Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 9/15 maq. 8-9
  • Thapelo ea ho Qetela ka Kamoreng e ka Holimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thapelo ea ho Qetela ka Kamoreng e ka Holimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thapelo ea Jesu e Phethelang ka Kamoreng e ka Holimo
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O Lokisetsa Baapostola Lefu la Hae
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Etsa Lintho Tumellanong le Thapelo ea Jesu e Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Buka ea Bibele ea 43—Johanne
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 9/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso tsa Hae

Thapelo ea ho Qetela ka Kamoreng e ka Holimo

ASUSUMETSOA ke lerato le tebileng bakeng sa baapostola ba hae, Jesu o ne a ntse a ba lokisetsa lefu la hae le neng le le haufi. Joale, ka mor’a ho ba khothatsa le ho ba tšelisa haholo, a phahamisetsa mahlo a hae leholimong ’me a kōpa Ntat’ae: “Tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao a u tlotlise le eena; hobane u mo neile borena holim’a nama eohle, hore bohle bao u mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng.”

Ke sehlooho se susumetsang hakaakang seo Jesu a se kenyelletsang—bophelo bo sa feleng! A neiloe “borena holim’a nama eohle,” Jesu a ka fana ka melemo ea sehlabelo sa hae sa topollo ho moloko ’ohle oa batho o shoang. Leha ho le joalo, o fana ka “bophelo bo sa feleng” ho bao feela Ntate a ba amohelang. Ha a eketsa sehloohong sena sa bophelo bo sa feleng, Jesu a tsoela pele ka thapelo ea hae:

“’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” E, poloko e itšetlehile ka ho tseba ha rōna Molimo le Mora oa oona. Empa ho hongata hoa hlokahala ho feta feela tsebo e fellang ka hloohong.

Motho o tšoanetse ho ba tseba haufi-ufi, a hōlise botsoalle ba kutloisiso le bona. Motho o lokela ho ikutloa ka tsela eo ba ikutloang ka eona ka lintho ’me a bone lintho kamoo ba li bonang ka teng. ’Me ka holim’a tsohle, motho o lokela ho loanela ho etsisa litšobotsi tsa bona tseo ho seng tse tšoanang le tsona ha a sebelisana le ba bang.

Joale Jesu oa rapela: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, ke phethile mosebetsi oo u nong u ’neile oona hore ke o etse.” A phethile kabelo ea hae ho tla fihla ntlheng ena ’me a kholisehile ka katleho ea hae ea nakong e tlang, oa kōpa: “Joale, uena Ntate, u ntlotlise ho uena, ka khanya eo ke neng ke e-na le eona ho uena, lefatše le e-so ho be teng.” E, joale o kōpa ho khutlisetsoa khanyeng ea hae ea pele ea leholimo ka tsoho.

Ha a akaretsa mosebetsi oa hae o ka sehloohong lefatšeng, Jesu o re: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng; e ne e le ba hao, ’me u ’neile bona, ’me ba bolokile lentsoe la hao.” Jesu o sebelisitse lebitso la Molimo, Jehova, tšebeletsong ea hae ’me a bontša mokhoa o loketseng oa ho le bitsa, empa o entse ho fetang ho etsa hore lebitso la Molimo le senolehe ho baapostola ba hae. O boetse a atolosa tsebo ea bona le kananelo ka Jehova, ka botho ba hae le ka merero ea hae.

A hlompha Jehova joaloka ea mo Phahametseng, Ea sebetsang ka tlas’a hae, Jesu ka boikokobetso a lumela: “Ke ba neile lipolelo tseo u ’neileng tsona, ’me ba li amohetse, ’me ba tsebile ka ’nete hobane ke tsoa ho uena, ’me ba lumetse hore ke uena u nthomileng.”

Joale Jesu oa rapela, a khetholla balateli ba hae ho batho ba bang: “Kea ba rapella; ha ke rapelle lefatše, ke rapella bao u ’neileng bona. . . . Enere ha ke sa na le bona lefatšeng, ka ’na ka ba boloka . . . ke sirelelitse bao u ’neileng bona, ’me ha ho le a mong oa bona ea timetseng ha e se mor’a timelo,” e leng Judase Iskariota. Ka oona motsotso ona, Judase o morerong oa hae o mobe oa ho eka Jesu. Kahoo, Judase o phethahatsa Mangolo a sa tsebe.

Jesu o tsoela pele ho rapela: “Lefatše le ba hloile. Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng. Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” Balateli ba Jesu ba lefatšeng, mokhatlong ona oa batho o hlophisitsoeng o busoang ke Satane, empa ba arohile ’me ka linako tsohle ba lokela ho lula ba arohile ho lona le bokhopong ba lona.

Jesu o tsoela pele: “U ba halaletse ka ’nete ea hao; lentsoe la hao ke ’nete.” Mona Jesu o bitsa Mangolo a Seheberu a bululetsoeng “’nete,” ’me o qotsa ho ’ona ka mehla. Empa seo a se rutileng barutuoa ba hae le seo hamorao ba se ngotseng tlas’a pululelo joaloka Mangolo a Bakreste a Segerike ka ho tšoanang “ke ’nete.” ’Nete e ka halaletsa motho, ea fetola bophelo ba hae ka ho felletseng, ’me ea mo etsa motho ea arohileng lefatšeng.

Joale Jesu ha a ‘rapelle bona feela, empa o rapella le ba tlang ho lumela ho [eena] ka polelo ea bona.’ Ka baka leo Jesu o rapella bao e tlang ho ba balateli ba hae ba tlotsitsoeng le barutuoa ba bang ba hae ba nako e tlang ba sa ntsaneng ba tla bokelloa ‘mohlapeng o le mong.’ Ke eng seo a se kōpelang bana bohle? “Bohle ba tle ba be bang, joale ka ha uena, Ntate, u le ho ’na, le ’na ke le ho uena, . . . ba tle ba be bang, joale ka ha rōna re le bang.”

Jesu le Ntat’ae hase motho a le mong ka sebele, empa ba lumellana linthong tsohle. Jesu o rapella hore balateli ba hae ba thabele bonngoe bona bo tšoanang hore “lefatše le tle le tsebe hoba u nthomile, le hoba u ba ratile joale ka ha u nthatile.”

Bakeng sa bao e tlang ho ba balateli ba hae ba tlotsitsoeng, joale Jesu o etsa kōpo ho Ntat’ae oa leholimo. O kōpa eng? “Hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le ’na, ba tle ba talime khanya ea ka, eo u ’neileng eona; hobane u nthatile lefatše le e-so ho theoe,” ke hore, ha Adama le Eva ba e-ba le bana ba bona ba pele. Nako e telele pele ho moo, Molimo o ratile Mora oa oona ea tsoetsoeng a inotši, eo e ileng ea e-ba Jesu Kreste.

Ha a qetella thapelo ea hae, hape Jesu oa hatisa: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ho bona.” Ho baapostola, ho ithuta lebitso la Molimo ho ne ho kopanyelletsa hore bona ka bobona ba tsebe lerato la Molimo. Johanne 17:1-26; 10:16; Liproverbia 8:22, 30.

▪ Ke ka kutloisiso efe Jesu a neiloeng “borena holim’a nama eohle”?

▪ Ho bolela eng ho tseba Molimo le Mora oa oona?

▪ Ke ka litsela life Jesu a tsebahalitseng lebitso la Molimo?

▪ “’Nete” ke eng ’me ke joang e ‘halaletsang’ Mokreste?

▪ Ke joang Molimo, Mora oa oona, le barapeli bohle ba ’nete ba leng bang?

▪ ‘Lefatše le theiloe’ neng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela