Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 6/1 leq. 27
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boprofeta bo Khahlanong le Tyre bo re Thusa ho Tšepa Lentsoe la Molimo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Jehova o Nyelisa Boikhohomoso ba Tyre
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
  • Lichaba Tse Potolohileng Jerusalema
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
  • Lichaba li “Tla Tseba Hore ke ’na Jehova”
    Jehova o Tsosolositse Borapeli ba ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 6/1 leq. 27

Re U Lome Tsebe?

Ke Hobane’ng ha Ponse Pilato a Ile a Tšoha ha a Utloa Jesu a Qosoa ka Hore o “Ikentse Mor’a Molimo”?—Johanne 19:7.

Ka mor’a hore Juliase Cesare a shoe, ntlo ea Senate ea Roma e ile ea mo phahamisetsa boemong ba ho ba molimo. Ka mor’a moo, mohlahlami oa hae Octavian, eo a neng a mo nkile ka molao hore e be mora oa hae, o ile a fuoa tlotla ea divi filius, ke hore, “Mora oa ea Nang le Bomolimo,” kapa “Mora oa Molimo.” Tlotla ena ea Selatine e ile ea e-ba tlotla e halalelang ea baemphera. Sena se tiisoa ke mantsoe a ngotsoeng lialetareng, litempeleng, liemahaleng le licheleteng tsa tšepe tsa Roma. Ha Bajuda ba ne ba qosa Jesu ka hore o iketsa “mor’a Molimo,” ha e le hantle ba ne ba mo qosa ka hore o iphile tlotla ea borena, e leng se neng se tšoana le ho hlohlelletsa bofetoheli.

Nakong ea nyeoe ea Jesu, Tiberiuse o ne a filoe tlotla ea divi filius. Moemphera enoa o ne a e-na le botumo bo tšabehang ba ho bolaea mang kapa mang eo a neng a nka hore ke sera sa hae. Kahoo ha Bajuda ba ne ba fana ka maikutlo a hore Pilato o ne a tla ba molato oa ho se tšepahale ho Cesare haeba a sa ahlole Jesu, ’musisi enoa oa Roma o ile a “tšoha haholo.” Qetellong o ile a inehela ’me a laela hore Jesu a bolaoe.—Johanne 19:8, 12-16.

Ke hobane’ng ha Zakaria a ile a profeta hore Tyre e tla timetsoa empa e ne e se e le khale Bababylona ba e felisitse?

Ha e le hantle, Tyre ea boholo-holo e ne e le metse e ’meli e Lebōpong la Mediterranean. O mong o ne o le hōle le leoatle, ’me o mong o le sehlekehlekeng.

Baahi ba Tyre e kile ea e-ba metsoalle ea Baiseraele. Leha ho le joalo, hamorao batho ba Tyre ba ile ba rua ’me ba qala ho hanyetsa Jehova Molimo ho ea bohōleng ba ho utsoa khauta le silevera tempeleng ea hae ’me ba rekisa batho ba bang ba hae bokhobeng. (Joele 3:4-6) Sena se ile sa etsa hore Jehova a ahlole Tyre. Jehova o ile a sebelisa baprofeta ba hae ho bolela esale pele hore Tyre e ne e tla oela matsohong a Morena Nebukadnezare oa Babylona, ea ileng a kenya mabotho a hae a ntoa Tyre ka mor’a hore a timetse Jerusalema ka 607 B.C.E.—Esaia 23:13, 14; Jeremia 27:2-7; Ezekiele 28:1-19.

Ha batho ba Tyre ba bona hore ntoa ea ba imela, ba ile ba baleha ba nkile matlotlo a bona ba ea motseng o sehlekehlekeng. Bababylona ba ile ba ripitla motse o hōle le leoatle. Lilemo tse ka bang 100 hamorao, Jehova o ile a bululela moprofeta Zakaria hore a phatlalatse kahlolo ea Hae khahlanong le Tyre a re: “Bonang! Jehova o tla e leleka, ’me ka sebele o tla lihela lebotho la eona la sesole leoatleng; ’me e tla timetsoa mollong.”—Zakaria 9:3, 4.

Ka 332 B.C.E., motse o sehlekehlekeng o ile oa timetsoa ke Alexandere e Moholo, ka ho etsa joalo a phethahatsa boprofeta ba Zakaria. Alexandere o ile a haha borokho bo bolelele ba limithara tse 800 bo tlohang sebakeng se hōle le leoatle bo eang sehlekehlekeng, a sebelisa lehong le majoe ao a a nkileng lithakong tsa Tyre ea boholo-holo. Sena le sona se ne se profetiloe ke Ezekiele.—Ezekiele 26:4, 12.

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

“Thibello ea Tyre”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Drawing by Andre Castaigne (1898-1899)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela