Ho “Hlokahala” Eng?
CODEX W ena ea Melaetsa e Molemo e bile le karolo e itseng ho fetoleloeng ha tlhaloso ea Jesu ho Maretha, ngoan’abo motsoalle oa hae ea haufi Lazaro. Ha Jesu a ne a etetse lelapa leo, Maretha o ile a nahana hore ke habohlokoahali ho fumanela Jesu lijo tse ntle, empa ka mosa Jesu o ile a hlahisa hore a latele mohlala oa ngoan’abo, Maria, ea neng a lutse fatše maotong a Jesu hore a mo mamele. O ile a re: “Leha ho le joalo, ho hlokahala lintho li se kae, kapa e le ’ngoe feela. Ka lehlakoreng la hae, Maria o khethile kabelo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.”—Luka 10:42, NW.
Mantsoe ana ke phetolelo ea taba e ’ngoe e ngotsoeng ea Segerike ea 1881 e lokiselitsoeng ke Westcott le Hort, eo e leng motheo oa New World Translation. Mongolo o tlaase ho leqephe khatisong ea 1984 e nang le litšupiso Bibeleng ena o bontša hore ’malo ona o ne o tsoa libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Sinaitic (א) le Vatican (B), tse emelang mokhoa o tšoanang oo taba eo e ngotsoeng ka oona. Empa buka e ngotsoeng ka letsoho ea Alexandrine (A) e baleha tjena: “Leha ho le joalo, ho hlokahala ntho e le ’ngoe. Ha e le eena . . .” Joalokaha mongolo o tlaase ho leqephe o bontša, Codex W, hammoho le buka ea loli ea Chester Beatty (P45) le buka ea loli ea Bodmer (P75), tseo e leng tsa lekholong la boraro la lilemo C.E., e lumellana le ho fetoleloa hona ho qetellang. Empa libuka tsena kaofela tse ngotsoeng ka letsoho li sibollotsoe nako e telele ka mor’a hore Westcott le Hort ba hatise taba ea bona e ngotsoeng ka selemo sa 1881, hoo ba sa kang ba ba le monyetla oa ho nahanisisa ka ho fetoleloa hoo ho ka etsoang ka tsela e ’ngoe e itseng. Leha ho le joalo, hore na re khetha ho amohela phetolelo efe ea taba e ngotsoeng kajeno, ka ho hlakileng Jesu o re bolella hore re behe lintho tsa moea pele bophelong ba rōna—keletso eo re etsang hantle ha re e latela.