-
Jehova o Fana ka ‘Moea o Halalelang ho ba mo Kōpang’Molula-Qhooa—2006 | December 15
-
-
11. Jesu o ile a bontša joang hore papiso ea ntate le mor’a hae e amana le thapelo?
11 Papiso ea Jesu ea motho ea leqoophe ea nang le moeti e hatisa boikutlo ba ea rapelang kapa molumeli. Papiso e latelang e bontša boikutlo ba Jehova Molimo, ea utloang lithapelo. Jesu o ile a botsa: “Ka sebele, ke ntate ofe har’a lōna eo, haeba mora oa hae a kōpa tlhapi, mohlomong a ka mo nehang noha ho e-na le tlhapi? Kapa haeba a boetse a kōpa lehe, a tla mo neha phepheng?” Jesu o ile a tsoela pele ho bontša hore na papiso eo e amana le eng ha a re: “Ka hona, haeba lōna, le hoja le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!”—Luka 11:11-13.
12. Papiso ea Jesu ea ntate ea mamelang kōpo ea mora oa hae e bontša joang hore Jehova o ikemiselitse ho arabela lithapelo tsa rōna?
12 Jesu o ile a sebelisa papiso ena ea ntate ea arabelang kōpo ea mor’a e le ha a hlakisa hore na Jehova o ikutloa joang ka ba mo rapelang. (Luka 10:22) Ntlha ea pele, hlokomela phapang pakeng tsa lipapiso tsena tse peli. Ho fapana le monna oa papisong ea pele ea neng a le leqe ho thusa ea kōpang thuso, Jehova o joaloka motsoali ea tsotellang, ea labalabelang ho thusa ngoana oa hae ea kōpang thuso. (Pesaleme ea 50:15) Ho feta moo, ha Jesu a re behela mabaka a bontšang hore Jehova o ikemiselitse ho re thusa, o bapisa ntate oa lefatšeng le Ntate ea phahameng oa leholimo. O re haeba ntate oa lefatšeng, le hoja a “le khopo” ka lebaka la boetsalibe boo a bo futsitseng, a fa mor’a hae mpho e ntle, ruri re lokela ho lebella hore kaha Ntate oa rōna oa leholimo o molemo, o tla fa barapeli ba hae moea o halalelang!—Jakobo 1:17.
-
-
Jehova o Fana ka ‘Moea o Halalelang ho ba mo Kōpang’Molula-Qhooa—2006 | December 15
-
-
14. (a) Batho ba bang ba hlaheloang ke liteko ba na le maikutlo afe a fosahetseng? (b) Ha re hlaheloa ke liteko, ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Jehova ka kholiseho?
14 Papiso ea Jesu ea ntate ea tsotellang ngoana oa hae e boetse e hatisa hore molemo oa Jehova o moholo ho feta molemo oo motsoali leha e le ofe oa lefatšeng a ka o bontšang. Kahoo, ha ho le ea mong oa rōna ea lokelang ho nka hore liteko tse re hlahelang e tlameha ebe ke pontšo ea hore ha rea thabisa Molimo. Sera sa rōna se seholo Satane, ke sona se batlang hore re ikutloe joalo. (Jobo 4:1, 7, 8; Johanne 8:44) Ha ho na mabaka a Mangolo a hore re be le maikutlo a joalo a ho ikahlola. Jehova ha a re leke “ka lintho tse mpe.” (Jakobo 1:13.) Ha a re fe teko e tšoanang le noha kapa e tšoanang le phepheng. Ntate oa rōna oa leholimo o fana ka “lintho tse molemo . . . ho ba mo kōpang.” (Matheu 7:11; Luka 11:13) Ruri ha re hlile re utloisisa hore Jehova o molemo ebile o ikemiselitse ho re thusa, seo se tla hle se re susumelletse ho mo rapela ka kholiseho. Ha re etsa joalo, le rōna re tla khona ho bua mantsoe a tšoanang le a mopesaleme ea ileng a re: “Kannete Molimo o utloile; o etse hloko lentsoe la thapelo ea ka.”—Pesaleme ea 10:17; 66:19.
-