-
Tšehetsa Basali ba BakresteMolula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | September
-
-
Joaloka Jesu re ka bontša baralib’abo rona hore rea ba rata (Sheba serapa sa 6 ho ea ho sa 9)e
6. Joalokaha ho bontšitsoe ho Luka 10:38-42, Jesu o ile a thusa Maria le Maretha joang?
6 Jesu o ile a qeta nako le basali ba ratang Molimo ’me e ne e le motsoalle oa ’nete ho bona. Nahana ka setsoalle sa hae le Maria le Maretha bao ka bobeli e neng e le masoha. (Bala Luka 10:38-42.) Ka mantsoe le liketso, Jesu o ile a etsa hore ba ikutloe ba phutholohile e le kannete. Maria o ile a ikutloa a phutholohile hore a ka lula maotong a Jesu joaloka morutuoa.c Kaha Maretha o ne a koatile hore ebe Maria o ntse a sa mo thuse, o ile a ikutloa a phutholohile hore a bolelle Jesu hore na o ikutloa joang. Ka nako eo, Jesu o ile a thusa basali bao ka bobeli. Hape o ile a bontša hore o tsotella basali bao le khaitseli ea bona Lazaro ka hore ebe ka linako tse ling o ne a ba chakela. (Joh. 12:1-3) Ha ho makatse hore ebe nakong eo Lazaro a neng a kula hampe, Maria le Maretha ba ne ba tseba hore ba ka kopa thuso ho Jesu.—Joh. 11:3, 5.
-
-
Tšehetsa Basali ba BakresteMolula-Qhooa (O Ithutoang)—2020 | September
-
-
c Buka e ’ngoe e re: “Barutuoa ba ne ba lula maotong a mesuoe ea bona. Tokelo eo e ne e fuoa barutuoa ba neng ba koetlisetsoa hore e tle e be mesuoe ’me e ne e sa lumelloa ho fuoa basali. . . . Boikemisetso ba Maria ba ho ithuta le ho amohela lithuto tsohle tse tsoang ho Jesu . . . bo ne bo ka ’na ba makatsa banna ba Bajuda.”
-