Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Thuto ka Mohau
E KA ’na eaba Jesu o ntse a le Naine, moo a sa tsoa tsosa mor’a mohlolohali, kapa mohlomong o etetse motse o haufi le moo. Mofarisi e mong ea bitsoang Simone o lakatsa ho shebisisa enoa ea etsang mesebetsi e hlollang hakana. Kahoo o mema Jesu hore ba eo ja le eena.
Ha Jesu a talima ketsahalo eo e le monyetla oa ho sebeletsa ba teng, a amohela memo eo, joalokaha a ile a amohela memo ea ho ea ja le balekhetho le baetsalibe. Empa, ha a kena ka tlung ha Simone, Jesu ha a fumane tlhokomelo e mofuthu e atisang ho etsetsoa baeti.
Maoto a roetseng meqathatso aa chesa ’me a ba litšila ka lebaka la ho tsamaea litseleng tse lerōle tsa Galilea, ’me ke ketso e tloaetsoeng ea ho amohela baeti ea ho ba hlatsoa maoto ka metsi a pholileng. Empa maoto a Jesu ha a hlatsuoe ha a fihla. Leha e le hore o amoheloa ka ho akoa, e leng mokhoa o tloaetsoeng. Le oli eo ho tloaelehileng hore ho amoheloe baeti ka eona ha e fanoe bakeng sa moriri oa hae.
Nakong ea lijo, ha baeti ba lutse tafoleng, mosali e mong ea sa mengoang o kena ka tlung ka lenyele. Motseng oo o tsebahala e le mosali ea phelang bophelo ba boitšoaro bo bobe. Mohlomong o ile a utloa ha Jesu a ruta, ho akarelletsa ha a mema ‘bohle ba imeloang hore ba tle ho eena ’me o tla ba imolla.’ ’Me kaha o susumelitsoe ka ho teba ke seo a se boneng le seo a se utloileng, joale o tsoile ho batla Jesu.
Mosali eo o pota kamor’a Jesu tafoleng ’me o khumama maotong a hae. Ha meokho ea hae e ntse e rothela maotong a Jesu, o e hlakola ka moriri oa hae. O boetse o ntša oli e nkhang hamonate ka pitseng ea hae, ’me ha a ntse a aka maoto a Jesu ka mofuthu, o oa tlotsa ka oli ena. Simone a talima a sa ananele. O re: “Motho enoa, hoja ke moprofeta, a ka be a tseba mosali eo, ea mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ea joang; hobane ke moetsalibe.”
Jesu a lemoha monahano oa hae, ’me a re: “Simone, ke na le seo ke u bolellang sona.”
Oa arabela: “Bua, moruti.”
Jesu oa qala: “Morui o na a le teng ea nametsoeng ke batho ba le babeli; e mong o na a namile ka lidenare tse makholo a mahlano, e mong ka tse mashome a mahlano. Eare ha ba hloka seo ba ka lefang ka sona, a ba tlohella molato ba babeli. Ak’u bolele hore ke ofe ho bona ea tla mo rata haholo.”
Simone o re, “Nka re,” mohlomong ka boikutlo ba boiphapanyo potsong ena e bonahalang e sa amane le taba, “ke ea tloheletsoeng ho hoholo.”
Jesu a re, “U ahlotse hantle.” ’Me joale ha a retelehela ho mosali, o re ho Simone: “Mosali enoa ua ’mona na? Ke kene tlung ea hao, ’me ha ua ka ua ’nea metsi ho itlhatsoa maoto; empa enoa o kolobisitse maoto a ka ka meokho, o a hlakotse ka moriri oa hloho ea hae. Ha ua ka ua nkaka; empa enoa, e sa le a kena, ha a ka a phetsa ho aka maoto a ka. Ha ua ka ua ntlotsa hloho ka oli; empa enoa o tlotsitse maoto a ka ka setlolo.”
Kahoo mosali eo o fane ka bopaki ba pako e tlohang botebong ba pelo bakeng sa boitšoaro ba hae bo bobe ba nako e fetileng. Kahoo Jesu o qetella ka ho re: “Ka baka leo, ke re ho uena: Libe tse ngata tsa hae o li tšoaretsoe; ke ka baka leo a ratileng haholo; empa ea tlohelloang ho honyenyane, o rata hanyenyane.”
Jesu ha a emele kapa ho sehela boitšoaro bo bobe thebe ka tsela leha e le efe. Ho e-na le hoo, ketsahalo ena e senola kutloisiso ea hae e nang le kutloelo-bohloko ho batho ba etsang liphoso bophelong empa hamorao ba bontša hore baa li soabela ’me kahoo ba tla ho Kreste bakeng sa topollo. Ha Jesu a imolla mosali eo, o re: “U tšoaretsoe libe tsa hao. . . . Tumelo ea hao e u pholositse; e-ea ka khotso.” Luka 7:36-50; Mattheu 11:28-30.
◆ Simone o amohela Jesu joang?
◆ Ke mang ea batlang moo Jesu a leng teng, hona hobane’ng?
◆ Jesu o etsa papiso efe, hona o e sebelisa joang?