Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ha Jesu a Tla ka Khanya ea ’Muso
    Molula-Qhooa—1997 | May 15
    • 4 Hantle-ntle baapostola ba bararo ba ile ba bona eng? Luka o hlalosa ketsahalo ena ka tsela e latelang: “Ha [Jesu] a ntse a rapela ponahalo ea sefahleho sa hae ea e-ba e fapaneng ’me liaparo tsa hae tsa e-ba tšoeu ka mokhoa o benyang. Hape, bonang! banna ba babeli ba ne ba qoqa le eena, e le Moshe le Elija. Bana ba bonahala ka khanya ’me ba qala ho bua ka ho tloha ha hae hoo a neng a reretsoe ho ho phethahatsa Jerusalema.” Joale, “leru la bōpeha ’me la qala ho . . . koahela [baapostola]. Eare ha ba kena lerung, ba tlala tšabo. Eaba lentsoe le tsoa lerung, le re: ‘Enoa ke Mora oa ka, eena ea khethiloeng. Mo mameleng.’”—Luka 9:29-31, 34, 35.

  • Ha Jesu a Tla ka Khanya ea ’Muso
    Molula-Qhooa—1997 | May 15
    • 5. Ho fetoha sebōpeho ho bile le phello efe ho moapostola Petrose?

      5 Moapostola Petrose o ne a se a boletse hore Jesu ke “Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” (Matheu 16:16) Mantsoe a Jehova a tsoang leholimong a ile a tiisa polelo eo, ’me pono ea Jesu ea fetohileng sebōpeho e ne e le pontšo e tlang esale pele ea ho tla ha Kreste ka matla a ’Muso le ka khanya, bakeng sa ho ahlola moloko oa batho qetellong. Lilemo tse fetang 30 ka mor’a ho fetoha sebōpeho hona, Petrose o ile a ngola: “E ne e se ka ho latela lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene re ileng ra le tsebisa matla le ho ba teng tsa Morena oa rōna Jesu Kreste, empa e ne e le ka hore re bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang. Etsoe o ile a amohela ho Molimo Ntate tlhompho le khanya, ha mantsoe a kang ana a ne a fetisetsoa ho eena ka khanya e hlollang: ‘Enoa ke mora oa ka, moratuoa oa ka, eo ’na ka bonna ke mo amohetseng.’ E, re ile ra utloa mantsoe ana a fetisoa ho tsoa leholimong ha re ntse re e-na le eena thabeng e halalelang.”—2 Petrose 1:16-18; 1 Petrose 4:17.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela