Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 2/1 maq. 4-7
  • Baprofeta ba Bohata Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Baprofeta ba Bohata Kajeno
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Nete ka ’Muso
  • Ke Hobane’ng ha O le Bohlokoa?
  • Moloko oa Batho Tlas’a ’Muso oa Molimo
  • Seo Jesu a se Rutileng ka ’Muso oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • ’Muso oa Molimo
    Tsoha!—2013
  • ’Muso oa Molimo O-oa Busa
    Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 2/1 maq. 4-7

Baprofeta ba Bohata Kajeno

JEREMIA o ile a sebeletsa e le moprofeta oa Molimo Jerusalema nakong ea ha motseng oo ho ne ho atile borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali, tšenyeho, le ho tšolla mali a se nang molato. (Jeremia 7:8-11) E ne e se eena feela moprofeta ea mafolo-folo nakong eo, empa ba bang e ne e le ba ipatlelang se molemo ho bona le ba tletseng tšenyeho. Ka tsela efe? Jehova o re: “Hobane ba hlile ba ineela takatso ea ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moprofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata. Ba oka leqeba la morali oa sechaba sa ka ka bobebe, ka hore: Khotso! khotso! kanthe ha ho khotso.”—Jeremia 6:13, 14.

Baprofeta ba bohata ba ile ba leka ho etsa hore ho bonahale eka, lintho li ne li lokile, ’me sechaba se ne se le khotsong le Molimo ho sa tsotellehe tšenyeho e neng e le teng naheng eo; empa ho ne ho se joalo. Kahlolo ea Molimo e ne e ba emetse, joalokaha Jeremia a ile a phatlalatsa a sa tšabe letho. Moprofeta oa ’nete Jeremia, eseng baprofeta ba bohata, o ile a pakoa e le eena moprofeta oa ’nete ha Jerusalema e ripitloa ke masole a Babylona ka 607 B.C.E., tempele e senngoa, le sechaba se bolaoa kapa se isoa botlamuoeng Babylona e hōle. Ba hlomolang pelo ba ’maloa ba ileng ba sala naheng eo ba ile ba balehela Egepeta.—Jeremia 39:6-9; 43:4-7.

Baprofeta ba bohata ba ne ba entse’ng? “Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baprofeta ba utsoang mantsoe a ka, e mong ho e mong.” (Jeremia 23:30) Baprofeta ba bohata ba ile ba utsoa matla le phello ea ho mamela mantsoe a Molimo ka ho khothalletsa batho ho mamela mashano ho e-na le temoso ea ’nete e tsoang ho Molimo. Ba ne ba sa bolele “limakatso tsa Molimo,” empa ba ne ba bolela likhopolo tsa bona, ba bolela lintho tseo batho ba neng ba batla ho li utloa. Ruri molaetsa oa Jeremia o ne o e-tsoa ho Molimo, ’me hoja Baiseraele ba ile ba etsa ka mantsoe a oona, ba ka be ba ile ba pholoha. Baprofeta ba bohata ‘ba ile ba utsoa mantsoe a Molimo’ ’me ba isa batho tlokotsing. Ho bile joalokaha Jesu a ile a bolela ka baeta-pele ba bolumeli ba sa tšepahaleng ba mehleng ea hae: “Ke lifofu tse tsamaisang lifofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, li tla oela sekoting tse peli.”—Liketso 2:11; Mattheu 15:14.

Joaloka mehleng ea Jeremia, le kajeno ho na le baprofeta ba bohata ba ipolelang hore ba emela Molimo oa Bibele; empa le bona ba utsoa mantsoe a Molimo ka ho ruta lintho tse etsang hore batho ba khelohe seo Molimo ka Bibele, o hlileng o se bolelang. Ka tsela efe? A re arabele potso eo ka ho sebelisa, thuto ea motheo ea Bibele ea ’Muso e le teko eo re lekanyetsang ka eona.

’Nete ka ’Muso

’Muso oa Molimo e ne e le sehlooho se seholo sa thuto ea Kreste, ’me o boleloa ka makhetlo a fetang lekholo ka har’a Likosepele. Qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” O ile a ruta balateli ba hae ho rapela: “Ho tle ’muso oa hao.”—Luka 4:43; 11:2.

Joale, ’Muso ke eng? Ho ea ka The New Thayer’s Greek English Lexicon, lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “’muso” ka Bibeleng tabeng ea pele le bolela, “matla a borena, borena, bobusi, puso” ’me tabeng ea bobeli le bolela, “sebaka se tlas’a puso ea morena.” Ho tsoa ho sena re ka etsa qeto e utloahalang ea hore ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele e tsamaisoang ke Morena. Na ho joalo?

E, ho joalo, ’me Morena ke Jesu Kreste ka boeena. Pele ho tsoalo ea Jesu lengeloi Gabriele le ile la re ho Maria: “O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; Morena Molimo o tla mo nea terone ea Davida ntat’ae.” (Luka 1:32) Hore ebe Jesu o fuoa terone ho tiisa hore ke Morena, ’Musi oa puso. Ho hong ho pakang hore ’Muso ke puso ea sebele ke boprofeta ba Esaia: “Re tsoaletsoe ngoana, re neiloe mora; borena bo beiloe lehetleng la hae, . . . hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng.”—Esaia 9:6, 7.

Jesu o busa a le hokae? A le Jerusalema? Che. Moprofeta Daniele o ile a bona pono ea ha Jesu a amohela ’Muso, ’me pono ea hae e bontša Jesu a le leholimong. (Daniele 7:13, 14) Sena se lumellana le tsela eo Jesu a ileng a bua ka ’Muso ka eona. Hangata o ne a o bitsa “’Muso oa maholimo.” (Mattheu 10:7; 11:11, 12) Se boetse se lumellana le mantsoe a Jesu ho Pilato ha Jesu a ne a le nyeoeng: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena; hoja ’muso oa ka o tsoa lefatšeng lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ntoanela, ke tle ke se ke ka neeloa ba-Jode; empa joale, ’muso oa ka hase oa mona.” (Johanne 18:36) Na moruti oa hao o u rutile hore ’Muso oa Jesu ke puso ea sebele, e busang ho tsoa leholimong? Kapa o u rutile hore ’Muso ke ntho feela e teng ka pelong? Haeba ho joalo, o u utsoelitse mantsoe a Molimo.

Kamano ke efe pakeng tsa puso ea ’Muso le mefuta eohle e sa tšoaneng ea mebuso ea batho? Ho ea ka The Encyclopedia of Religion, e hlophisitsoeng ke Mircea Eliade, Martin Luther Mohlahisi oa Liphetoho tsa Bolumeli, ha a tšohla taba ea ’Muso, o ile a etsa tlhahiso ena: “Puso ea lefatše . . . e ka ’na ea boela ea bitsoa ’muso oa Molimo.” Ba bang ba ruta hore batho, ka boiteko ba bona, ba ka etsa hore mebuso ea batho e tšoane le ’Muso oa Molimo. Ka 1983 Lekhotla la Lefatše la Likereke le ile la lumela: “Ha re ntse re pakela takatso ea rōna e tiileng ea khotso ka mehato e tobileng, Moea oa Molimo o ka sebelisa boiteko ba rōna bo fokolang bakeng sa ho etsa hore mebuso ea lefatše lena e tšoane le ’muso oa Molimo.”

Leha ho le joalo, hlokomela hore Thapelong ea Morena (ea “Ntat’a rōna”), Jesu o rutile balateli ba hae ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle ’me ke ka mor’a sena feela a ileng a ba bolella ho rapella hore: “Thato ea hao [Molimo] e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Ka mantsoe a mang, batho ha ba etse hore ’Muso o tle ka ho etsa thato ea Molimo. Ke ho tla ha ’Muso ho etsang hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng. Joang?

Mamela seo boprofeta ba Daniele khaolo 2, temana 44, bo se bolelang: “Mehleng ea marena ao [babusi ba batho ba mehleng ea bofelo], Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, . . . o tla robaka o felise mebuso eo kaofela.” Ha ho makatse hore Jesu o ile a bolela hore ’Muso oa hae hase karolo ea lefatše lena! Ho e-na le hoo, ’Muso o tla felisa mebuso, puso, ea lefatše lena ’me o e nkele sebaka ho buseng moloko oa batho. Joaloka puso e fanoeng ke Molimo ea batho, o tla tiisa hore thato ea Molimo e-ea etsoa lefatšeng.

Lebaka la hore ’Muso ona o nke khato e matla joalo le hlaka haholoanyane ha re nahanisisa ka hore na ke mang ea laolang lefatše lena. Moapostola Johanne o ile a ngola: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) “E mobe” ke Satane Diabolose, eo Pauluse a ileng a ’mitsa “molimo oa lefatše lena.” (2 Ba-Korinthe 4:4) Ha ho kamoo mekhatlo e lefatšeng leo molimo oa lona e leng Satane Diabolose e ka tsebahatsoang e le ’Muso oa Molimo.

Lena ke lebaka le leng leo ka lona Jesu a sa kang a itšunya-tšunya lipolotiking. Ha Bajode ba nang le moea oa bochaba ba ne ba leka ho mo etsa morena, o ile a ba qoba. (Johanne 6:15) Joalokaha re bone, o ile a bolella Pilato pepenene hore: “’Muso oa ka ha o tsoe lefatšeng lena.” ’Me tumellanong le sena, o ile a re ka balateli ba hae: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:16) Ka hona, baeta-pele ba bolumeli ba rutang hore ho tla ha ’Muso oa Molimo ho potlakisoa ke lintlafatso tse etsoang tsamaisong ena ea lintho le ba khothalletsang mehlape ea bona ho sebeletsa pakaneng eo ke baprofeta ba bohata. Ba utsoa matla le phello ea seo Bibele e hlileng e se bolelang.

Ke Hobane’ng ha O le Bohlokoa?

Na see sohle ke khang e etsoang ka bohlale feela? Ho hang ha ho joalo. Lithuto tse fosahetseng ka ’Muso oa Molimo li khelositse batho ba bangata ’me li bile tsa ama kamoo histori e bileng ka teng. Ka mohlala, buka Théo, e leng buka ea lipatlisiso ea Roma e K’hatholike, e re: “Batho ba Molimo ba hatela pele ho ea ’Musong oa Molimo o qaliloeng lefatšeng ke Kreste . . . Kereke ke peō ea ’Muso ona.” Ho tsebahatsoa ha Kereke e K’hatholike e le ’Muso oa Molimo ho ile ha neha kereke matla a maholo lefatšeng nakong ea Mehla e Bohareng e neng e tletse tumela-khoela. Esita le kajeno, ba boholong ka kerekeng ba leka ho susumetsa tsela eo litaba tsa lefatše li tsamaisoang ka eona, ba tšehetsa litsamaiso tse ling tsa lipolotiki ’me ba loantša tse ling.

Mohlalosi e mong o ile a fana ka pono e ’ngoe e atileng kajeno ha a re: “Tsela ea phetohelo ke ’muso hobane phetohelo ke batho ba kopanang ’moho bothong bo bocha, e susumetsoa ke pontšo ea bomolimo e fanoeng ka motho oa ’nete—Jesu . . . Gandhi . . . bara ba Berrigan.” Ho ruta hore ’Muso oa Molimo o ka ntšetsoa pele ke ho tšoareha ka matla liphetohelong le ho iphapanyetsa linnete tsa sebele ka ’Muso ho entse hore baeta-pele ba bolumeli ba hlōlisane litulong tsa bopolotiki. Ho entse hore ba bang ba kenelle merusung ea baahi esita le ho nka karolo lintoeng tsa likhukhuni. Ha ho letho ho sena le tumellanong le ’nete ea hore ’Muso hase karolo ea lefatše lena. ’Me baeta-pele ba bolumeli ba kenellang ka ho teba lipolotiking ba hōle le ho se be karolo ea lefatše, joalokaha Jesu a ile a bolela hore barutuoa ba hae ba ’nete e ne e ke ke ea ba karolo ea lefatše. Ba rutang hore ’Muso oa Molimo o tlisoa ke khato ea bopolotiki ke baprofeta ba bohata. Ba utsoetsa batho mantsoe a Molimo.

Haeba baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba hlile ba ruta se boleloang ke Bibele, mehlape ea bona e ka be e tseba hore ruri ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata a joaloka bofutsana, mafu, khethollo ea merabe, le khatello. Empa hoo ho tla etsahala nakong e khethiloeng ea Molimo le ka tsela ea Molimo. E ke ke ea ba ka lintlafatso tsa litsamaiso tsa lipolotiki, tse tla fela ha ’Muso o e-tla. Hoja baruti bana e ne e le baprofeta ba ’nete, ba ka be ba rutile mehlape ea bona hore ha e ntse e emetse ’Muso oa Molimo hore o nke khato, e ka fumana thuso ea sebele, e fanoang ke Molimo, e sebetsang bakeng sa ho sebetsana le mathata ao khethollo ea lefatše lena e a bakang.

Qetellong, ba ka be ba rutile mehlape ea bona hore maemo a ntseng a mpefala lefatšeng a bakang mahlomola a mangata hakana a ile a profetoa ka Bibeleng ’me ke pontšo ea hore ho tla ha ’Muso ho atametse. E, haufinyane ’Muso oa Molimo o tla kenella ’me o nkele mekhatlo e teng hona joale ea lipolotiki sebaka. E tla ba tlhohonolofatso e kaakang!—Mattheu 24:21, 22, 36-39; 2 Petrose 3:7; Tšenolo 19:11-21.

Moloko oa Batho Tlas’a ’Muso oa Molimo

Ho tla ha ’Muso oa Molimo ho tla bolela eng ho moloko oa batho? Na u ka ipona u tsoha hoseng ho hong le ho hong u le sehlahlo? Ho se motho eo u mo tsebang ea kulang kapa ea shoang. Esita le baratuoa ba hao ba shoeleng ba khutliselitsoe ho uena ka tsoho ea bafu. (Esaia 35:5, 6; Johanne 5:28, 29) Ha ho sa na ho khathatseha ka litaba tsa moruo ho bakoang ke tsamaiso ea khoebo e nang le boithati kapa litsamaiso tsa moruo tse sa lekaneng. U na le lehae la hao le nang le lintho tsohle tse hlokahalang le naha e lekaneng hore u leme tsohle tseo u li hlokang ho fepa lelapa. (Esaia 65:21-23) U ka itsamaela hohle ka nako leha e le efe bosiu kapa motšehare u sa tšohe ho hlaseloa. Ha ho sa na lintoa—ha ho letho le behang tšireletseho ea hao kotsing. Motho e mong le e mong o amehile ka boiketlo ba hao. Ba khopo ha ba eo. Ho rena lerato le ho loka. Na u ka nahana ka nako e joalo? Ona ke oona mofuta oa lefatše leo ’Muso o tla le tlisa.—Pesaleme ea 37:10, 11; 85:10-13; Mikea 4:3, 4.

Na hoo ke toro feela e monate? Che. Bala mangolo a ngotsoeng serapeng se ka holimo, ’me u tla fumana hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoeng moo e bonahatsa litšepiso tse tiileng tsa Molimo. Haeba ho fihlela hona joale ha u e-s’o fuoe setšoantšo sena sa ’nete sa se ka etsoang ke ’Muso oa Molimo le seo o tla se etsetsa moloko oa batho, joale motho e mong o u utsoelitse mantsoe a Molimo.

Ka ho thabisang, ha ho hlokahale hore ho lule ho le joalo. Jesu o ile a bolela hore mehleng ea rōna “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Makasine oo o u balang ke karolo ea mosebetsi oo oa ho ruta. Re u khothalletsa hore u qobe ho thetsoa ke baprofeta ba bohata. Batlisisa ka hare ho Lentsoe la Molimo hore u fumane ’nete ka ’Muso oa Molimo. Joale, ikokobelletse ’Muso oo, oo e leng tokisetso ea Molisa e Moholo, Jehova Molimo. Ho bua ’nete, ena ke eona tšepo feela ea motho, ’me e tla phethahala.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Luther o ne a ruta hore puso ea motho e ka talingoa joaloka ’Muso oa Molimo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of the Trustees of the British Museum

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Joaloka Molisa ea lerato, Jehova ka ’Muso oa hae o tla tlisa maemo ao motho a ke keng a a tlisa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela