-
“’Nete Ke’ng?”Molula-Qhooa—1995 | July 1
-
-
“’Nete Ke’ng?”
BANNA ba babeli ba talimaneng ba ne ba fapane ka ho feletseng. E mong e ne e le ralipolotiki ea sa tšepeng batho ba bang, ea ratang botumo, ea ruileng, ea itokiselitseng ho etsa ntho leha e le efe ho ntšetsa pele mosebetsi oa hae. E mong e ne e le tichere e hanneng borui le botumo ’me e ne e itokiselitse ho etsa bophelo ba eona sehlabelo bakeng sa ho pholosa bophelo ba ba bang. Ho hlakile hore banna bana ba babeli ba ne ba se na pono ea litaba e tšoanang! Tabeng e ’ngoe e itseng, ba ile ba hanana ka ho feletseng—e leng taba ea ’nete.
Banna bana e ne e le Ponse Pilato le Jesu Kreste. Jesu o ne a eme ka pel’a Pilato joaloka motlōli oa molao ea ahlotsoeng. Hobane’ng? Jesu o ile a hlalosa hore lebaka la sena—lebaka leo e leng lona la sebele la hore ebe o tlile lefatšeng le ho phetha tšebeletso ea hae—o ne a tletse ntho e le ’ngoe: ’nete. O ile a re: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.”—Johanne 18:37.
Karabo ea Pilato e ile ea e-ba potso e hlokomelehang: “’Nete ke’ng?” (Johanne 18:38) Na o ne a hlile a batla karabo? Ha ho bonahale joalo. Jesu e ne e le motho ea neng a ka araba potso leha e le efe eo a neng a e botsoa ka botšepehi, empa ha aa ka a araba Pilato. ’Me Bibele e bolela hore ka mor’a ho botsa potso ea hae, ntle ho tika-tiko Pilato o ile a tsoa phaposing eo batho ba neng ba le ho eona. Ho ka etsahala hore ebe ’musisi eo oa Moroma o ne a botsitse potso eo ka mokhoa oa ho hloka tšepo ho motho le ho se lumele, joalokaha eka o ne a re, “’Nete? Ke eng hoo? Ha ho ntho e kang eo!”a
-
-
“’Nete Ke’ng?”Molula-Qhooa—1995 | July 1
-
-
a Ho latela setsebi sa Bibele R. C. H. Lenski, “mokhoa oa ho bua [oa Pilato] ke oa motho oa lefatše ea se nang thahasello eo ka potso ea hae a fanang ka maikutlo a hore ntho leha e le efe e sebōpehong sa ’nete ea bolumeli ke khopolo e se nang thuso.”
-