ea Mangolo ea Boraro-bo-bong, ea hore Jesu e ne e le motho ebile e le Molimo ka nako e tšoanang, e fifatsa molaetsa oa Bibele. E sitisa batho ho utloisisa ho hlaka ha Bibele le matla a eona. Ke mang eo motho Jesu a neng a etsa thapeli ho eena? Na e ne e le ho eena ka boeena? Na o ne a sa itlhokomele hore ke Molimo? ’Me haeba e ne e le Molimo a bile a tseba seo, ke hobane’ng ha a ne a rapela?
Lithapelo tsa Jesu letsatsing la ho qetela la bophelo ba hae lefatšeng li re fa temohisiso ea tumelo ea hae e tiileng ho Ntate oa hae oa leholimo. E le ho bontša tšepo le tebello e nang le kholiseho, o ile a kōpa: “Joale, uena Ntate, u ntlotlise ho uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona ho uena, lefatše le e-so ho be teng.”—Johanne 17:5.
Ka ho tseba hore liteko tsa hae tse boima ka ho fetisisa le lefu la hae li ne li atametse, bosiung boo a neng a le serapeng sa Gethesemane Thabeng ea Mehloaare, o ile “a qala ho soaba le ho tsieleha haholo,” ’me a re: “Moea oa ka o tšoeroe ka ’nģa tsohle ke masoabi a isang lefung.” (Mattheu 26:36-38) Kahoo o ile a khumama ’me a rapela: “‘Ntate, ha u rata, ak’u tlose senoelo sena ho ’na; feela ho etsoe thato ea hao, e seng ea ka.’” Ka nako eo “Lengeloi la hlaha ho eena le e-tsoa leholimong, la mo matlafatsa.” Molimo o ile a mamela thapelo ea hae. Ka lebaka la maikutlo a hae a matla le ho teba ha teko eo, “mofufutso oa hae oa e-ba joaloka marotholi a mali a rothelang fatše.”—Luka 22:42-44, BPN.
Ke’ng se bontšoang ke mahlomola a Jesu, tlhoko ea hae ea hore a matlafatsoe, le lithapeli tsa hae? Jacques Guillet oa ngola: “’Nete ke hore Jesu o ’nile a rapela, ’me thapelo ke tšobotsi ea motheo ea bophelo ba hae le liketso tsa hae. O ’nile a rapela joalokaha batho ba rapela, ’me o ’nile a rapella batho. Ka hona, lithapelo tsa batho hase tse ka utloisisoang ntle ho tumelo. Na lithapelo tsa Jesu li ne li ka utloisisoa ntle ho tumelo?”
Nakoana pele ho lefu la hae ha a ne a leketlile thupeng ea tlhokofatso, Jesu o ile a bokolla ka lentsoe le leholo, a qotsa pesaleme ea Davida. Joale, ka tumelo, o ile a etsa thapeli ea ho qetela ka lentsoe le leholo: “Ntate, ke neela moea oa ka matsohong a hao!” (Luka 23:46; Mattheu 27:46) Phetolelo e ’ngoe ea Setaliana e kopanetsoeng ke lihlopha tsa bolumeli, e bitsoang Parola del Signore, e re Jesu o ile a ‘beha bophelo ba hae tlhokomelong’ ea Ntate.
Jacques Guillet oa hlalosa: “Ha re bontšoa Kreste a thakhisoa sefapanong, a meketsa ho Ntate oa hae a qotsa lipesaleme tsa Baiseraele, bangoli ba Likosepele ba re kholisa hore ho meketsa hoo, ho meketsa ha Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ho meketsa ha tsieleho e phethahetseng, ho meketsa ha kholiseho e feletseng, ke ho meketsa ha tumelo, ho meketsa ha lefu la ea nang le tumelo.”
Ha ba talimane le bopaki bona bo hlakileng le bo matla ba tumelo, baruti ba bang ba thuto ea bolumeli ba leka ho etsa khethollo pakeng tsa tumelo le “kholiseho.” Leha ho le joalo, khethollo e joalo, ha ea thehoa Mangolong.
Empa ha e le hantle liteko tse boima tseo Jesu a ileng a li mamella li senola eng ka tumelo ea hae?
“Mophethahatsi oa Tumelo ea Rōna” o Entsoe ea Phethahetseng
Khaolong ea 11 lengolong la hae le eang ho Baheberu, moapostola Pauluse o bua ka leru le leholo la banna le basali ba tšepahalang ba mehleng ea pele ho Bokreste. O qetella ka ho supa mohlala o moholo ka ho fetisisa oa tumelo: “Re ntse re talimile Jesu, moqali le mophethi [mophethahatsi, NW] oa tumelo, ea mameletseng sefapano ka baka la thabo eo a e beetsoeng, a sa kang a re letho ka lihlong . . . Le lemohe ea mameletseng khanyetso e kalo ea baetsalibe, le tle le se ke la khathala ke ho felloa ke lipelo.”—Ba-Heberu 12:1-3.
Boholo ba baruti ba thuto ea bolumeli ba re temana ena ha e bue ka “tumelo ea Jesu ea botho” empa ho e-na le hoo, ka karolo ea hae e le “moqali kapa mothehi oa tumelo.” Lentsoe la Segerike te·lei·o·teś le hlahang polelong ena le bolela motho ea etsang hore ntho e be e phethahetseng, ea finyellang kapa ea phethang ho hong. Joaloka “Mophethahatsi,” Jesu o phethile tumelo ka kutloisiso ea hore ho tla ha hae lefatšeng ho ile ha phethahatsa boprofeta ba Bibele ’me kahoo ha theha motheo o tiileng haholoanyane bakeng sa tumelo. Empa na sena se bolela hore o ne a se na tumelo?
Likarolo tse tsoang lengolong la Ba-Heberu tseo u ka li bonang lebokoseng le leqepheng la 15 ha li siee pelaelo. Jesu o entsoe ea phethahetseng ka mahlomola le kutlo ea hae. Le hoja e ne e se ntse e le motho ea phethahetseng, lintho tseo a fetileng ho tsona li ile tsa mo etsa ea phethahetseng le ea feletseng linthong tsohle, haesita le tumelong, e le hore o ne a ka fetoha ea tšoanelehang ka ho tletseng joaloka Moprista ea Phahameng bakeng sa polokeho ea Bakreste ba ’nete. O ile a kōpa Ntate oa hae ka tieo “ka mehoo e meholo le meokho,” o ne a “tšepahala” ho Molimo, ’me a e-na le ‘tšabo ea bomolimo.’ (Ba-Heberu 3:1, 2, NW; 5:7-9, NW) Ba-Heberu 4:15, e re o “lekiloe nthong tsohle” hantle feela “joalo ka rōna,” ke hore, joaloka Mokreste leha e le ofe eo tumelo ea hae e fetang tlas’a “meleko e mengata.” (Jakobo 1:2, 3) Na ke ho utloahalang ho lumela hore Jesu o ne a ka behoa tekong “joalo ka” balateli ba hae ntle le hore a lekoe tumelong ea hae joaloka bona?
Thapeli, kutlo, mahlomola, liteko, botšepehi, le tšabo ea bomolimo li pakahatsa tumelo e phethahetseng ea Jesu. Li bontša hore e ile ea e-ba “Mophethahatsi oa tumelo ea rōna” feela ka mor’a ho etsoa ea phethahetseng tumelong ea hae ka boeena. Ka ho hlakileng, e ne e se Molimo-Mora, joalokaha thuto ea Boraro-bo-bong e bolela.—1 Johanne 5:5.
Na o ne a sa Lumele Lentsoe la Molimo?
Thuto ea Boraro-bo-bong e susumelitse monahano oa baruti ba thuto ea bolumeli ka ho fetisisa hoo ba tiisang khopolo ea hore Jesu “a ke ke a lumela Lentsoeng la Molimo le molaetseng oa lona” hobane “joalokaha e le Lentsoe la Molimo ka boeena, seo a ka se etsang feela ke ho phatlalatsa lentsoe leo.”—Angelo Amato, Gesù il Signore, buka e phatlalalitsoeng ka tumello ea kereke.
Leha ho le joalo, ke’ng se hlileng se bontšoang ke ho supa ha Jesu ka ho tsoelang pele ka Mangolong? Ha a ne a lekoa, o ile a qotsa Mangolo ka makhetlo a mararo. Karabo ea hae ea boraro e ile ea bolella Satane hore Jesu o ne a rapela Molimo a ’notši. (Mattheu 4:4, 7, 10) Ka makhetlo a mangata Jesu o ile a bolela boprofeta bo buang ka eena, a bontša tumelo phethahatsong ea bona. (Mareka 14:21, 27; Luka 18:31-33; 22:37; bapisa le Luka 9:22; 24:44-46.) Ho tsoa tlhahlobong ena re tlameha ho fihlela qeto ea hore Jesu o ne a tseba Mangolo a bululetsoeng ke Ntate oa hae, ka tumelo o ile a sebetsa tumellanong le ’ona, ’me o ne a e-na le tšepo e feletseng phethahatsong ea boprofeta bo boletseng esale pele liteko tsa hae, mahlomola, lefu, le tsoho.
Jesu, Mohlala oa Tumelo o ka Etsisoang
Jesu o ile a lokela ho loana ntoa ea tumelo ho fihlela qetellong e le hore a boloke botšepehi ho Ntate oa hae le ho ‘hlōla lefatše.’ (Johanne 16:34) Ho ke ke ha etsahala hore ho finyelloe tlhōlo e joalo ntle ho tumelo. (Ba-Heberu 11:6; 1 Johanne 5:4) Ka lebaka la tumelo e joalo e hlōlang, e ne e le mohlala ho balateli ba hae ba tšepahalang. Ka sebele o ne a e-na le tumelo ho Molimo oa ’nete.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho tšohloa ho batsi ha ho hloka motheo ha thuto ea Boraro-bo-bong ho ka fumanoa bukaneng e lekanang le makasine ea Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Lebokose le leqepheng la 15]
Jesu, “Mophethahatsi,” o Entsoe ea Phethahetseng
Ba-Heberu 2:10: “Efela ho no ho tšoaneleha hoba eena eo ntho tsohle li etselitsoeng eena, eo tsohle li entsoeng ke eena, ha a na a tla isa bana ba bangata khanyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena oa poloko ea bona.”
Ba-Heberu 2:17, 18: “Ho no ho tšoanetse hobane a ka etsoa ea tšoanang kahohle le banab’abo, e tle e be moprista e moholo ea mohau, ea tšepehang litabeng tsa Molimo, a tle a etsetse libe tsa sechaba pheko. Hobane ereka ha a utloile bohloko mohla a lekoang, ke ka hoo a tsebang ho thusa ba lekoang.”
Ba-Heberu 3:2: “Ea bileng khabane ho ea ’meileng, joalo ka ha Moshe le eena a bile khabane ka tlung ea hae eohle.”
Ba-Heberu 4:15: “Moprista e moholo eo re nang le eena, hase ea ka sitoang ho re utloela bohloko mefokolong ea rōna; hobane o lekiloe nthong tsohle joalo ka rōna, empa ha a ka a etsa sebe.”
Ba-Heberu 5:7-9: “Ke Jesu eo, mehleng ea nama ea hae, ea kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokho, merapelo ea hae e bohloko ho ea neng a ka tseba ho mo loela lefung; ’me eitse hobane a utluoe, ka baka la borapeli ba hae, leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng. ’Me joale, ha a phethehile [a entsoe ea phethahetseng, NW], o entsoe moetsi oa poloko e sa feleng.”