Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Ke Mang ea Tšoanelehang ho Bula Moqolo?”
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 7. Ke eng e etsang hore Jesu e be eena ea tšoanelehang ho nka moqolo letsohong la Ea lutseng teroneng?

      7 Jesu ke eena eo ka ho khetheha a ileng a sebeletsa Jehova ka botšepehi le tlas’a liteko tse sehlōhō, e le motho ea phethahetseng. O ile a fana ka karabo e feletseng phephetsong ea Satane. (Liproverbia 27:11) Kahoo, o ne a ka bua ka tsela eo a buileng ka eona bosiung ba pele ho lefu la hae la sehlabelo, a re, “Ke hlōtse lefatše.” (Johanne 16:33) Ke ka lebaka leo Jehova a ileng a fa Jesu ea tsositsoeng “matla ’ohle leholimong le lefatšeng.” Ho bahlanka bohle ba Molimo ke eena a le mong ea tšoanelehang ho amohela moqolo, e le hore a tsebahatse molaetsa oa oona oa bohlokoa.—Matheu 28:18.

  • “Ke Mang ea Tšoanelehang ho Bula Moqolo?”
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 11. Ke hobane’ng ha ho tšoantša Jesu ea tlotlisitsoeng le ‘konyana e joalokaha eka e ne e hlabiloe,’ ho sa mo tlose seriti?

      11 Na ho tšoantša Jesu ea tlotlisitsoeng le ‘konyana e joalokaha eka e ne e hlabiloe,’ hoa mo nyenyefatsa kapa ho mo tlosa seriti ka tsela e itseng? Le hanyenyane! Satane o ile a hlōloa haholo ’me Jehova Molimo a hlōla haholo ha Jesu a lula a tšepahala ho isa lefung. Ho tšoantša Jesu ka tsela ena ho bontša ka ho hlaka hore o hlōtse lefatše la Satane ’me ho re hopotsa lerato le tebileng leo Jehova le Jesu ba ratang batho ka lona. (Johanne 3:16; 15:13; bapisa le Bakolose 2:15.) Kahoo, sena se bontša hore Jesu ke Peō e tšepisitsoeng, ke eena ea tšoanelehang ka ho ikhethang ho bula moqolo oo.—Genese 3:15.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela