-
“Le Hoja a Shoele, o sa Ntse a Bua”Etsisa Tumelo ea Bona
-
-
5. Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a bua ka Abele e le ea phetseng “ho thehoeng ha lefatše”? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
5 Ha Abele a hlaha, batho ba ne ba fokola lefatšeng. Hamorao Jesu o ile a bua ka Abele e le ea phetseng “ho thehoeng ha lefatše.” (Bala Luka 11:50, 51.) Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o ne a bua ka lefatše la batho ba neng ba ka ’na ba rekolloa sebeng. Le hoja Abele e ne e le motho oa bone lefatšeng, ho bonahala eka ke oa pele eo Molimo a ileng a bona e le ea tšoanelehang hore a ka rekolloa.a Ho hlakile hore Abele o ile a hōlela har’a batho ba neng ba se na tšusumetso e ntle.
-
-
“Le Hoja a Shoele, o sa Ntse a Bua”Etsisa Tumelo ea Bona
-
-
a Poleloana e reng “ho thehoeng ha lefatše” e akarelletsa taba ea ho qaleha ha moloko oa batho, kahoo e amana le bana ba banyalani ba pele. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Jesu a ile a amahanya Abele le ‘ho thehoa ha lefatše’ eseng Kaine, eo e neng e le letsibolo? Liqeto tsa Kaine le liketso li ile tsa bontša hore o ne a fetohela Jehova Molimo ka boomo. Joaloka batsoali ba hae, ha ho bonahale eka Kaine o tla ba har’a batho ba tla tsosoa bafung le ba tla rekolloa.
-