Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 8/1 leq. 8
  • Taeo e Eang ho Maretha, le Thuto ea Thapelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Taeo e Eang ho Maretha, le Thuto ea Thapelo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Taeo ho Maretha, le Thuto ea Thapelo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lithuto Tse Mabapi le ho Amohela Baeti le Thapelo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Ke Lumetse”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Ke Lumetse”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 8/1 leq. 8

Jesu—Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Taeo e Eang ho Maretha, le Thuto ea Thapelo

NAKONG ea tšebeletso ea Jesu Judea, o kena motseng oa Bethania. Mona ke moo Maretha, Maria, le khaitseli’a bona Lazaro ba phelang teng. Mohlomong Jesu o kopane le ba bararo bana pejana tšebeletsong ea hae ’me kahoo e se e le metsoalle ea hae e haufi-ufi. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, joale Jesu o ea lapeng labo Maretha ’me eena o mo amohela ka mofuthu.

Maretha o chesehela ho fa Jesu se molemo ka ho fetisisa seo a nang le sona. Ka sebele, ke tlotla e khōlō hore Messia ea tšepisitsoeng a etele lapeng la motho! Kahoo Maretha o tšoarehile haholo ka ho lokisetsa lijo tse ngata le ho bona lintho tse ling tse ngata tse reretsoeng ho etsa hore ho lula ha Jesu moo e be ho thabisang ho monate.

Ka lehlakoreng le leng, Maria ngoan’abo Maretha o lula maotong a Jesu ’me oa mo mamela. Ka mor’a nakoana, Maretha oa atamela ’me o re ho Jesu: “Morena, hleka ha u re letho ha ngoan’eso a ntesa ke sebetsa ke le mong? U ’molelle hle hore a nthuse.”

Empa Jesu o hana ho re letho ho Maria. Ho fapana le hoo, o laea Maretha ka ho ameha ho tlōlisa ka lintho tse bonahalang. Ka mosa oa mo khalemela: “Maretha, Maretha, u belaela, u ikhathatsa ka tse ngata; kanthe ntho e hlokoang e ’ngoe feela.” Jesu o bolela hore ha ho hlokahale ho senya nako e ngata a lokisa lijana. Tse seng kae feela, kapa se le seng feela, se lekane.

Maretha o na le sepheo se setle; o batla ho amohela baeti ka mofuthu. Empa ka ho tšoenyeha haholo ka litokisetso tsa nama, o lahleheloa ke monyetla oa ho fumana thuto ea botho e tsoang ho Mora oa Molimo! Kahoo Jesu o qetella ka ho re: “’Me Maria o ikhethetse kabelo e ntle, eo a ke keng a e amohuoa.”

Hamorao, ka lekhetlo le leng, morutuoa e mong o kōpa Jesu: “Morena, re rute ho rapela, joale ka ha Johanne le eena a rutile barutuoa ba hae.” Mohlomong morutuoa enoa o ne a le sieo hoo e ka bang selemo le halofo pejana ha Jesu a ne a fana ka thapelo ea mohlala Thutong ea hae ea Thabeng. Kahoo Jesu o pheta litaelo tsa hae empa o tsoela pele ho fana ka setšoantšo ho hatisa tlhokahalo ea ho phehella thapelong.

Jesu o qala ka ho re: “Ekare ha e mong ho lōna a e-na le motsoalle, ’me a ea ho eena bosiu bo boholo, a re ho eena: Motsoalle, nkalime mahobe a mararo; hobane molekan’a ka oa moeti o fapohetse ha ka, ’me ke hloka see nka se beang pel’a hae; ’me eo, ea leng kateng, ha a ka mo fetola, a re: Se nkhathatse, hobane monyako o se o koetsoe, ’me bana ba ka ba banyenyane ba robetse le ’na liphateng, ke sitoa ho tsoha ho u fa; ke re ho lōna: Leha a na a ke ke a tsoha ho mo fa kahobane ke motsoalle oa hae, o tla tsoha, a mo fe hohle hoo a ho hlokang ka baka la phehello ea hae.”

Ka papiso ena morero oa Jesu hase ho fana ka maikutlo a hore Jehova Molimo o leqe ho arabela lithapelo, joalokaha motsoalle eo oa paleng ea Jesu a ne a le leqe. Che, empa o bontša hore haeba motsoalle ea leqe a ne a ka arabela likōpo tse etsoang ka phehello, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo eena o tla li arabela hakaakang! Kahoo Jesu o tsoela pele: “Tumellanong le hoo ke re ho lōna, Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa. Hobane e mong le e mong ea kōpang oa amohela, ’me e mong le e mong ea batlang oa fumana, ’me e mong le e mong ea kokotang o tla buleloa,” (NW).

Joale Jesu o bua ka bo-ntat’a batho ba sa phethahalang, ba baetsalibe, o re: “Ntat’a motho ke ofe har’a lōna, ekareng ha ngoan’a hae a kōpa bohobe ho eena, a ka mo fang lejoe? Leha a kōpa hlapi, a ka hla a mo fa noha bakeng sa hlapi na? Leha a kōpile lehe, a ka mo fa phepheng na? ’Me ha esita lōna ba lonya, le tseba ho nea bana ba lōna lintho tse molemo, Ntat’a lōna ea leholimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!” Ka sebele, Jesu o fana ka khothatso e susumetsang hakaakang ea ho phehella lithapelong. Luka 10:38–11:13.

◆ Ke hobane’ng ha Maretha a etsetsa Jesu litokisetso tse ngata hakaale?

◆ Maria o etsa joang, hona ke hobane’ng ha Jesu a babatsa eena ho e-na le Maretha?

◆ Ke eng e susumellelitseng Jesu hore a phete litaelo tsa hae mabapi le thapelo?

◆ Jesu o tšoantšitse tlhokahalo ea ho phehella thapelong joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela