Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • 13 Jesu o ile a bua ka lintlha tse ling tse tsebahalang ka tsela eo e tlohang ‘Jerusalema e ea Jeriko.’ Papisong eo, moprista o ile a feta tseleng eo pele, ha ntan’o latela Molevi—’me ho bona ka bobeli ha ho ea ileng a ema ho thusa motho eo ea bothateng. (Luka 10:31, 32) Baprista ba ne ba sebeletsa tempeleng Jerusalema, ’me Balevi ba ba thusa. Baprista le Balevi ba bangata ba ne ba lula Jeriko ha ba se tempeleng; Jeriko e ne e le lik’hilomithara tse 23 feela ho tloha Jerusalema. Kahoo, ba ne ba bonoa tseleng eo. Hape hlokomela hore Jesu o re motho ea neng a le leetong o ne a “theoha Jerusalema”—eseng hore o ne a nyolohela teng. Taba e ile ea hlakela bamameli ba hae. Jerusalema e ne e le sebakeng se phahametseng Jeriko. Kahoo, motho ea tsoang “Jerusalema” o ne a “theoha.”b Ho hlakile hore Jesu o ne a nahanne ka bamameli ba hae.

  • “O ne a sa Bue le Bona Kantle ho Papiso”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • b Jesu o ile a boela a re moprista le Molevi ba ne ba “theoha Jerusalema,” e leng hore ba ne ba tsoa tempeleng. Kahoo ha ho motho ea neng a ka ba emela ka hore ba ile ba iphapanya hobane ba ne ba qoba ho tšoara motho ea neng a bonahala eka o shoele kaha ba ne ba sa batle ho etsa ntho eo ka nakoana e tla ba sitisa ho sebeletsa tempeleng.—Levitike 21:1; Numere 19:16.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela