Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 40 leq. 100-leq. 101 ser. 7
  • O Ruta ka ho Tšoarela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Ruta ka ho Tšoarela
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto ka Mohau
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Thuto ka Mohau
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “Le Ithute ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 40 leq. 100-leq. 101 ser. 7
Jesu o phomotse le baeti ba bang tafoleng ’me mosali o khumama maotong a hae

KHAOLO EA 40

Jesu o Ruta ka ho Tšoarela

LUKA 7:​36-50

  • MOSALI OA MOETSALIBE O TŠELA MAOTO A JESU KA OLI

  • O BAPISA HO TŠOARELA LE HO HLAKOLA SEKOLOTO

Batho ba arabela ka tsela e fapaneng molaetseng oa Jesu ho itšetlehile ka hore na lipelo tsa bona li joang. Sena se hlaka hantle Galilea ntlong ea monna oa Mofarisi ea bitsoang Simone. Monna enoa o memela Jesu lijong, mohlomong a batla ho tseba haholoanyane ka motho enoa ea khonang ho etsa mehlolo e tsotehang hakana. Jesu o amohela memo ena, mohlomong hobane a batla ho ruta batho ba tla beng ba le teng moo, feela joalokaha a ile a etsa ha a ne a menngoe ke babokelli ba lekhetho le baetsalibe.

Leha ho le joalo, ha Jesu a fihla ha monna enoa, ha a fumane kamohelo e mofuthu eo ka tloaelo e fuoang baeti. Litsela tsa Palestina li lepoqo ’me maoto a motho ea roetseng meqathatso a ka futha ke mocheso, hape a ka ba litšila. Kahoo ka tloaelo baeti ba hlatsuoa maoto ka metsi a pholileng e le ho bontša hore ba amohelehile. Jesu ha a fumane kamohelo e joalo. Ha ho motho ea mo amohelang ka ho mo aka joalokaha e le tloaelo sebakeng sena. Ntho e ’ngoe e bontšang kamohelo ea baeti ke ho tšela oli hloohong ea moeti. Ka masoabi ha ho na motho ea tšetseng Jesu ka oli. Na o fela a amohelehile moo?

Ke nako ea lijo ’me baeti ba lutse tafoleng. Ha ba ntse ba ja, mosali ea itlhahelang kantle oa nyenyelepa o kena ka tlung a sa re letho ho mang kapa mang. O “tsebahala motseng oo e le moetsalibe.” (Luka 7:​37) Ke ’nete hore batho bohle ha baa phethahala ’me ke baetsalibe empa mosali enoa ho bonahala a itšoere hampe, ebile e ka ’na eaba ke letekatse. Mohlomong o utloetse ka lithuto tsa Jesu ho akarelletsa le memo ea hae e reng “bohle ba sehlang le ba imetsoeng” ba tle ho eena. (Matheu 11:​28, 29) Ho bonahala ntho e mo susumelitseng hore a tle mona e le mantsoe le liketso tsa Jesu.

Mosali enoa o tla ho Jesu ’me o khumama maotong a hae. Meokho ea hae e rothela maotong a Jesu ’me o e hlakola ka moriri oa hae. O aka maoto a hae ka mosa hape o a tšela ka oli e nkhang hamonate eo a neng a e rekile. Simone o nyatsa se etsahalang ’me o buela ka pelong o re: “Monna enoa, haeba e ne e le moprofeta, a ka be a tseba hore na mosali ea mo amang ke mang le hore na ke oa mofuta ofe, hore ke moetsalibe.”​—Luka 7:39.

Banna ba babeli ba hlakoletsoe likoloto ke motho ea ba alimileng. Monna e mong o bontša teboho ha e mong a itsamaela.

Ha Jesu a hlokomela hore na Simone o nahanne’ng o re ho eena: “Simone, ho na le hoo ke lokelang ho u bolella hona.” Ha a araba o re: “Mosuoe, ho bolele!” Jesu o tsoela-pele o re: “Banna ba babeli ba ne ba e-na le molato ho motho ea itseng ea alimanang, e mong o ne a e-na le molato oa lidenari tse makholo a mahlano, empa e mong oa tse mashome a mahlano. Ha ba se na letho leo ba ka lefang ka lona, a ba tšoarela ka bobeli ka bolokolohi. Ka hona, ke ofe oa bona ea tla mo rata haholo?” Mohlomong Simone o araba Jesu a sa utloisise hore na o ea kae ka taba ena, o re: “Ke nahana hore ke eo a ileng a mo tšoarela ka bolokolohi haholo.”​—Luka 7:​40-43.

Jesu o lumellana le eena. O sheba mosali enoa ’me o re ho Simone: “Na u bona mosali enoa? Ke kene ka tlung ea hao, ha oa ka oa mpha metsi bakeng sa maoto a ka. Empa mosali enoa o kolobisitse maoto a ka ka meokho ea hae ’me a e hlakola ka moriri oa hae. Ha oa ka oa nkaka, empa mosali enoa, ho tloha horeng ea ha ke kena, ha aa ka a tlohela ho aka maoto a ka ka lerato. Ha oa ka oa tlotsa hlooho ea ka ka oli, empa mosali enoa o ile a tlotsa maoto a ka ka oli e nkhang hamonate.” Jesu oa bona hore mosali enoa o fana ka bopaki bo bontšang hore o baketse libe tsa hae. Kahoo o phethela ka hore: “Kea u bolella, libe tsa hae, le hoja li le ngata, li tšoaretsoe, hobane o ile a rata haholo, empa ea tšoaretsoeng hanyenyane, o rata hanyenyane.”​—Luka 7:​44-47.

Jesu ha a lumellane le boitšoaro bo bobe. Ho fapana le hoo, oa bontša hore o utloela batho ba entseng libe tse tebileng bohloko ha ba baka, ba soabela liphoso tsa bona ’me ba batla ho tla ho eena ho fumana khatholoho. E tlameha ebe mosali enoa oa imoloha ha Jesu a re ho eena: “U tšoaretsoe libe. . . . Tumelo ea hao e u pholositse, tsamaea ka khotso.”​—Luka 7:​48, 50.

  • Jesu o tšoaroa joang ha fihla ha Simone?

  • Ke hobane’ng ha mosali e mong oa Galilea a batla Jesu?

  • Jesu o etsa papiso efe, hona o e hlalosa joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela