Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Rata Moahisani oa Hao?
BOPHELO bo sa feleng bo itšetlehile ka lerato la rōna ho Molimo le moahisani. Ntlha eo e ile ea hlahisoa puisanong e bileng teng hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng.
Monna oa Mojode eo e leng setsebi sa Molao oa Moshe o ile a botsa Jesu Kreste: “Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?” Jesu o ile a araba: “Na ho ngoliloe’ng molaong? U bala’ng teng?” Ha a qotsa Molao, monna eo o ile a re: “U tla rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle, le ka khopolo ea hao eohle; le oa heno, u mo rate joale ka ha u ithata.” Jesu o ile a re: “U arabile hantle; etsa hoo, ’me u tla phela.”—Luka 10:25-28.
Eaba, ea neng a botsa Jesu oa botsa: “Oa heso [“moahisani,” NW] ke mang na?” Ho e-na le ho arabela ka ho toba, Jesu o ile a pheta pale ea tšoantšetso ea monna oa Mojode ea ileng a tlatlapuoa, a otloa, ’me a siuoa a le makhatheng a lefu. Ho ile ha feta Bajode ba babeli—oa pele e le moprista ’me ha latela Molevi. Ka bobeli ba ile ba bona boemo ba Mojode oa habo bona empa ba se ke ba etsa letho ho mo thusa. Mosamaria o ile a latela. A susumetsoa ke kutloelo-bohloko, o ile a tlamisa maqeba a Mojode eo ea tsoileng kotsi, a mo isa tlung ea baeti, ’me a etsa litokisetso tsa hore a fuoe tlhokomelo e eketsehileng.
Jesu o ile a botsa ea neng e ’motsa: “Ke mang ho ba bararo bao e bileng oa habo ea oetseng har’a lihlola na?” Ka ho hlakileng, e ne e le Mosamaria ea mohau. Ka hona Jesu o ile a bontša hore lerato la ’nete la baahisani le feta mekoallo ea morabe.—Luka 10:29-37.
Ho Haella ha Lerato la Boahisani
Kajeno ho na le lehloeo le lengata le ntseng le eketseha lipakeng tsa batho ba merabe e fapaneng. Ka mohlala, haufinyane batho ba nang le tšekamelo ea Bonazi ba Jeremane ba ile ba tabanya monna e mong fatše ’me ba mo hatikela ka lirifi, ba batla ba mo roba likhopo kaofela. Ha ba qeta ba ile ba mo tšela ka seno se nang le tahi e ngata ’me eaba ba mo hotetsa. Monna eo ea ileng a tloheloa hore a shoe o ile a hlaseloa hobane ho ne ho nahanoa hore ke Mojode. Ketsahalong e ’ngoe e fapaneng, ntlo e haufi le Hamburg e ile ea chesoa ka libomo, ’me ha cha batho ba bararo ba morabe oa Turkey ho fihlela ba e-shoa—e mong oa bona e ne e le ngoanana ea lilemo li leshome.
Balkans le bochabela bo hōle, lintoa tsa merabe li ne li se li bolaile batho ba likete. Ba bang ba ile ba shoa likhohlanong tse lipakeng tsa batho ba limelo tse fapaneng Bangladesh, India, le Pakistan. Afrika teng, ho ile ha shoa batho ba bang likhohlanong tse lipakeng tsa batho ba meloko e fapaneng le merabe e fapaneng.
Batho ba bangata ba sithabetsoa ke pefo e joalo ’me le ka mohla ba ke ke ba etsa letho ho ntša moahisani oa bona kotsi. Ha e le hantle, lipontšo tsa boipelaetso tse khōlō Jeremane li ’nile tsa nyatsa pefo ea merabe moo. Leha ho le joalo, The New Encyclopædia Britannica e re: “Hoo e batlang e le litho tsa meetlo eohle ea lefatše li nka tsela ea tsona ea bophelo e phahametse ea baahisani ba haufi.” Lipono tse joalo li sitisa lerato la boahisani. Na ho na le ntho e ka etsoang ka see, haholo-holo kaha Jesu a boletse hore bophelo bo itšetlehile ka ho rata Molimo le moahisani?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Cover: Jules Pelcog/Die Heilige Schrift
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
The Good Samaritan/The Doré Bible Illustrations/Dover Publications, Inc.