Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 11/15 maq. 4-6
  • Lebaka leo ka Lona ba Bang ba Tsoetsoeng Hape

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka leo ka Lona ba Bang ba Tsoetsoeng Hape
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Molimo ka Batho
  • Ho Etsahala’ng ka Sephefumolohi Lefung?
  • Ho Tsoaloa Hape ka Morero oa ho Busa Joaloka Marena
  • Ho Thoe’ng ka Lefatše?
  • Ke Bo-mang ba tla Fumana Melemo?
  • U ka Lumela Hore ho Tla ba le Lefatše la Paradeise
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ke Bo-mang ba ‘Tsoetsoeng Hape’?
    Tsoha!—1988
  • Bophelo ka Mor’a Lefu—bibele e Re’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ho Tsoaloa la Bobeli
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 11/15 maq. 4-6

Lebaka leo ka Lona ba Bang ba Tsoetsoeng Hape

“MOTHO ha a sa tsoaloe hape, o sitoa ho bona ’muso oa Molimo.” (Johanne 3:3, NW) Mantsoe ao a ile a thabisa batho ba bangata le ho ba makatsa ho tloha ha Jesu Kreste a a bua lilemong tse 1 900 tse fetileng.

E le hore re utloisise ka nepo ea lipolelo tsa Jesu mabapi le ho tsoaloa hape, re tlameha hore pele re arabe lipotso tsena: Morero oa Molimo ke ofe ka batho? Ho etsahala eng ka sephefumolohi lefung? Morero oa ’Muso oa Molimo ke ho etsa eng?

Morero oa Molimo ka Batho

Motho oa pele, Adama, o bōpiloe e le mora oa Molimo oa motho ea phethahetseng. (Luka 3:38) Jehova Molimo le ka mohla ha a ka a rera hore Adama a shoe. Adama le mosali oa hae, Eva, ba ne ba na le tebello ea ho hlahisa lelapa la motho le se nang sebe le neng le tla phela ka ho sa feleng le ho tlatsa lefatše la paradeise. (Genese 1:28) Lefu e ne e se karolo ea morero oa Molimo oa pele bakeng sa monna le mosali. Le ile la kenella hohle lefatšeng e le phello ea borabele khahlanong le molao oa Molimo.—Genese 2:15-17; 3:17-19.

Borabele bona bo ile ba hlahisa litseko tse khōlō tse amang melao ea se nepahetseng le se fosahetseng boitšoarong, tse kang tokelo ea Molimo ea ho busa le matla a motho a ho lula a tšepahetse melaong ea hae. Ho ne ho tla hlokahala nako e le hore litseko tsena li ka lokisoa. Empa morero oa Jehova Molimo bakeng sa batho ha oa ka oa fetoha, ’me a ke ke a hlōleha ho etsa seo a rerang ho se etsa. O rera ho tlatsa lefatše ka ho felletseng ka lelapa la motho le phethahetseng le tla thabela bophelo bo sa feleng Paradeiseng. (Pesaleme ea 37:29; 104:5; Esaia 45:18; Luka 23:43) Re tlameha ho hopola ’nete ena ea motheo ha re nahana ka mantsoe a Jesu mabapi le ho tsoaloa hape.

Ho Etsahala’ng ka Sephefumolohi Lefung?

Bo-rafilosofi ba Magerike ba sa hlokomele seo moea o halalelang oa Molimo o se senoletseng bangoli ba Bibele, ba ile ba leka ho fumana morero oa bophelo. Ba ne ba sitoa ho lumela hore motho o ne a reretsoe hore a phele lilemo tse seng kae feela, hangata tlas’a maemo a nyahamisang, ebe oa shoa. Tabeng ena ba ne ba nepile. Empa liqeto tsa bona mabapi le litebello tsa motho ka mor’a lefu, li ne li fosahetse. Ba ile ba etsa qeto ea hore motho o tsoela pele ho phela ka sebōpeho se seng ka mor’a lefu, hore ka hare ho motho e mong le e mong ho na le sephefumolohi se sa shoeng.

Bajode le batho ba ipolelang hore ke Bakreste ba ne ba susumelitsoe ke likhopolo tse joalo. Buka Heaven—A History e re: “Kae le kae moo Bajode ba neng ba lula ka ntle ho Palestina ba neng ba kopana le bahlalefi ba Magerike, khopolo ea sephefumolohi se sa shoeng e ne e hlahella.” Buka ena ea phaella: “Likhopolo tsa Magerike ka sephefumolohi li ile tsa ba le phello e tebileng litumelong tsa Bajode ’me qetellong ho tsa Bakreste. . . . Ka ho kopanya filosofi ea Plato le tloaelo ea Bibele ka tsela e khethehileng, Philo [rafilosofi oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo oa Alexandria] o ile a lokisa tsela e bonolo bakeng sa Bakreste ba nahanang ba neng ba tla phela hamorao.”

Philo o ne a lumela eng? Buka eona eo e tsoela pele: “Ho eena, lefu le tsosolosetsa sephefumolohi boemong ba sona ba pele, ba pele ho tsoalo. Kaha sephefumolohi ke sa lefatšeng la moea, bophelo ba ’meleng bo fetoha ketsahalo e khutšoanyane, eo hangata e tletseng bomalimabe.” Leha ho le joalo ‘boemo ba pele ho tsoalo’ ba Adama e ne e le ba ho se be teng. Ho latela tlaleho ea Bibele, le ka mohla Molimo ha a ka a rera hore e be ntho e iketsahallang feela hore motho a ee sebakeng se seng ha a e-shoa joalokaha eka lefatše e ne e le feela sebaka sa ho lokisetsa ho ba teng ka boleng bo phahameng kapa bo tlaase.

Tumelo ea hore sephefumolohi sa motho ha se shoe ha e rutoe ka Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng ke moea, Bibele. Ha e sebelise polelo “sephefumolohi se sa shoeng” leha e le ka lekhetlo le le leng. E bolela hore Adama o bōpiloe e le sephefumolohi, eseng a e-na le sephefumolohi. Genese 2:7 (NW) e re: “Jehova Molimo a bōpa motho ka lerōle la lefatše ’me a bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ’me motho ea e-ba sephefumolohi se phelang.” Le ka mohla motho ha aa ka a ba le tebello ea ho phela ka ho sa feleng leholimong kapa ea ho hlokofatsoa ka ho sa feleng mollong oa lihele. Bibele e bontša hore sephefumolohi, kapa motho, ea shoang ha a ikutloe. (Pesaleme ea 146:3, 4; Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4) Ka baka leo, bo-rafilosofi ba na le likhopolo tseo eseng tsa mangolo ka sephefumolohi. Ho hlokahala hore re itebele khahlanong le likhopolo tse khelosang tse ka ’nang tsa senya kutloisiso ea rōna ea mantsoe a Jesu mabapi le ho tsoaloa hape.

Ho Tsoaloa Hape ka Morero oa ho Busa Joaloka Marena

Jesu a bolella Nikodema hore ba ‘tsoetsoeng hape . . . ba kena ’musong oa Molimo.’ (Johanne 3:3-5, NW) ’Muso oo ke eng? Ka puo ea tšoantšetso, qalong ea histori ea motho, Jehova Molimo o ile a tsebahatsa morero oa hae oa ho sebelisa “peō” e khethehileng—’musi ea tla tla—bakeng sa ho khoba hlooho ea Noha ea pele, Satane Diabolose. (Genese 3:15; Tšenolo 12:9) Joalokaha ho senotsoe ka mehato e latellanang ka Mangolong, “peō” ena e hlokometsoe e le Jesu Kreste, ea busang le babusi-’moho le eena e le pontšo e khethehileng ea bobusi ba Molimo, ’Muso oa Bomessia. (Pesaleme ea 2:8, 9; Esaia 9:6, 7; Daniele 2:44; 7:13, 14) Ona ke ’Muso oa leholimo, ’muso o leng maholimong o tla tlosa qoso bobusing ba Jehova o be o lokolle batho botlamuoeng ba sebe le lefu.—Mattheu 6:9, 10.

Ba kopanang le Jesu joaloka babusi-’moho le eena ke ba 144 000 ba rekiloeng bathong. (Tšenolo 5:9, 10; 14:1-4) Molimo o khethile ba bang lelapeng la Adama la batho ba sa phethahalang hore e be “bahalaleli ba Mookameli ea phahameng,” ba busang le Kreste ’Musong oa Bomessia. (Daniele 7:27; 1 Ba-Korinthe 6:2; Tšenolo 3:21; 20:6) Banna bana le basali ba bontša tumelo ho Jesu Kreste, ea ileng a bolela hore ba tla ‘tsoaloa hape.’ (Johanne 3:5-7) Tsoalo ena e etsahala joang ’me ke hobane’ng ha e etsahala?

Batho bana ba kolobelitsoe ka metsi e le balateli ba Kreste. Molimo o ba tšoaretse libe motheong oa sehlabelo sa Jesu sa thekollo, ba boletsoe ba lokile, ’me o ba nkile hore e be bara ba hae ba moea. (Ba-Roma 3:23-26; 5:12-21; Ba-Kolosse 1:13, 14) Ho ba joalo moapostola Pauluse o re: ‘Le neiloe moea oa ba beoang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka oona. Le oona moea o emelana le moea oa rōna, hore re majalefa: majalefa a Molimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utloa bohloko le eena, re tle re neoe khanya le eena.’—Ba-Roma 8:15-17.

Joaloka balateli ba Kreste, bana ba bile le tsoalo e ncha, kapa qalo ea bophelo bo bocha. Sena se felletse ka kholiseho ea hore ba tla kopanela lefeng la Jesu la leholimo. (Luka 12:32; 22:28-30; 1 Petrose 1:23) Moapostola Petrose o ile a hlalosa tsoalo ena ea bobeli ka tsela ena: “Ka boholo ba mohau oa oona o boetse o re tsoaletse tšepong e phelisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung, re tle re fuoe lefa le sa boleng, le se nang sekoli, le sa omelleng, le boloketsoeng lōna leholimong.” (1 Petrose 1:3, 4) Bophelo bona bo bocha leholimong bo fumanoa ke batho ba joalo hobane Molimo o ba tsosa ka tsela eo a ileng a tsosa Jesu ka eona.—1 Ba-Korinthe 15:42-49.

Ho Thoe’ng ka Lefatše?

Sena ha se bolele hore batho bohle ba ikokobelitseng ba tla qetella ba tsoetsoe hape ka morero oa ho tloha lefatšeng ho ea leholimong. Khopolo e joalo e fosahetseng e tšoana le eo bo-rafilosofi ba joaloka Philo ba neng ba na le eona, Philo o ne a nahana hore “bophelo ’meleng [ke] ketsahalo e khutšoanyane, eo hangata e tletseng bomalimabe.” Empa ho ne ho se letho le phoso ka pōpo ea pele ea Jehova Molimo ea lefatše.—Genese 1:31; Deuteronoma 32:4.

Le ka mohla bophelo ba batho ha boa ka ba rereloa hore bo be bokhutšoanyane le ho ba bohloko. Jesu Kreste le ba tsoetsoeng hape ka morero oa ho sebeletsa le eena joaloka marena le baprista leholimong o tla tlosa liphello tsohle tse kotsi tsa borabele ba Satane. (Ba-Efese 1:8-10) “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa” ho bona joaloka ‘peō ea Abrahama’ e tšepisitsoeng. (Ba-Galata 3:29; Genese 22:18) Ho batho ba ikokobelitseng sena se tla bolela bophelo lefatšeng la paradeise, bo fapaneng hōle le bophelo ba kajeno bo bokhutšoanyane le bo tletseng bohloko.—Pesaleme ea 37:11, 29; Tšenolo 21:1-4.

Ke Bo-mang ba tla Fumana Melemo?

Har’a batho ba tla fumana melemo tokisetsong ea Molimo ea ho hlohonolofatsa batho ho tla ba le ba tsohang bafung ba bontšang tumelo thekollong ea sehlabelo sa Jesu. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Ba bangata ho bona le ka mohla ha ba e-s’o ithute ka Molimo le Kreste kahoo ba ne ba ke ke ba sebelisa tumelo ho Jesu. Ba tsositsoeng ba tla akareletsa batho ba tšepahalang ba kang Johanne Mokolobetsi, ea ileng a shoa pele lefu la Jesu le bula tsela e lebisang bophelong ba leholimo. (Mattheu 11:11) Ka ntle ho bana, ‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle bo hlatsoitse liaparo tsa bona ’me bo li soeufalitse maling a Konyana,’ Jesu Kreste. Bo arabela hamolemo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso oo hona joale o etelletsoeng pele ke “baena” ba Jesu ba tsoetsoeng hape ’me bo tla pholoha ntoa ea Molimo ea Harmagedone e le hore bo ka phela lefatšeng le hloekisitsoeng. (Tšenolo 7:9-14; 16:14-16; Mattheu 24:14; 25:31-46) Kahoo, tokisetsong ea Molimo, ba limillione ba tla bolokeha le hoja ba sa tsoaloa hape ka morero oa ho busa le Kreste maholimong.—1 Johanne 2:1, 2.

Na u tla ba har’a ba fumanang bophelo lefatšeng la paradeise? Ho ka ba joalo haeba u sebelisa tumelo sehlabelong sa Jesu Kreste ’me u kopanela ka mafolo-folo le phutheho ea Bakreste ba ’nete. Ha ea silafatsoa ke lifilosofi empa e lutse e le “tšiea le motheo oa ’nete.” (1 Timothea 3:15; bapisa le Johanne 4:24; 8:31, 32.) Joale u ka lebella bokamoso bo hlollang ha bara ba Molimo ba tsoetsoeng hape ba busa leholimong ’me bana bohle ba Molimo ba lefatšeng ba tsosolosetsoa phethehong lefatšeng le letle la paradeise. Kahoo sebelisa monyetla oa ho fumana bophelo lefatšeng leo le lecha le nang le mahlohonolo a sa feleng.—Ba-Roma 8:19-21; 2 Petrose 3:13.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Le ka mohla Adama ha a ka a fuoa khetho ea ho phela leholimong kapa ea ho hlokofatsoa ka ho sa feleng mollong oa lihele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela