Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae
Lulang le Itokisitse!
KA MOR’A ho lemosa matšoele khahlanong le meharo ea leruo, le ho lemosa barutuoa ba hae ka ho tšoenyeha ho tlōlisa ka lintho tse bonahalang, Jesu oa khothatsa: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.” Kahoo o senola hore ha ho bapisoa, ke palo e fokolang feela (eo hamorao e ileng ea tsebahatsoa e le 144 000) ea batho ba tla ba ’Musong oa leholimo. Boholo ba batho ba fumanang bophelo bo sa feleng e tla ba bafo ba lefatšeng ba ’Muso oo.
“’Muso” ke mpho e babatsehang hakaakang! Ha a hlalosa tsela e loketseng eo barutuoa ba lokelang ho o amohela ka eona, Jesu a ba phehella: “Bapatsang ka tseo le nang le tsona, ’me le fane.” E, ba lokela ho sebelisa maruo a bona ho fa ba bang molemo moeeng, ’me ka hona ba hahe “Ietlotlo le sa feleng maholimong.”
Ka mor’a moo Jesu o lemosa barutuoa ba hae hore ba lule ba itokiselitse ho khutla ha hae. O re: “Matheka a Iōna a tlangoe, ’me mabone a Iōna a tuke. Le Iōna le be joale ka batho ba lebeletseng morena oa bona hore na o tla khutla neneng bohaling, hore, etlere ha a fihla, a kokota, ba ’mulele hang-hang. Ho lehlohonolo bahlanka bao, morena ha a fihla, a tla ba fumana ba falimehile! Ka ’nete ke re ho Iōna: O tla itlama, a ba lulise lijong, ’me o tla atamela, a ba sebeletse.”
Setšoantšong sena, ho itokisetsa ha bahlanka ho tla ha morena oa bona ho bontšoa ke ha ba apara liaparo tsa bona tse telele ’me ba li fasa tlas’a matheka a bona, ’me ba tsoela pele ho etsa mesebetsi ea bona ho fihlela e e-ba bosiu ba khantšelitsoe ke mabone a tšetsoeng oli hantle. Jesu oa hlalosa: ‘Haeba morena oa bona a fihla tebelong ea bobeli [hoo e ka bang ka hora ea borobong bosiu ho fihlela ka khitla], leha a ka tla tebelong ea boraro [khitla ho fihlela hoo e ka bang ka hora ea boraro hoseng], ’me a ba fumana ba itokisitse, ho lehlohonolo bahlanka bao!’
Morena o putsa bahlanka ba hae ka tsela e sa tloaelehang. O ba lulisa tafoleng ’me o qala ho ba sebeletsa. Ha a ba tšoare joaloka makhoba, empa joaloka metsoalle e tšepahalang. Ke moputso o mokaakang bakeng sa hore e be ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa morena oa bona bosiu bohle ha ba ntse ba lebeletse ho khutla ha hae! Jesu o qetella ka ho re: “Joale, le lōna le itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.”
Joale Petrose oa botsa: “Morena, setšoantšo seo hleka u se bolella rōna feela, kapa u se bolella le bohle na?”
Ho fapana le ho arabela ka ho toba, Jesu o fana ka setšoantšo se seng. Oa botsa: “Mohlahlobi ke ofe ea khabane, ea bohlale, eo mong a hae a ’meileng moalosi oa bahlanka ba hae, ho ba nea lijo tsa bona ka nako e tšoanelang? Ho lehlohonolo mohlanka eo, etlareng ha morena oa hae a e-tla, a mo fumane a ntse a etsa joalo. Ka ’nete ke re ho Iōna: O tla ’mea moalosi oa mesebetsi ea hae kaofela.”
Ka ho totobetseng “morena” eo ke Jesu Kreste. “Mohlahlobi” o tšoantšetsa “mohlatsoana” oa barutuoa ba hae e le sehlopha se kopaneng, ’me “bahlanka” bao ba emela sona sehlopha sena sa ba 144 000 ba amohelang ’Muso oa leholimo, empa hoo ho totobatsa mosebetsi oa bona e le batho ka bomong. “Mesebetsi” eo mohlahlobi ea tšepahalang a khethetsoeng ho e hlokomela ke lithahasello tsa borena tsa morena oa bona lefatšeng, ho akarelletsa bafo ba ’Muso ba lefatšeng.
Ha a tsoela pele ka setšoantšo seo, Jesu o supa hore ho ka ’na ha etsahala hore e se be litho tsohle tsa mohlahlobi eo, kapa sehlopha sa mohlanka tse tla tšepahala, ha a hlalosa: “Ekare ha mohlanka eo a ka bua pelong ea hae, a re: Morena oa ka o liehile ho tla; ’me joale a qala ho otla bahlanka ba batona le ba batšehali, a e-ja, a e-noa, a tahoa, morena oa mohlanka eo o tla tla ka tsatsi leo a sa mo lebellang . . . , ’me o tla mo pomahanya likoto.”
Jesu o tsoela pele ho bontša hore ho tla ha hae ho tlisitse nako e tšabehang bakeng sa Bajode, kaha ba bang ba amohela lithuto tsa hae ’me ba bang baa li hana. Nako e fetang lilemo tse tharo pejana, o ile a kolobetsoa metsing, empa joale ho kolobetsoa ha hae lefung ho ne ho ntse ho atamela qetello ea hona, ’me joalokaha a hlalosa: “Ke tla tšoenyeha hakaakang ho fihlela ha e phethehile!”
Ka mor’a ho lebisa lipolelo tsena ho barutuoa ba hae, Jesu o boetse o bua le matšoele. O bua ka pelo e bohloko ka ho hana ha bona ka manganga ho amohela bopaki bo hlakileng ba hore na ke mang le hore na hoo ho bolela eng. O re: “Mohla le bonang leru le nyoloha bophirimela, le ee le phakise le re: Pula e tla na. ’Me ho fele ho be joalo. Ere ha le bona ho foka moea o tsoang ’nģa boroa, le re: Ho tla futhumala. ’Me ho fele ho be joalo. Baikaketsi! le tseba ho lemoha tšobotsi ea leholimo le ea lefatše, ’me nako ena ha le tsebe ke’ng ho e lemoha?” Luka 12:32-59, TLP.
◆ Ke ba bakae ba etsang “mohlatsoana,” ’me ba amohela eng?
◆ Jesu o hatisa joang tlhokahalo ea hore bahlanka ba hae ba itokise?
◆ Setšoantšong sa Jesu, “morena,” “mohlahlobi,” “bahlanka,” le “mesebetsi” ke bo-mang?