Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Jesu . . . o Ile a ba Rata ho Isa Bofelong”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • 9 Letsatsing leo Jesu a bolauoeng ka lona, o ile a bontša ka tsela e amang maikutlo hore o amehile ka hore batho bao a ba ratang ba be le boiketlo moeeng. Nahana ka boemo bo latelang. Jesu o ne a le thupeng, a utloa bohloko bo otlang pelo. Kamoo ho bonahalang kateng, e le hore a khone ho hema o ne a lokela ho ema ka litšetšekoane. Ha ho pelaelo hore seo se ne se mo utloisa bohloko le ho feta ha boima ba ’mele bo ngamola maqeba a lipekere a maotong a hae ’me mokokotlo oa hae o hlenhlaneng o hohla thupa eo a khokhothetsoeng ho eona. Kaha ho bua ho tsamaisana le ho hema, e tlameha ebe ho ne ho le thata ho bile ho le bohloko ha a bua. Empa nakoana pele Jesu a e-shoa, o ile a bua mantsoe a bontšang lerato le tebileng leo a ratang ’mè oa hae, Maria, ka lona. Ha Jesu a bona Maria le moapostola Johanne ba eme haufi le moo, o ile a re ho ’mè oa hae ka lentsoe le phahameng hoo batho ba ka thōko ba neng ba ka utloa: “Mosali, bona! Mora oa hao!” A ntan’o re ho Johanne: “Bona! ’M’ao!” (Johanne 19:26, 27) Jesu o ne a tseba hore moapostola eo ea tšepahalang o ne a tla fa Maria seo a se hlokang nameng le moeeng.b

  • “Jesu . . . o Ile a ba Rata ho Isa Bofelong”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
    • b Kamoo ho bonahalang kateng, ka nako eo Maria e ne e se e le mohlolohali, ’me bana ba bang ba hae e ne e e-s’o be barutuoa ba Jesu.—Johanne 7:5.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela