Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 4/1 leq. 9
  • Ea re Nkang re le ba Bohlokoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ea re Nkang re le ba Bohlokoa
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U oa Bohlokoa Mahlong a Molimo!
    Tsoha!—1999
  • Jehova o Balile “Moriri oa Lihlooho Tsa Lōna”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ha ho Letho le ka ‘re Arohanyang le Lerato Leo Molimo a re Bontšitseng Lona’
    Atamela ho Jehova
  • Na Molimo oa Ntsotella?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 4/1 leq. 9

Atamela ho Molimo

Ea re Nkang re le ba Bohlokoa

Luka 12:6, 7

‘LIPELO tsa rōna li ka re tsoa.’ Mantsoe ana a Bibele a bontša hore ka linako tse ling lipelo tsa rōna li ka etsa hore re inyatse ho tlōla tekano. Ha e le hantle, li ka etsa hore re lule re ikutloa eka ha re tšoanelehe hore Molimo a ka re rata kapa a re tsotella. Leha ho le joalo, Bibele ea re khothatsa ha e re: “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna ’me o tseba lintho tsohle.” (1 Johanne 3:19, 20) Molimo o re tseba ho feta kamoo re itsebang kateng. Tsela eo a re nkang ka eona e ka fapana haholo le tsela eo re inkang ka eona. Kahoo, re ba bohlokoa hakae mahlong a Jehova Molimo, eo maikutlo a hae ka rōna e leng ’ona a bohlokoa? Karabo re e fumana papisong e amang maikutlo eo Jesu a ileng a e sebelisa ka makhetlo a mabeli a fapaneng.

Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a re ‘lirobele tse peli li rekisoa ka chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane.’ (Matheu 10:29, 31) Ho ea ka Luka 12:6, 7, Jesu o ile a boela a re: “Lirobele tse hlano li rekisoa ka lichelete tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane, na ha ho joalo? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se lebaloang ka pel’a Molimo. . . . Le se ke la tšaba; le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.” Papiso ena e bonolo le e matla e re ruta hore na Jehova o nka morapeli ka mong oa hae joang.

Lirobele e ne e le tse ling tsa linonyana tse theko e tlaase ka ho fetisisa tse jeoang. Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a ee a bone ha basali ba futsanehileng—mohlomong le eena ’mè oa hae—ba reka linonyana tsena tse nyenyane ’marakeng hore ba fepe malapa a bona. Motho o ne a ka reka lirobele tse peli ka chelete e le ’ngoe ea tšepe e bitsoang assarion, eo kajeno e leng ka tlaase ho lisente tse 35. Linonyana tsena li ne li le chipi hoo ha motho a ne a reka tse ’nè ka lichelete tse peli tsa tšepe a neng a fuoa ea bohlano e le pasela.

Jesu o ile a hlalosa hore ha ho serobele le se seng “se lebaloang ka pel’a Molimo” kapa se oelang “fatše kantle le hore” Ntate a tsebe. (Matheu 10:29) Ka linako tsohle Jehova oa hlokomela ha serobele se oela fatše, mohlomong e le hobane se lemetse kapa se theohela fatše ha se batla lijo. Linonyana tse bonahalang li se na molemo tseo Jehova a ileng a fihlela ho le bohlokoa ho li bōpa, ha li nyenyane hoo a ke keng a li hopola. Ha e le hantle, oa li tsotella, hobane ke libōpuoa tsa bohlokoa. Na u hlokomela taba-khōlō ea papiso ea Jesu?

Hangata Jesu o ne a sebelisa lipapiso ha a ruta, a bontša kamoo ntho e nyenyane e ka re rutang thuto ea bohlokoa. Ka mohlala, Jesu o ile a boela a re: “Makhoaba ha a jale peō leha e le ho kotula, ’me ha a na moliko kapa ntlo ea polokelo, leha ho le joalo Molimo oa a fepa. Le ba bohlokoa hakaakang ho feta linonyana?” (Luka 12:24) Hoa hlaka hore na taba-khōlō ea seo Jesu a se buileng ka lirobele ke eng: Haeba Jehova o hlokomela linonyana tsena tse nyenyane, ke lebaka le matla hakaakang la ho lumela hore o tla hlokomela barapeli ba hae ba mo ratang!

Ka lebaka la seo Jesu a se buileng, ha rea lokela ho nahana hore ha re na thuso hoo Molimo ea “moholo ho lipelo tsa rōna” a ke keng a re tsotella le ho re hlokomela. Na ha ho khothatse ho tseba hore ’Mōpi oa rōna a ka khona ho bona ho rōna lintho tseo re sa li boneng?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 9]

Sparrows: © ARCO/D. Usher/age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela