Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jesu oa Phela!
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Basali ba tlileng lebitleng la Jesu ba eme le monna oa mateneng ha ba fumana le re u ‘n’u ’nehile’ng?’ Maria Magdalena oa le tipa-tipa o ea ho “Simone Petrose le ho morutuoa e mong, eo Jesu a neng a mo rata” e leng moapostola Johanne. (Johanne 20:2) Khabareng, basali ba setseng ba bona lengeloi. Ka har’a lebitla, ho boetse ho na le lengeloi le leng le apereng “seaparo se selelele sa ka holimo se sesoeu.”​—Mareka 16:5.

  • Jesu oa Phela!
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
    • Nakong ena, Maria o se a fumane Petrose le Johanne. A hemesela, o re ho bona: “Ba tlositse Morena ka lebitleng la khopotso, ’me ha re tsebe hore na ba mo behile hokae.” (Johanne 20:2.) Joale Petrose le Johanne ba tloha ba matha. Johanne o lebelo ho feta Petrose kahoo o mo fihlela pele. Leha ho le joalo, ha a kene ka har’a lebitla empa o nyarela feela ’me o bona feela masela a neng a thatetse Jesu.

      Ha Petrose a fihla, o itšohlometsa ka hare. O bona masela a line le lesela le neng le thatetse hlooho ea Jesu. Joale Johanne le eena oa kena ’me o lumela seo Maria a se boletseng. Le hoja Jesu a ile a ba bolella hore o tla tsosoa bafung, ha ho le ea mong oa bona ea lemohang hore seo ke sona se etsahetseng. (Matheu 16:​21) Joale ba ea hae hlooho li eme ntsi! Maria eena o sala lebitleng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela