-
Ho Khutsisa Sefefo se TšosangMolula-Qhooa—1987 | May 1
-
-
Hoa utloahala hore Jesu o khathetse. Ka hona, kapele kamor’a hore ba tlohe, o robala kamorao seketsoaneng, o bea hlooho ea hae mosamong, ’me oa khaleha. Baapostola ba ’maloa ke lisesisi tsa likepe tse nang le phihlelo, kaha ba ile ba tšoasa litlhapi haholo Leoatleng la Galilea. Kahoo ba nka boikarabelo ba ho sesisa seketsoana sena.
Empa lena e ne e sa tl’o ba leeto le bonolo. Ka baka la moea o futhumetseng oa letša le ka bang limithara tse 210 ka tlaase ho bophahamo ba leoatle, le moea o batang lithabeng tse haufi, ka linako tse ling meea e matla ea foka ’me e hlahise lifefo tse mabifi ka tšohanyetso letšeng leo. Sena ke sona se etsahalang. Ka pele maqhubu a otla sekepana ’me a bile a khapatsehela ka har’a sona, hoo se batlang se tlala. Empa Jesu o sa ntse a khalehile!
-
-
Ho Khutsisa Sefefo se TšosangMolula-Qhooa—1987 | May 1
-
-
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 8]
-