Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Moea oa Jehova o Tataisa Bahlanka ba Hae
    Molula-Qhooa—1992 | September 15
    • Kamoo Moea o Thusang ka Teng

      9. (a) Moea o halalelang o sebetsa joaloka “mothusi” joang? (b) Re tseba joang hore moea o halalelang hase motho? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

      9 Jesu Kreste o ile a bitsa moea o halalelang “mothusi.” Ka mohlala, o ile a bolella balateli ba hae: “Ke tla kōpa Ntate, ’me o tla le nea Mothusi e mong, hore a be le lōna ka ho sa feleng, e leng Moea oa ’nete, oo lefatše le ke keng la o amohela, hobane ha le o bone leha e le ho o tseba; lōna lea o tseba hobane o lula le lōna, ’me o ka ho lōna.” Har’a lintho tse ling, “mothusi” eo e ne e tla ba tichere, hobane Kreste o ile a tšepisa: “Mothusi, Moea o Halalelang oo Ntate a tla o rōmela lebitsong la ka, eena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.” Moea o ne o tla boetse o pakele Kreste, ’me o ile a tiisetsa barutuoa ba hae: “Ho molemo ho lōna hore ke ee, hobane ha ke sa ee, Mothusi a ke ke a tla ho lōna; athe ha ke e-ea, ke tla mo rōmela ho lōna.”—Johanne 14:16, 17, 26; 15:26; 16:7.a

      10. Moea o halalelang o ipakile e le mothusi joang?

      10 A le leholimong, Jesu o ile a tšollela moea o halalelang o tšepisitsoeng holim’a balateli ba hae letsatsing la Pentekonta ea 33 C.E. (Liketso 1:4, 5; 2:1-11) Joaloka mothusi, moea o ile oa ba neha kutloisiso e eketsehileng ea thato ea Molimo le morero oa hae ’me oa ba senolela Lentsoe la hae la boprofeta. (1 Ba-Korinthe 2:10-16; Ba-Kolosse 1:9, 10; Ba-Heberu 9:8-10) Mothusi enoa o boetse a fa barutuoa ba Jesu matla a hore e be lipaki lefatšeng lohle. (Luka 24:49; Liketso 1:8; Ba-Efese 3:5, 6) Kajeno, moea o halalelang o ka thusa Mokreste ea inehetseng hore a hōle tsebong haeba a sebelisa litokisetso tsa moea tse etsoang ke Molimo ka “mohlanka ea khabane, le ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Moea oa Molimo o ka fana ka thuso ka ho fana ka sebete le matla a hlokahalang hore motho a fane ka bopaki joaloka e mong oa bahlanka ba Jehova. (Mattheu 10:19, 20; Liketso 4:29-31) Leha ho le joalo, moea o halalelang o boetse o thusa batho ba Molimo ka litsela tse ling.

  • Moea oa Jehova o Tataisa Bahlanka ba Hae
    Molula-Qhooa—1992 | September 15
    • a Le hoja o mothofatsoa joaloka “mothusi,” moea o halalelang ha se motho, hobane seemeli sa Segerike se seng botoneng kapa botšehaling (se fetoletsoeng e le “o” [“it”]) se sebelisoa ho moea. Liemeli tsa Seheberu tse ka botšehaling le tsona li sebelisoa ho bohlale ha bo mothofalitsoe. (Liproverbia 1:20-33; 8:1-36) Ho feta moo, moea o halalelang o ile oa ‘tšolloa,’ e leng se ke keng sa etsoa ka motho.—Liketso 2:33.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela