Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ea Molemo
    Molula-Qhooa—1998 | July 1
    • Jesu o ile a tsoela pele: “Mosamaria ea itseng ea neng a tsamaea ka tsela eo a fihla ho eena.” Ha ho pelaelo hore ha ho buuoa ka Mosamaria ’muelli enoa oa molao o ile a lakatsa ho tseba. Na Jesu o ne a ka lumella pono e fosahetseng ka morabe oo? Ho fapana le hoo, Jesu a re, ha a bona moeti enoa ea malimabe, Mosamaria enoa o ile “a susumetsoa ke khauho. Kahoo a mo atamela ’me a tlamisa maqeba a hae, a a tšela ka oli le veine. Joale a mo palamisa phoofolo ea hae ’me a mo tlisa ntlong ea baeti ’me a mo hlokomela.b ’Me letsatsing le hlahlamang a ntša lidenari tse peli, a li fa mohlokomeli oa ntlo eo ea baeti, eaba o re, ‘Mo hlokomele, ’me eng kapa eng eo u e sebelisang ka ntle ho sena, ka sebele ke tla u buseletsa eona ha ke khutlela mona.’”—Luka 10:33-35.

  • Mosamaria o Ipaka e le Moahelani ea Molemo
    Molula-Qhooa—1998 | July 1
    • b Ha e le hantle, matlo a mang a baeti mehleng ea Jesu, a ne a sa fane ka bolulo feela empa a ne a bile a fana ka lijo le litšebeletso tse ling. Ona e ka ’na eaba ke mofuta oa bolulo oo Jesu a neng a nahanne ka oona, hobane lentsoe la Segerike le sebelisitsoeng mona le fapane le le fetoletsoeng e le ‘kamore ea ho phomola’ ho Luka 2:7.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela