Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 7/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Hlomphiloe Pele a Hlaha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Gabariele o Etela Maria
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Jesu o Hlomphuoa le Pele a ka Tsoaloa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O Hlomphiloe Pele a Hlaha
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 7/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na Maria eo e ileng ea e-ba ’mè oa Jesu, e ne e se ntse e le moimana ha a etela mong ka eena Elizabetha?

E, motheong oa bopaki bo fanoeng e ne e se ntse e le eena.

Ho Luka khaolo ea 1, re bala pele ka ho ima ha Elizabetha, mosali oa moprista Zakaria, ea ileng a tsoala Johanne (Mokolobetsi). Ha Elizabetha a ‘le khoeling ea botšelela, lengeloi Gabriele’ la etela Maria ho mo tsebisa hore e tla ba moimana ’me a tsoale “Mora oa Ea holimo-limo.” (Luka 1:26, 30-33) Empa Maria e bile moimana neng?

Tlaleho ea Luka e tsoela pele ho hlalosa hore Maria kapele ka mor’a moo o ile a ea Juda ho etela mong ka eena eo e neng e le moimana Elizabetha. Ha basali bana ba babeli ba kopana, lesea (Johanne) le ka pōpelong ea Elizabetha le ile la hlasimoloha. Elizabetha a bua ka ‘tholoana ea popelo ea Maria,’ ’me a bitsa Maria “’m’a Moren’a ka.” (Luka 1:39-44) Ka hona, qeto e utloahalang ke ea hore Maria o ne a se a ntse a emotse, e le moimana ha a il’o bona Elizabetha.

Luka 1:56 e re: “Maria a hlola le Elizabetha likhoeli tse batlileng ho ba tharo, a nt’o boela tlung ea hae.” Temana ena ha e fane ka khakanyo e nepahetseng ea letsatsi le tobileng almanakeng. E re “likhoeli tse batlileng ho ba tharo,” e leng ho neng ho tla bolela hore Elizabetha o ne a le khoeling ea borobong ea boimana ba hae.

Ka mor’a ho thusa Elizabetha nakong e qetellang ea boimana ba hae, Maria o ile a tloha ho ea ha habo Nazaretha. Mohlomong Maria o ile a hlokomela hore hang ha Elizabetha a beleha (Johanne), ho ka ’na ha tla baeti ba bangata, haesita le hore ba bang e ka ’na ea e-ba beng ka bona. Seo se ne se ka ’na sa etsa hore a se phutholohe kapa ea e-ba ho hlabisang lihlong hore ebe moroetsana ea sa nyaloang o imme. Ebe Maria o ne a se a e-na le nako e kae e le moimana ha a khutlela Nazaretha? Kaha o ne a ile a ba le Elizabetha ka “likhoeli tse batlileng ho ba tharo,” e ka ’na eaba Maria o ne a se a le qetellong ea khoeli ea boraro kapa qalong ea khoeli ea bone ea boimana ba hae ha a khutlela Nazaretha.—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela