Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 47 leq. 118-leq. 119 ser. 6
  • Ngoanana o Phela Hape!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ngoanana o Phela Hape!
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likhapha li Fetoha Thabo e Khaphatsehang
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Likhapha Tsa Fetoha Thabo e Khaphatsehang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Jesu o Tsosa Bafu
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Re ka Tsoha Bafung!
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 47 leq. 118-leq. 119 ser. 6
Jesu o tsosa morali oa Jairuse

KHAOLO EA 47

Ngoanana o Phela Hape!

MATHEU 9:​18, 23-26 MAREKA 5:​22-24, 35-43 LUKA 8:​40-42, 49-56

  • JESU O TSOSA MORALI OA JAIRUSE

Jairuse oa bona hore mosali ea neng a e-na le phallo ea mali o phekotsoe ke Jesu. Kahoo, o kholisehile hore Jesu a ka khona ho phekola morali oa hae, le hoja a belaela hore ‘morali oa hae o se a shoele.’ (Matheu 9:​18) Na ebe ho ntse ho e-na le tšepo ea hore morali oa hae a ka thuseha?

Ha Jesu a ntse a bua le mosali eo a qetang ho mo phekola, ho fihla banna ba tsoang ha Jairuse ba re ho eena: “Morali oa hao o shoele! U sa tšoenyetsa’ng Mosuoe?”​—Mareka 5:35.

Tseo ke litaba tse tetebetsang maikutlo. Monna enoa ea hlomphehang haholo sechabeng o selebaletsoe ’me ha ho na seo a ka se etsang. Morali oa hae ea mong to! o hlokahetse. Jesu oa utloa ha banna bana ba bua le Jairuse. O sheba ka ho Jairuse ’me o bua mantsoe ana a khothatsang: “U se ke ua tšaba, u mpe u bontše tumelo.”​—Mareka 5:36.

Batho ba llang mosoanng ba eme haufi le bethe ea morali oa Jairuse ea shoeleng

Joale Jesu o tsamaea le Jairuse ho ea ha hae. Ha ba fihla ba fumana ho le moferefere ebile ho le lerata. Ho na le batho ba llang le ho bokolla, ebile baa ikotla ke ho sareloa. Jesu o kena ka tlung ’me o bua ntho e makatsang, o re: “Ngoana e monyenyane ha aa shoa, empa o robetse.” (Mareka 5:​39) Ha Jesu a bua sena ba mo tlepa litšeho. Ba kholisehile hore ngoanana enoa o hlokahetse. Leha ho le joalo, Jesu o tla sebelisa matla ao Molimo a mo fileng ’ona ho bontša hore batho ba ka tsosoa bafung feela joalokaha ba ka tsosoa borokong bo tebileng.

Jesu o re motho e mong le e mong a tsoele kantle ho sale Petrose, Jakobo, Johanne le batsoali ba ngoanana ea hlokahetseng. Jesu o tsamaea le batho bana ba bahlano ’me ba ea ho ngoanana eo. O nka letsoho la hae o re: “ ‘Talitha kumi,’ eo, ha e fetoleloa, e bolelang: ‘Moroetsana, ke re ho uena, “Ema!” ’ ” (Mareka 5:​41) Hang-hang ngoanana oa tsoha ebile oa tsamaea. U se u ka inahanela feela hore na Jairuse le mosali oa hae ba ikutloa joang ha ba bona sena. E le ho bontša hore ehlile ngoanana enoa o tsohile bafung, Jesu o re ba mo fe lijo.

Makhetlong a mang, Jesu o ne a laela batho bao a ba phekotseng hore ba se ke ba bolella batho ba bang ka se etsahetseng, ’me le lekhetlong lena o bolella batsoali ba ngoanana enoa se tšoanang. Leha ho le joalo, ka lebaka la thabo, ba sitoa ho itšoara ’me litaba tsena li tsebahala “sebakeng seo sohle.” (Matheu 9:​26) Na uena u ne u ka khona ho le nyaea le kolobe ’me u boloke taba eo e le patuoe? Ena ke tlaleho ea bobeli e hlahang ka Bibeleng eo ho eona Jesu a tsosang motho bafung.

  • Jairuse o utloa litaba life, hona Jesu o mo khothatsa joang?

  • Jesu le Jairuse ba fumana maemo a le joang ha ba fihla lapeng?

  • Ke hobane’ng ha Jesu a re ngoanana ea hlokahetseng o robetse?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela