-
Kreste o Fetoha Sebopeho ’me Khanya ea Hae ea BonahalaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Jesu o Cesarea Filipi e bohole ba lik’hilomithara tse 25 ho tloha Thabeng ea Hermone. Ha a ntse a ruta batho, o bolella baapostola ntho e ʼngoe e makatsang. O re: “Kannete ke re ho lona ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba latsoa lefu pele ba bona Mor’a motho a tla ka ’Muso oa hae.”—Matheu 16:28.
E tlameha ebe barutuoa baa ipotsa hore na Jesu o bolela’ng. Hoo e ka bang beke ka mor’a moo, o nka baapostola ba hae ba bararo e leng Petrose, Jakobo le Johanne ’me ba ea thabeng e phahameng. E ka ’na eaba ke bosiu hobane banna bao ba bararo ba tšoeroe ke boroko. Ha Jesu a ntse a rapela, o fetoha sebopeho ba ntse ba mo shebile. Baapostola ba bona sefahleho sa Jesu se khanya joaloka letsatsi ’me liaparo tsa hae li phatsima joaloka leseli, li le tšoeu toa!
-
-
Kreste o Fetoha Sebopeho ’me Khanya ea Hae ea BonahalaJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Pono ena e matlafatsa Jesu le baapostola haholo. Ba bone bohashana ba khanya eo Kreste a tla ba le eona ’Musong. Kahoo, barutuoa ba bone “Mor’a motho a tla ka ’Muso oa hae,” feela joalokaha Jesu a ile a tšepisa. (Matheu 16:28) Ha ba le thabeng, e “bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang.” Le hoja Bafarisi ba ne ba batla pontšo e pakang hore Jesu ke eena eo e tla ba Morena ea khethiloeng ke Molimo, o ne a sa ba fe eona. Leha ho le joalo, barutuoa ba Jesu ba haufi-ufi ba ile ba lumelloa ho bona ha Jesu a fetoha sebopeho, e leng ntho e neng e paka hore boprofeta ba ’Muso bo tla phethahala. Ke ka lebaka leo Petrose a ileng a ngola hamorao a re: “Re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane.”—2 Petrose 1:16-19.
-