Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 74 leq. 174-leq. 175 ser. 8
  • Lithuto Tse Mabapi le ho Amohela Baeti le Thapelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lithuto Tse Mabapi le ho Amohela Baeti le Thapelo
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Taeo ho Maretha, le Thuto ea Thapelo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Taeo e Eang ho Maretha, le Thuto ea Thapelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “Ke Lumetse”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Ke Lumetse”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 74 leq. 174-leq. 175 ser. 8
Maria o lutse haufi le Jesu ha Jesu a ntse a khalemela Maretha

KHAOLO EA 74

Lithuto Tse Mabapi le ho Amohela Baeti le Thapelo

LUKA 10:​38–11:​13

  • JESU O ETELA MARETHA LE MARIA

  • HO PHEHELLA THAPELONG HO BOHLOKOA

Bethani ke motse o ka bochabela ho Thaba ea Mehloaare, ’me o ka ba bohole ba lik’hilomithara tse tharo ho tloha Jerusalema. (Johanne 11:​18) Jesu o etela motseng ’ona, ’me o fihlela lelapeng la Maretha le Maria. Ba na le khaitseli e bitsoang Lazaro, ’me kaofela ke metsoalle ea Jesu, kahoo ba mo amohela ka mofuthu.

Ke tlotla e kholo ho eteloa ke Mesia. Maretha o tšoenyehile ka hore Jesu a ikutloe a amohelehile, kahoo o phathahane ka ho pheha ntho li hana ho fela. Ha Maretha a ntse a pheha, ngoan’abo Maria o lutse fatše maotong a Jesu, o mo mametse ka hloko. Hoane, Maretha o re ho Jesu: “Morena, na ha ho tsotellehe ho uena hore ebe morali’eso o ntšiile ke le mong hore ke hlokomele lintho? Ka hona, mo bolelle hore a nthuse.”​—Luka 10:40.

Ho e-na le hore Jesu a tšoaee Maria phoso, o khalemela Maretha ka hore ebe o tšoenyehile ho tlola ka lijo, o re: “Maretha, Maretha, u tšoenyehile le ho khathatseha ka lintho tse ngata. Leha ho le joalo, ho hlokahala lintho tse seng kae, kapa e le ’ngoe feela. Maria o khethile karolo e ntle, ’me a ke ke a e amohuoa.” (Luka 10:​41, 42) Jesu o hatisa hore ha ho hlokahale hore Maretha a itube ka ho pheha lintho tse ngata. Ho pheha lintho tse seng kae feela ho ka be ho lekane.

Sepheo sa Maretha se setle. O batla ho amohela Jesu ka mofuthu. Leha ho le joalo, hore ebe o phathahane ka ho pheha, ho etsa hore a fetoe ke lithuto tsa bohlokoa tse tsoang ho Mora oa Molimo! Jesu o hlakisa hore Maria o khethile hantle, kaha khetho ea hae e tla mo tsoela molemo ka ho sa feleng, ’me e boetse ke thuto ea bohlokoa le ho rona.

Lekhetlong le leng, Jesu o fana ka thuto e fapaneng empa e ntse e le ea bohlokoa ka tsela e tšoanang. Morutuoa e mong oa mo botsa o re: “Morena, re rute ho rapela, feela joalokaha Johanne le eena a rutile barutuoa ba hae.” (Luka 11:1) Hoo e ka bang selemo le likhoeli tse tšeletseng tse fetileng, Jesu o ne a se a ile a ba ruta ho rapela nakong ea Thuto ea hae ea Thabeng. (Matheu 6:​9-13) Leha ho le joalo, e ka ’na eaba morutuoa enoa o ne a le sieo ka nako eo, kahoo Jesu o pheta lintlha tsa sehlooho. Ka mor’a moo o etsa papiso e hatisang bohlokoa ba ho phehella thapelong.

O re: “Ke mang ho lona ea nang le motsoalle ea tla ea ho eena har’a mp’a bosiu ’me a re ho eena, ‘Motsoalle, nkalime mahobe a mararo, hobane motsoalle oa ka o sa tsoa [fihla] ho ’na a le leetong ’me ha ke na letho leo nka le behang ka pel’a hae’? Eo ea ka hare ha a araba a re, ‘Khaotsa ho nkhathatsa. Monyako o se o notletsoe, ’me bana ba ka ba banyenyane ba na le ’na liphateng, nke ke ka tsoha ’me ka u fa letho.’ Kea le bolella, le hoja a ke ke a tsoha le ho mo fa letho kahobane e le motsoalle oa hae, ka sebele ka lebaka la ho qophella ha hae ho sebete o tla tsoha ’me a mo fe lintho tseo a li hlokang.”​—Luka 11:​5-8.

Jesu ha a bolele hore Jehova o leqe ho araba lithapelo tsa rona, joaloka motsoalle eo. Leha ho le joalo, o bontša hore haeba motho a ka qetella a file motsoalle oa hae ntho eo a mo kopileng eona ka ho qophella, ha ho potang hore Ntate oa rona ea lerato o tla araba lithapelo tse tsoang pelong tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang! Ha a tsoela pele, Jesu o re: “Ke re ho lona, le ’ne le kope, ’me le tla fuoa, le ’ne le batle, ’me le tla fumana, le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa. Etsoe e mong le e mong ea kopang oa amohela, ’me e mong le e mong ea batlang oa fumana, ’me e mong le e mong ea kokotang o tla buleloa.”​—Luka 11:​9, 10.

Jesu o hatisa ntlha ea hae ka ho etsa papiso ka bo-ntate, o re: “Ke ntate ofe har’a lona eo, haeba mora oa hae a kopa tlhapi, mohlomong a ka mo nehang noha ho e-na le tlhapi? Kapa haeba a boetse a kopa lehe, a tla mo neha phepheng? Ka hona, haeba lona, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lona limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kopang!” (Luka 11:​11-13) Ke tsela e ntle hakaakang ea ho re tiisetsa hore Ntate oa rona o ikemiselitse ho re utloa le ho araba lithapelo tsa rona!

  • Maretha le Maria ba phathahane ka lintho life tse fapaneng, hona re ka ithuta’ng mohlaleng oa bona?

  • Ke hobane’ng ha Jesu a boetse a ruta barutuoa ba hae ho rapela?

  • Jesu o etsa papiso efe ho hatisa bohlokoa ba ho phehella thapelong?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela