Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 7/1 maq. 16-17
  • “Ho Malimabe Uena, Korazine!”—Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Malimabe Uena, Korazine!”—Hobane’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Tlo Hahlaule Leoatleng la Galilea!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • A7-D Lintho Tse Etsahetseng Bophelong ba Jesu ha a le Lefatšeng—Tšebeletso e Kholo ea Jesu ha a le Galilea (Karolo ea 2)
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Baikhohomosi le Baikokobetsi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 7/1 maq. 16-17

Lintho Tse ka Bonoang Lefatšeng la Pallo

“Ho Malimabe Uena, Korazine!”—Hobane’ng?

KA SEBELE u ne u ke ke ua rata hore Molimo a u phatlalatse u le malimabe, na ha ho joalo? Joale, nahana kamoo Bajode ba metse e meraro ea Galilea ba lokelang hore ebe ba ile ba ikutloa kateng ha Mora oa Molimo le Moahloli a phatlalatsa:

“Ho malimabe uena, Korazine! ho malimabe uena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsoeng ha eno, hola ea be e entsoe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile khale, ka masela a mahoashe le ka molora. Ka baka leo, ke re ho lōna: Kotlo ea Tire le ea Sidone e tla ba chatsi ho ea lōna ka tsatsi la kahlolo. Le uena Kapernauma, . . . u tla kokobeletsoa nģalong ea bafu.”—Mattheu 11:21-23.

Pono e ka holimo e bontša o mong oa metse eo—Korazine. Setšoantšo sena se boetse se hlaha ho 1989 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova bakeng sa Julu/August. Ka ho thahasellisang, mantsoe a Jesu a ho Mattheu 11:21-23 a lenaneong la ’malo oa Bibele la Lipaki tsa Jehova ka August. Ka hona, ke eng eo re lokelang ho e tseba ka Korazine?

Joale, hlokomela moo Korazine ea boholo-holo e neng e le teng. U ka bona lithako tsa teng ka pele setšoantšong sena. Hape, hlokomela lifate tse lebōpong la leoatle la Galilea. Ke moo Kapernauma e neng e le hona teng, hoo e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse tharo. Ponahalo ea setšoantšo sena se nkiloeng motho a le sefofaneng e ka ’na ea fana ka maikutlo a hore ke sebaka se bataletseng, athe Korazine ha e le hantle e har’a maralla limithara tse ka bang 270 ka holimo ho lebōpo.

Ho boetse hoa thusa ho tseba hore hoo e ka bang bohōle bo lekanang ho tloha Kapernauma, ho sika le lebōpo, e ne e le Bethsaida. Ka hona, ka ho rohaka metse ena e meraro, Jesu o ne a lebisitse tlhokomelo ea hae sebakeng se senyenyane ho pota setsi sa hae sa mosebetsi Galilea. (Mattheu 4:13; Mareka 2:1; Luka 4:31) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a phatlalatsa hore e malimabe?

Jesu o ile a qeta nako e ngata a e-na le baapostola sebakeng sena, ’me o ile a etsa mehlolo e mengata haholo mona. Haufi le Bethsaida o ile a fepa batho ba fetang 5 000 ka mohlolo, ’me o ile a etsa hore monna oa sefofu a bone. (Mareka 8:22-25; Luka 9:10-17) Har’a mehlolo e meng ea hae Kapernauma kapa haufi le teng e ne e le ho phekola ha hae moshanyana ea kulang a le hōle, ho folisa monna ea nang le modemona, ho etsa hore motho ea omeletseng litho a tsamaee, le ho tsosa morali oa ’musi oa synagoge. (Mareka 2:1-12; 5:21-43; Luka 4:31-37; Johanne 4:46-54) Le hoja Bibele e sa re hlakisetse hore na ke “mehlolo” efe e amahanngoang le Korazine, Mattheu 11:21 e bontša hore Jesu o ile a etsa mehlolo moo kapa haufi le teng. Leha ho le joalo, batho ba ne ba sa bake le ho beha tumelo ho eena joaloka Messia ea neng a tšehelitsoe ke Molimo.

Ha u sheba pono e latelang ea Jesu ha a etsa mesebetsi e joalo, u ka ’na ua botsa, ‘Ke joang batho ba Korazine ba neng ba ke ke ba arabela hakaalo?’ Mohlomong tharollo e ka fumanoa har’a majoe a matšo a morema-phofu ao baepolli ba lintho tsa khale ba a tsetollotseng fatše har’a masupi ana, a khutlelang morao lekholong la boraro la lilemo C.E. Mesaletsa ena e akarelletsa synagoge e bohareng ba motse le libaka tsa bolulo tse haufi. A mang a majoe a synagoge a ne a e-na le litšoantšo tse betliloeng tse sa tloaelehang. Tsa eng? Litšoantšo tsa litšōmong tsa Segerike, tse kang Medusa ea noha e boea le centaur, halofo e ’ngoe e le motho le halofo e ’ngoe e le pere. Kaha Bojode bo lokela e be bo ile ba hanyetsa ka matla litšoantšo tse joalo tse betliloeng tsa borapeli, ke hobane’ng ha baeta-pele ba Bajode ba Korazine ba ile ba li lumella ka synagogeng ea bona? 

Khopolo e ’ngoe ke hore “boikutlo ba bolokolohi e ka ’na eaba bo ne bo tloaelehile sebakeng seo,” e nehang Jesu lebaka la ho ba le tšepo ea karabelo e molemo motseng.a Empa haeba litšoantšo tsa synagoge tse betliloeng li hlahisa ntho leha e le efe ka boikutlo ba mehleng ea Jesu, e ka ’na eaba ba bangata Korazine ba ne ba sa ameha ka ho khetheha ka ho rapela “Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23) Ba bontšitse hoo ka ho se amohele Messia ea etsang mehlolo.

Ha Jesu a roma barutuoa ba 70, a boetse a sebelisa polelo e feteletsang e amanang le ho se arabele ha Korazine, Bethsaida, le Kapernauma. Haeba Bagalilea ba habo Jesu ba Korazine ba neng ba tloaelane le mesebetsi ea hae e matla ba sa ka ba arabela hamolemo, barutuoa ha baa lokela ho makala haeba baahi ba metse e meng e itseng moo ba neng ba bolela ba sa ka ba ba amohela.—Luka 10:10-15.

Kahoo ha re ntse re nahanisisa ka masupi a matšo a Korazine a se nang bophelo, re lokela ho tebisa pelong temoso e akarellelitsoeng ‘bomalimabeng’ bo boletsoeng ke Jesu. Ho hlōleha ho baka, ho arabela mosebetsing oa Molimo o etsoang ke batho ba hae, ho ka lebisa ho theoleloeng tlaase le bokamosong bo lerōōthō.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The World of the Bible, Moqolo 5, leqephe 44, e hatisitsoeng ke Educational Heritage, Inc., New York, 1959.

[’Mapa o leqepheng la 16]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Korazine

Bethsaida

Kapernauma

Leoatle la Galilea

Tiberiase

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela