Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ke Mang ea Tla Amoheloa ke Jehova?
    Molula-Qhooa—1988 | November 15
    • 5. (a) Ke eng e totobatsang hore batho ba sa phethahalang ba ka amoheloa ke Molimo? (b) “Batho ba hauhetsoeng” ke bo-mang?

      5 Na ho ka etsahala hore le batho ba sa phethahalang joaloka rōna ba amoheloe ke Molimo? Ka thabo, karabelo ke e. Ha Jesu a tsoaloa, mangeloi a ile a phatlalatsa: “Khanya e be ho Molimo maholimong, ’me holim’a lefatše khotso e be har’a batho ba hauhetsoeng [eu·do·kiʹas].” (Luka 2:14, NW) Ka puo ea Segerike hantle, mangeloi a ne a bina ka tlhohonolofatso e tlang ho “batho bao ho nahanoang hantle ka bona” kapa “batho bao Molimo o ba amohelang.”a Moprofesa Hans Bietenhard o ngola ka tšebeliso ena ea en an·throʹpois eu·do·kiʹas: “Polelo ena e supa batho bao Molimo o ithatetseng bona . . . Ka hona, mona ha re bue ka mohau oa batho . . . Re bua ka thato ea borena le e tletseng mohau ea Molimo, e ikhethelang batho bakeng sa pholoho.” Ka hona, joalokaha e le khale Lipaki tsa Jehova li hlalosa, Luka 2:14 (NW) e bontša hore ka boinehelo le kolobetso, ho ka etsahala hore batho ba sa phethahalang ba fetohe batho ba hauhetsoeng, batho bao Molimo o ba amohelang!b

  • Ke Mang ea Tla Amoheloa ke Jehova?
    Molula-Qhooa—1988 | November 15
    • a Bapisa le “batho-bao-o-ba-amohelang,” New Testament ea George Swann; “batho bao o thabisoang ke bona,” The Revised Standard Version.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela