Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 7/15 leq. 24
  • Mosamaria ea Nang le Moea oa Boahisani

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosamaria ea Nang le Moea oa Boahisani
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosamaria ea Molemo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani oa ’Makhonthe
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ea Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Thuto ea ho ba Mosa
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 7/15 leq. 24

Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Mosamaria ea Nang le Moea oa Boahisani

MOHLOMONG Jesu o haufi le Bethania, motse o ka bang lik’hilomithara tse tharo ho tloha Jerusalema. Monna e mong eo e leng setsebi sa Molao oa Moshe o mo atamela ho tla ’motsa, a re: “Moruti, ke tla rua bophelo bo sa feleng ha ke etsa eng?”

Jesu o hlokomela hore monna enoa, eo e leng ’muelli oa Molao, ha a botsetse feela hobane a batla ho rua tsebo empa o batla ho mo leka. E ka ’na eaba sepheo sa ’muelli eo oa Molao ke ho etsa hore Jesu a arabele ka tsela e tla qholotsa seo Bajode ba se lumelang le lintho tse ba hlabang. Kahoo Jesu o etsa hore ’muelli enoa oa Molao a itlame, oa botsa: “Na ho ngoliloe’ng molaong? U bala’ng teng?”

Ha a arabela, ’muelli enoa oa Molao, a sebelisa masene a sa tloaelehang, o qotsa melaong e ho Deuteronoma 6:5, le Levitike 19:18, ka ho re: “U tla rata Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle, le ka khopolo ea hao eohle; le oa heno, u mo rate joale ka ha u ithata.”

Jesu oa arabela: “U arabile hantle; etsa hoo, ’me u tla phela.”

Leha ho le joalo, ’muelli enoa oa Molao ha aa khotsofala. Karabelo ea Jesu ha ea toba ho lekana. O batla hore Jesu a tiise hore maikutlo a hae ka boeena a nepahetse ’me kahoo o lokile tseleng eo a tšoarang ba bang ka eona, Kahoo oa botsa, “’Me oa heso ke mang na?”

Bajode ba lumela hore poleloana “oa heno” le sebetsa feela ho Bajode ba bang, joalokaha ho bonahala eka moelelo oa Levitike 19:18 o bontša joalo. Ha e le hantle, hamorao esita le moapostola Petrose o itse: “Lea tseba hobane motho oa mo-Jode ha a lumelloe ho kopana le mo-lichaba, leha e le ho kena ha hae.” Kahoo ’muelli eo oa Molao, mohlomong le barutuoa ba Jesu, ba lumela hore ba lokile haeba ba sebetsana ka mosa le Bajode ba bang feela, kaha, maikutlong a bona, bao eseng Bajode e hlile hase ba habo bona.

Ntle le ho qholotsa bamameli ba hae, Jesu a ka lokisa maikutlo a bona joang? O ba phetela pale, mohlomong e theiloeng ketsahalong ea sebele. Jesu oa hlalosa: “[Mojode] e mong o na a theohile Jerusalema ho ea Jeriko; a oela har’a lihlola; tsa mo hlobolisa, tsa mo ntša likotsi, tsa ntoo ikela, tsa mo siea a le makhatheng a ho shoa.”

Jesu o tsoela pele: “Moprista a tšoha a theoha ka tsela eo; eare ha a ’mona, a mo koekoetla, Ka mokhoa o joalo, le mo-Levi a fihla moo, ’me ha a ’mona, a mo koekoetla. Empa mo-Samaria e mong, oa moeti, ha a e-tla moo a leng teng, eare ha a ’mona, a mo utloela bohloko.”

Baprista ba bangata le batlatsi ba bona ba Balevi ba sebeletsang tempeleng ba phela Jeriko, moo ho ea fihla teng ba lokelang ho theosa lik’hilomithara tse 23, limithara tse 900 ho feta tseleng e kotsi ha ba tloha moo ba sebeletsang tempeleng teng Jerusalema. Ho ne ho ka lebelloa hore Moprista le Molevi ba thuse Mojode oa habo bona ea tsietsing. Empa ha ba etse joalo. Ho e-na le hoo, Mosamaria oa mo thusa. Bajode ba hloile Basamaria hoo haufinyane ba sa tsoa rohaka Jesu ka mantsoe a mabe haholo ka ho ’mitsa “mo-Samaria.”

Empa Mosamaria eo o etsa joang ho thusa Mojode eo? Jesu o re: “A atamela, a tlamella maqeba a hae, a a tšela ka oli le ka veine; a ’meha peleseng ea hae ee a e kaletseng, a mo isa tlung ea baeti, a mo okela teng. E sa le hosasa, ha a tloha, a ntša lidenare tse peli [hoo e ka bang moputso oa mosebetsi oa matsatsi a mabeli], a li nea mong a ntlo, a re ho eena: Mo oke, ’me seo u tla se ntša ka ho fetisa sena, ke tla se lefa mohla ke khutlang.”

Ha a qeta ho pheta pale eo, Jesu o botsa ’muelli eo oa Molao: “Joale, uena, ha u lekanya, ke mang ho ba bararo bao e bileng oa habo ea oetseng har’a lihlola na?”

A ikutloa a tsielehile ka ho fana ka tlotla ho Mosamaria, ’muelli eo oa Molao o arabela feela ka ho re: “Ke ea mo etselitseng mohau.”

Jesu o qetella ka ho re: “E-ea, ’me u etse joalo le uena.”

Hoja Jesu o ne a ile a bolella ’muelli eo oa Molao ka ho toba hore bao eseng Bajode le bona e ne e le ba habo, hase feela hore monna eo o ne a ke ke a amohela sena empa mohlomong boholo ba ba mo mametseng ba ne ba tla oela ka lehlakoreng la hae puisanong ea hae le Jesu. Leha ho le joalo, pale ena e ka ’nang ea etsahala ka sebele bophelong, e hlakisitse ka tsela e ke keng ea hanyetsoa hore ba habo rōna ba akarelletsa batho ba bang ntle le ba morabe oa habo rōna kapa sechaba sa habo rōna. Jesu o ne a e-na le tsela e tsotehang hakaakang ea ho ruta! Luka 10:25-37; Liketso 10:28; Johanne 4:9; 8:48.

◆ ’Muelli oa Molao o ile a botsa Jesu lipotso life, ’me ka ho totobetseng morero oa hae oa ho botsa e ne e le ofe?

◆ Bajode ba ne ba lumela hore ba habo bona ke bo-mang, ’me ho na le lebaka lefe la ho lumela hore esita le barutuoa ba ne ba e-na le maikutlo aa?

◆ Ke joang Jesu a ileng a fetisa maikutlo a nepahetseng ka mokhoa oo ’muelli eo oa Molao a neng a ke ke a a hanyetsa?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela