Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 8/1 maq. 15-20
  • Na U Ananela Seo Molimo o se Entseng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Ananela Seo Molimo o se Entseng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tumelo le Mesebetsi
  • Bophelo Boa Ameha
  • Ho Hlōla Litšitiso Tsa Kolobetso
  • Lintho Tse Bonahalang
  • Tšebeletso ea Bomolimo ka Thuso ea Molimo
  • Re Tlameha ho Etsa Eng e le Hore re Pholosoe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Tumelo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Kamoo Tumelo ea ’Nete e ka U Thusang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Khetho e Tiisetsang Bophelo Khotsong ea ’Nete le T,šireletsehong
    Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 8/1 maq. 15-20

Na U Ananela Seo Molimo o se Entseng?

“Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, ha a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi ’me a ntatele a sa khaotse.”—LUKA 9:23, “NW.”

1. Tse ling tsa limpho tse babatsehang tseo Molimo o faneng ka tsona ke life?

RE KOLOTA Molimo bophelo ba rōna. Hoja ha oa ka oa bōpa batho, re ne re ke ke ra tsoaloa le ka mohla. Empa Molimo o bōpile ho fetang bophelo feela. O re etselitse hore re khone ho thabela lintho tse ngata: tatso ea lijo, mofuthu oa letsatsi, molumo oa ’mino, letsatsi le khathollang nakong ea selemo, mofuthu oa lerato. Ho feta moo, Molimo o re file kelello le takatso ea ho ithuta ka oona. O bululetse Bibele, e re fang tataiso e nepahetseng, e re bontšang kamoo re ka phelang bophelo bo thabileng haholoanyane, ’me e fana ka tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la oona le lecha le lokileng. Molimo o boetse o fana ka moea oa oona o halalelang, tšehetso ea phutheho sebakeng ka seng, banna le basali ba hōlileng ba lerato ba ka re thusang ho lula re le matla tšebeletsong ea oona.—Genese 1:1, 26-28; 2 Timothea 3:15-17; Ba-Heberu 10:24, 25; Jakobo 5:14, 15.

2. (a) Ntho e ikhethang ka ho fetisisa eo Molimo o re etselitseng eona ke efe? (b) Na re ka fumana poloko ka mesebetsi?

2 Ho phaella ho seo sohle, Molimo o ile oa romela Mora oa oona oa letsibolo ho tla re bolella ho eketsehileng ka seo Ntate a se lebelletseng ho rōna le ho fana ka “tokollo ka topollo” bakeng sa e mong le e mong ea tla e amohela. (Ba-Efese 1:7, NW; Ba-Roma 5:18) Mora eo, Jesu Kreste, o itse: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Poloko eo topollo eo e entseng hore e fumanehe ke ea bohlokoa bo phahameng hoo ho seng tsela leha e le efe eo ka eona mang kapa mang a neng a ka etsa mesebetsi e itseng hore a e fumane, ka sebele e ne e ke ke ea fumaneha ka mesebetsi e neng e etsoa pele tlas’a Molao oa Moshe. Ka hona, Pauluse o ngotse: “Motho ha a beoe ea lokileng ke mesebetsi ea molao, empa e le ka ho lumela ho Jesu Kreste.”—Ba-Galata 2:16; Ba-Roma 3:20-24.

Tumelo le Mesebetsi

3. Jakobo o ile a re’ng ka tumelo le mesebetsi?

3 Poloko e tla ka tumelo, empa tumelo le kananelo bakeng sa sohle seo Molimo o se entseng li lokela ho re susumelletsa ketsong. Li lokela ho re susumelletsa ho etsa lintho tse bontšang tumelo ea rōna. Jakobo ngoan’abo Jesu ka ’m’a bona o ngotse: “Tumelo, ha e se na mesebetsi, e ichoeletse ruri.” O ile a tsoela pele a re: “Mpontše he tumelo ea hao ho se mesebetsi, ’me ’na ke tla u bontša tumelo ea ka ka mesebetsi ea ka.” Jakobo o ile a bontša hore esita le bademona “ba lumela, ’me ba thothomela,” empa ka ho hlakileng bademona ha ba etse mesebetsi ea bomolimo. Ka lehlakoreng le leng, Abrahama o ne a e-na le tumelo hammoho le mesebetsi. “Tumelo ea hae e sebelisane le mesebetsi ea hae, ’me tumelo ea hae e phethiloe ke mesebetsi.” Jakobo o ile a pheta: “Tumelo, ha e se na mesebetsi, e shoele.”—Jakobo 2:17-26.

4. Jesu o ile a re ba batlang ho mo latela ba lokela ho etsa’ng?

4 Jesu le eena o ile a bontša bohlokoa ba mesebetsi e nepahetseng, a re: “Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi ea lōna e molemo, ’me ba rorise Ntat’a lōna ea maholimong.” “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, ha a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso letsatsi le letsatsi ’me a ntatele a sa khaotse.”a Haeba re ‘itatola,’ re tela boikhethelo ba rōna ba botho linthong tse ngata. Re hlokomela hore re kolota Molimo ntho e ’ngoe le e ’ngoe, kahoo re inehela ho oona joaloka makhoba a oona, re batla ho ithuta thato ea oona le ho e etsa, joalokaha Jesu a entse.—Mattheu 5:16; Luka 9:23, NW; Johanne 6:38.

Bophelo Boa Ameha

5. (a) Petrose o bontšitse hore ke eng e lokelang ho ama tsela eohle ea rōna ea bophelo? (b) O khothallelitse mesebetsi efe e metle?

5 Petrose o ile a bontša hore “mali a bohlokoa” a Kreste, a fanoeng molemong oa rōna, ke a bohlokoa bo phahameng hoo kananelo ea rōna bakeng sa ’ona e lokelang ho bonahala tseleng eohle ea rōna ea bophelo. Moapostola o ile a thathamisa lintho tse ngata tseo kananelo ea rōna e lokelang ho re susumelletsa ho li etsa. O elelitse: “Lahlang bobe bohle.” “Lakatsang lebese le hloekileng la lentsoe.” “Bolela lintle tsa ea le ntšitseng lefifing, a le bitsetsa leseling la hae le hlollang.” ‘Furallang bobe, le etse botle.’ ‘Ikarabelleng ho bohle ba le botsang tsa tšepo eo le nang le eona.’ ‘Litšiung tse u saletseng lefatšeng u se hlole u phelela litakatso tsa botho, empa u phelele thato ea Molimo.’—1 Petrose 1:19; 2:1, 2, 9, TLP; 3:11, 15, TLP; 4:2, TLP.

6. (a) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bontša tumelo ea bona joang? (b) See se lokela ho re behela mohlala ofe?

6 Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba phelela tumelo ea bona. E ile ea fetola pono ea bona le botho ba bona, ea ba susumelletsa ho etsa hore bophelo ba bona bo lumellane le thato ea Molimo. Ba ile ba hlokofatsoa ke ho lelekoa linaheng tsa habo bona, ho tlepetsoa ka majoe, ho otloa, ho kenngoa teronkong, esita le lona lefu ho e-na le hore ba koenehele tumelo ea bona. (Liketso 7:58-60; 8:1; 14:19; 16:22; 1 Ba-Korinthe 6:9-11; Ba-Efese 4:22-24, NW; Ba-Kolosse 4:3; Filemone 9, 10) Rahistori oa Moroma ea tsebahalang Tacitus, ea hlahileng hoo e ka bang ka 56 C.E., o re Bakreste “ba ne ba ahloleloa malakabe ba bile ba chesoa, ho sebeletsa e le khanya ea bosiu, ha khanya ea motšehare e liketse.” Leha ho le joalo ha baa ka ba thekesela!—The Annals, Buka XV, serapa 44.

7. Batho ba bang ba ka ’na ba iphumana ba le boemong bofe?

7 Liphuthehong tse ling u ka ’na ua fumana batho ba ’nileng ba ba teng libokeng ka lilemo-lemo. Ba rata mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ba nahana hore batho ba hae ke batho ba molemo ka ho fetisisa bao ba kileng ba kopana le bona, ba bua lipolelo tse monate ka ’nete, ’me ba sireletsa ’nete ho ba ka ntle. Empa ntho e ’ngoe e eme tseleng ea bona, ntho e ’ngoe e etsa hore ba tsila-tsile. Ha ho mohla ba kileng ba nka mohato o motle oo ba 3 000 ba ileng ba o nka letsatsing la Pentekonta, oo Moethiopia ea lumelang a ileng a botsa ka oona, kapa oo Ananiase a ileng a phehella Saule ho o nka hang ha eena Saule eo e neng e le mohlorisi pele a se a hlokometse hore kannete Jesu e ne e le eena Messia. (Liketso 2:41; 8:36; 22:16) Ke eng e haellang ho batho ba joalo? Ke hobane’ng ha ba sa nka mohato oo Bibele e o bitsang “kōpo e etsoang ho Molimo bakeng sa letsoalo le letle”? (1 Petrose 3:21, NW) Haeba u iphumana u le boemong bona—u tseba ’nete empa u tsila-tsila ho nka khato ka eona—talima sehlooho sena e le se lokiselitsoeng ka lebaka la lerato le khethehileng ho uena.

Ho Hlōla Litšitiso Tsa Kolobetso

8. Haeba ha ho mohla u kileng ua ba seithuti se setle, tsela e bohlale eo u ka e nkang hona joale ke efe?

8 Ke eng eo mohlomong e emeng tseleng ea hao? Sehlooho se ka pele se bontšitse hore ba bang ba ka ’na ba fumana bothata e le thuto ea botho. Molimo o re file likelello tse tsotehang, ’me o lebelletse hore re li sebelise ho o sebeletsa. Batho ba bang ba neng ba sa ka ba ithuta ho bala ba ile ba ikitlaetsa mosebetsing oo e le hore ba ithute ho eketsehileng ka Molimo le merero ea oona. Ho thoe’ng ka uena? Haeba u se u ntse u tseba ho bala, joalokaha Baberea ba entse, na u hlile ua ithuta, u “hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng” ho bona hore na lintho tsee li hlile li joalo? Na u batlisisitse ‘bophara le bolelele le botebo le bophahamo’ ba ’nete? Na u chekile ka hare ho Lentsoe la Molimo ho ea botebong bo lekaneng? Na u fumane hore na hoo ho hlile ho thabisa hakae? Na u hōlisitse takatso ea sebele ea ho tseba thato ea Molimo? Na ka sebele u lapetse ’nete?—Liketso 17:10, 11, NW; Ba-Efese 3:18.

9. Ntho e nepahetseng eo u ka e etsang haeba u e-na le bothata le e mong ka phuthehong ke efe?

9 Ka linako tse ling batho ba tsila-tsila ka lebaka la bothata ba sebele kapa bo inahaneloang boo ba bileng le bona le motho e mong ka phuthehong. Na motho e mong o u khopisitse ka ho tebileng? Joale latela tataiso e bontšitsoeng ke mantsoe a Jesu: “E-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena feela.” (Mattheu 18:15, NW) U ka ’na ua makala ho fumana hore motho eo o ne a bile a sa tsebe hore u khopehile. Empa esita le haeba oa tseba, u sa ntsane u ka ‘rua ngoan’eno,’ joalokaha Jesu a boletse. Hape u ka ’na ua mo thusa ho qoba ho khopisa e mong hape. Ho feta moo, ha u ho nahana, ke mang eo u hlileng u mo sebeletsang—motho eo kapa Molimo? Na lerato la hao ho Molimo le fokola hakaalo hoo u ka lumellang phoso ea motho ofe kapa ofe ea sa phethahalang ho kena-kenana le lerato la hao ho Oona?

10, 11. U lokela ho etsa’ng haeba sebe se itseng sa sekhukhung se ’nile sa etsa hore u tsila-tsile?

10 Sebe sa sekhukhung se ka ’na sa etsa hore motho a tsila-tsile ho kolobetsoa. E ka ’na eaba ena ke ntho e etsahetseng nakong e fetileng, kapa e ka ’na ea e-ba tsela e fosahetseng e ntseng e tsoela pele. Haeba bona ke bothata ba hao, na ee hase nako ea ho lokisa taba? (1 Ba-Korinthe 7:29-31) Batho ba Jehova ba bangata ba ile ba lokela ho etsa liphetoho bophelong ba bona. Bibele e re: “Bakang ke hona, ’me le sokolohe, libe tsa lōna li tle li hlakoloe, hore ho tle ho be ho fihle mehla ea khatholoho ka ponahalo ea Morena.”—Liketso 3:19, 20.

11 Ho sa tsotellehe hore na mohlomong u entse’ng nakong e fetileng, u ka baka, ua fetoha, ’me ua kōpa tšoarelo ho Molimo. “Le bolaee ke hona litho tsa lōna tse leng lefatšeng, ke ho re, bofebe, le litšila, le maikutlo a mabe, le litakatso tse mpe . . . le hlobole motho oa khale le liketso tsa hae; ’me le apare motho e mocha, ea nchafallang tsebong ka setšoantšo sa ea ’mōpileng.” U ka etsa hore bophelo ba hao bo lumellane le litsela tsa oona, ua thabela letsoalo le hloekileng, ’me ua ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la oona le lecha le lokileng. Na hoo ha ho tšoaneloe ke boiteko bofe kapa bofe bo ka ’nang ba hlokahala?—Ba-Kolosse 3:5-10; Esaia 1:16, 18; 1 Ba-Korinthe 6:9-11; Ba-Heberu 9:14.

12. U lokela ho etsa’ng haeba koae, tšebeliso e mpe ea tahi, kapa lithethefatsi tse bakang temalo li u sitisa ho fumana letsoalo le hloekileng?

12 Na ho sebelisa koae, ho sebelisa tahi hampe, kapa ho lemalla lithethefatsi ho u sitisa ho fumana letsoalo le hloekileng? Na mekhoa e sokelang bophelo joalo ha e bontše ho hloka tlhompho bakeng sa mpho ea Molimo e babatsehang ea bophelo? Haeba mekhoa e joalo e eme tseleng ea hao, ruri ena ke nako ea ho e lokisa. Na mekhoa ee ke ea bohlokoa hoo u ka lahleheloang ke bophelo ba hao ka baka la eona? Pauluse o itse: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea, re ntse re phetha khalalelo ea rōna ka ho tšaba Molimo.” Na u ananela litsela tsa Molimo tse hloekileng le tse lokileng ka ho lekaneng hore u etse seo?b—2 Ba-Korinthe 7:1.

Lintho Tse Bonahalang

13, 14. (a) Mangolo a re’ng ka lipakane tsa lintho tse bonahalang? (b) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho etelletsa lintho tsa leholimo pele?

13 Lefatše la kajeno le etelletsa katleho le “boikhantšo joa bophelo” ka pele ho hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa Jesu o ile a tšoantša “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo” le “meutloa” e pupetsang lentsoe la Molimo. O ile a boela a botsa: “Ebe motho a ka boelloa ke eng haeba a ka rua lefatše lohle, empa a senyeheloa ke bophelo ba hae?”—1 Johanne 2:16; Mareka 4:2-8, 18, 19, NW; Mattheu 16:26, TLP.

14 Jesu o ile a bontša hore Molimo o lokiselitse hore linonyana li fumane lijo le mehalalitoe e thunye ka mokhoa o bohehang. Eaba oa botsa: “Le ba bohlokoa hakaakang ho feta linonyana? . . . [Molimo] o tla le apesa haholo hakaakang!” Ka bohlale, Jesu o re bolelletse hore re “khaotse ho tšoenyeha” ka lintho tse bonahalang. O itse: “Le batle ’muso [oa Molimo] le sa khaotse, ’me le tla ekeletsoa lintho tsena.” O ile a bontša hore re lokela ho etelletsa lintho tsa leholimo pele hobane ‘moo letlotlo la rōna le leng teng, ke moo le pelo tsa rōna li tla ba teng.’—Luka 12:22-31, NW; Mattheu 6:20, 21.

Tšebeletso ea Bomolimo ka Thuso ea Molimo

15. Mohlala oa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo o re fa khothatso efe e ntle?

15 Na ho pakela ba bang ho bonahala ho u fa bothata? Na lihlong li etsa hore u tsila-tsile? Haeba ho joalo, ke habohlokoa ho hopola hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le maikutlo a tšoanang le ao re nang le ’ona kajeno. Molimo ha oa ka oa khetha ba bangata ba bohlale le ba matla, empa o ile oa khetha ‘tse fokolang tsa lefatše, o tle o soabise tse matla.’ (1 Ba-Korinthe 1:26-29) Baeta-pele ba matla ba bolumeli ba ile ba hanyetsa batho bana “ba tloaelehileng” ’me ba ba laela hore ba khaotse ho bolela. Bakreste bao ba ile ba etsa joang? Ba ile ba rapela. Ba ile ba kōpa hore Molimo o ba fe sebete, ’me o ile oa ba fa sona. Ka baka leo, molaetsa oa bona o ile oa tlala Jerusalema ’me hamorao oa sisinya lefatše lohle!—Liketso 4:1-4, 13, 17, 23, 24, 29-31, NW; 5:28, 29; Ba-Kolosse 1:23.

16. Re ithuta eng ka ‘leru le leholo la lipaki’ le hlalositsoeng ho Ba-Heberu khaolo 11?

16 Ka hona, le ka mohla ho tšaba motho ha hoa lokela ho re sitisa ho sebeletsa Molimo. Ba-Heberu khaolo 11 e re bolella ka ‘leru le leholo la lipaki’ tse neng li sa tšabe batho, empa li tšaba Molimo. Re lokela ho bontša tumelo e tšoanang. Moapostola o ngotse: “Joale he, le rōna ha re teetsoe hare ke leru le lekalo la lipaki, a re ke re lahleng hohle ho re imelang, le sebe se tšoasang feela, ’me re ke re titime ka sebete peisong eo re e beetsoeng.”—Ba-Heberu 12:1.

17. Molimo o ile oa fana ka khothatso efe ka Esaia?

17 Molimo o ka fa bahlanka ba oona thuso e khōlō. ’Mōpi oa bokahohle o ile a bolella Esaia: “Ba itšepelang Jehova ba bona matla a macha, ba fofa joale ka ntsu, ba titima, ’me ha ba khathale; ba tsamaea, ’me ha ba fokole.”—Esaia 40:31.

18. U ka hlōla boi joang e le hore u kopanele boboleling ba ’Muso?

18 Lipaki tse sebete le tse thabileng tseo u li bonang phuthehong ea heno ke karolo e nyenyane feela ea bahlanka ba chesehang ba fetang limillione tse tharo le halofo lefatšeng ka bophara. Li thabela ho kopanela mosebetsing oo Jesu Kreste ka boeena a o boletseng esale pele ka mantsoe ana: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Haeba ho kopanela boboleling ba ’Muso ho u fa bothata le hoja u tšoaneleha ho etsa hoo, ke hobane’ng ha u sa kōpe Paki e ’ngoe e atlehang tšebeletsong hore e tsamaee le uena e le hore u kopanele mosebetsing oa boboleli? Molimo o hlile o fana ka “matla a fetang a tloaelehileng,” ’me u ka ’na ua makala ha u fumana hore na tšebeletso ena ea bomolimo e hlile e thabisa hakaakang.—Mattheu 24:14; 2 Ba-Korinthe 4:7, NW; bona le Pesaleme ea 56:11; Mattheu 5:11, 12; Ba-Filippi 4:13.

19. Ke mosebetsi ofe oa ho ruta oo Jesu a ileng a laela balateli ba hae hore ba o etse?

19 Jesu o lebelletse hore ba ananelang molaetsa oa ’Muso ba nke khato ka oona. O itse: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20.

20. Haeba u hatela pele moeeng, ke potso efe eo haufinyane e ka ’nang ea e-ba e loketseng?

20 Na kananelo ea hao bakeng sa mahlohonolo a tsoang ho Molimo, “mali a bohlokoa” a Jesu, le tšepo e babatsehang ea bophelo bo sa feleng e u susumelletsa ketsong? (1 Petrose 1:19) Na u se u entse hore bophelo ba hao bo lumellane le litlhokahalo tsa Molimo tse lokileng? Na u kopanela ka mehla ho etseng barutuoa? Na u se u itatotse u bile u nehetse bophelo ba hao ho Molimo? Haeba karabelo lipotsong tsena kaofela ke e, e tiileng, e ka ’na eaba ena ke nako ea ho botsa e mong oa baholo phuthehong eo u kopanelang le eona potso e tšoanang le eo Moethiopia ea lumelang a ileng a e botsa Filippi: “Ke eng e nthibelang ho kolobetsoa?”—Liketso 8:36, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The Jerusalem Bible e fetolela sena e le “a itahle.” Phetolelo ea J. B. Phillips e re “a lahle tokelo eohle ea hae ka boeena.” The New English Bible e re “a itšiee morao.”

b Bakeng sa boitsebiso ba ho tlohela mekhoa e joalo, bona Molula-Qhooa, August 1, 1981, maqephe 3-12; December 1, 1973, maqephe 542-548; le Tsoha!, January 8, 1983, maqephe 3-12; November 8, 1981, maqephe 16-24. Limakasine tsena li ka ’na tsa fumaneha ka laebrari Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ea sebaka sa heno.

Na u sa Hopola?

◻ Re na le mabaka afe a khethehileng a ho leboha Molimo?

◻ Tumelo le kananelo li lokela ho re susumelletsa ho etsa’ng?

◻ Ke mathata afe a ka ’nang a re sitisa ho utloa Molimo, ’me re ka etsa’ng ka ’ona?

◻ Ke lipotso life tseo batho ba e-s’o kolobetsoe ba ka ’nang ba ipotsa tsona?

[Lebokose le leqepheng la 18]

‘E be ’na ke “mobu” oa mofuta ofe?’

Jesu o ile a fana ka setšoantšo sa monna ea ileng a tsoa ho ea jala peō. Peō e ’ngoe e ile ea oela pel’a tsela ’me ea jeoa ke linonyana. E ’ngoe e ile ea oela libakeng tse nang le majoe a mangata tse se nang mobu o mongata. Peō ena e ile ea mela ka potlako, empa ha letsatsi le e-tla, lijalo tseo tsa pona ’me tsa shoa. Peō e ’ngoe eona e ile ea oela meutloeng ’me ea pupetsoa. Jesu o ile a re lihlopha tsena tse tharo li ne li emela: sa pele, motho ea ‘utloang lentsoe la ’Muso oa Molimo, ’me a sa le utloisise’; sa bobeli, motho ea amohelang lentsoe empa a khutlisoa ke mocheso oa “matšoenyeho kapa litlhoriso”; ’me sa boraro, motho eo ho eena ‘likhathatso tsa mehla ea joale le thetso ea maruo li bipetsang lentsoe.’

Empa Jesu o ile a boela a bolela ka peō e ’ngoe e oetseng mobung o motle. O itse: “Ke ea utloang lentsoe, ’me a le utloisise. Enoa ke eena ea behang.”—Mattheu 13:3-8, 18-23, TLP.

Ho ka ba molemo hore re ipotse: ‘E be ’na ke “mobu” oa mofuta ofe?’

[Lebokose le leqepheng la 19]

Ba ile ba shoela tumelo ea bona

Na ho na le motho leha e le ofe eo u mo tsebang ea neng a ka mpa a shoa ho e-na le ho koenehela tumelo ea hae? Likete-kete tsa Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa etsa hoo. Ho The Nazi State and the New Religions: Five Case Studies in Non-Conformity, Dr. Christine E. King o ngotse: “Ho Lipaki tse ling le tse ling tse peli tsa Majeremane e le ’ngoe e ile ea kenngoa teronkong, ho tse ’nè e le ’ngoe e ile ea lahleheloa ke bophelo ba eona.”

Ha masetla-pelo a likampo tseo a fela qetellong ka 1945, “manane a Lipaki a ne a eketsehile ’me ho se na ho sekisetsa ha letho ho entsoeng.” Ho The Nazi Persecution of the Churches, J. S. Conway o ile a ngola ka Lipaki: “Ha ho sehlotšoana se seng sa bolumeli se bontšitseng mofuta leha e le ofe oa boikemisetso bo joalo ha se talimane le matla a felletseng a tšoso ea Gestapo.”

Lipaki tsa Jehova li ne li sa hlorisoe ka lebaka la lipolotiki kapa morabe. Ho fapana le hoo, li ile tsa hlokofatsoa feela ka lebaka la lerato la tsona ho Molimo le ho hana ha tsona ho koenehela matsoalo a tsona a koetlisitsoeng ke Bibele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela