Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 2/15 maq. 15-20
  • “Khotso E Be Le Lōna”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Khotso E Be Le Lōna”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khotso Ea Bomolimo Kajeno
  • Khotso Ea Bomolimo E Tla Le Lebela
  • Likotsi Tse Sokelang Khotso ea Bomolimo
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mokhoa oa hore U Latsoe Khotso ea Molimo Haholoanyane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na U ka ba le Khotso Lefatšeng Lee le Tletseng Mathata?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • ‘Batla Khotso ’me U e Phehelle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 2/15 maq. 15-20

“Khotso E Be Le Lōna”

“Jesu a hlaha, a ema har’a bona, a re ho bona: Khotso e be le lōna.”—JOHANNE 20:19.

1. Ke hobane’ng ha boiteko ba batho ba ho tlisa khotso ea lefatše bo tlamehile ho hlōleha?

“LEFATŠE lohle le pusong ea E Mobe.” (1 Johanne 5:19, TLP) Hona e ne e le ’nete mehleng ea Johanne, ’me ho bile ho totobetse haholoanyane mehleng ea rōna, ka keketseho e tšosang ea pefo ea motho ho e mong, bokhukhuni, lintoa le tšenyeho. Polelo e bululetsoeng ea Johanne e boetse e hlakola tšepo leha e le efe ea ho finyella khotso ea lefatše ka boiteko ba batho, ho sa tsotellehe boiteko ba mopapa, baeta-pele ba lichaba, le ba Machaba a Kopaneng. Hobane’ng? “Ha ho khotso e boloketsoeng ba bolotsana: ho bolela Molimo oa ka!”—Esaia 57:21.

2. Lentsoe “khotso” le fana ka maikutlo afe, haholo-holo ka Seheberu le ka Segerike?

2 Leha ho le joalo, lentsoe “khotso” le ka bolela ntho e ’ngoe ho feta feela ho ba sieo ha ntoa. Khotso e ka boela ea ba “boemo ba kelello kapa ba moea bo khetholloang ka ho lokoloha likhopolong tse hlokisang botsitso kapa tse hatellang kapa maikutlo: botsitso ba kelello le pelo.” Empa, lentsoe la Seheberu bakeng sa “khotso” (sha·lohmʹ) le lentsoe la Segerike (ei·reʹne) a na le moelelo o pharaletseng haholoanyane le ho feta. A boetse a fana ka maikutlo a boiketlo, joaloka mantsoeng a karohano, “Ikele ka khotso.” (1 Samuele 1:17; 29:7; Luka 7:50; 8:48) Sena se re thusa ho ananela ho ameha ha Jesu ho lerato ka barutuoa ba hae nakong e mahlonoko e likolohileng lefu la hae.

3. Jesu o ile a bontša ho ameha ka ho tebileng ka barutuoa ba hae joang kamor’a tsoho ea hae, ’me e le ka phello efe?

3 Jesu o ile a shoa ka Labohlano, la 14 Nisane, selemong sa 33 C.E. Ka Sontaha, la 16 Nisane, o ile a tsosoa. Joaloka mehleng, a amehile ka ho tebileng ka boiketlo ba barutuoa ba hae, o ile a ea ba batla. O ile a ba fumana hokae? Ba ne ba inotleletse ka tlung “ka baka la ho tšaba ba-Jode.” Ka ho utloahalang, ba ne ba belaela, ba tšohile. Empa Jesu a re: “Khotso e be le lōna!” (Johanne 20:19-21, 26) Hamorao, ba matlafalitsoe ke moea o halalelang, ba ile ba tsoella hantle. Ka sebete ba ile ba qalella kabelong ea bona ea boboleli, ba thusa ba bangata ho finyella khotso ea bomolimo.

Khotso Ea Bomolimo Kajeno

4. Batho ba Jehova ba ka boloka khotso ea kelello le ea pelo joang linakong tsee tse bohloko?

4 Re phela mehleng ea qetello, ‘linakong tse bohloko.’ (2 Timothea 3:1) Banna ba lipere ba boletsoeng esale pele ho Tšenolo ba palame ho pholletsa le lefatše—joalokaha u ka bona ka lintoa, likhaello tsa lijo, le lefu le tlisoang ke ho kula. (Tšenolo 6:3-8) Batho ba Jehova le bona ba angoa ke maemo a ba pota-potileng. Kahoo ke joang u ka bolokang khotso ea bomolimo ea kelello le ea pelo? Ka ho ipoloka u le haufi-ufi le Mohloli o moholo oa matšeliso le khotso. Joalokaha sehlooho se kapele se bontšitse, sena se hloka ho rapela le ho kōpa khafetsa. Ka tsela eo “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:6, 7.

5. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a kholisehile hore “khotso ea Molimo” e ne e ka lebela lipelo tsa rōna?

5 Moapostola Pauluse, ea ngotseng mantsoe ao, o ne a ile a mamella likotsi le mathata ka boeena. O ne a ile a koalloa teronkong ’me a shaptjoa ke Bajode le Baroma. O ile a tlepetsoa ka majoe ’me a siuoa hore a shoe. Ho tsamaea ho ne ho le kotsi mehleng eo; Pauluse o ile a robeheloa ke sekepe ka makhetlo a mararo, ’me hangata o ne a ka ntšoa kotsi ke linokoane. O ile a qeta masiu a mangata a sa robale ’me khafetsa o ne a hlokofatsoa ke serame, tlala, le lenyora. Ho sa tsotellehe tseo kaofela, letsatsi le leng le le leng o ne a utloa “ho ameha ka liphutheho kaofela.” (2 Ba-Korinthe 11:24-28, NW) Kahoo ho tsoa phihlelong e khōlō ea botho, Pauluse o ne a tseba hore na “khotso ea Molimo” e ka lebelang lipelo tsa rōna ke ea bohlokoa hakae.

6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho haha le ho boloka tlamahano e mofuthu, e haufi-ufi le ’Mōpi oa rōna?

6 “Khotso ea Molimo” e ka hlalosoa e le boikutlo ba khutso le khotsofalo, bo bontšang kamano e ntle le Molimo. Hona ke habohlokoahali bakeng sa Bakreste, haholo-holo ha ba thulana le mahloriso kapa mahlomola. Hobane’ng? Koana, kaofela ha rōna ha rea phethahala; kahoo, ha re hlaseloa ke mathata, khatello, khanyetso, kapa re khinoa ke mathata a mefuta e fapa-fapaneng, re ne re ka tšoha habobebe. Hoo ho ka ’na ha khannela hore re hlōloe ho boloka botšepehi. Hoo ho ne ho tla tlisa thohako lebitsong la Molimo, ho re hlokise kamohelo ea Jehova, ’me ho ne ho ka etsa hore re lahleheloe ke bophelo bo sa feleng. Kahoo ke habohlokoa hakaakang ho loanela ho fumana “khotso ea Molimo” e tla re thusa ho thulana le liphephetso tse joalo ka katleho! Ka sebele khotso e joalo ke e ’ngoe ea ‘limpho tse ntle le lineo tse phethehileng’ tse fanoeng ke Ntate oa rōna oa leholimo.—Jakobo 1:17.

7, 8. (a) “Khotso ea Molimo” e theiloe holim’a eng, ’me e ‘fetisa kutloisiso eohle’ joang? (b) Khotso e joalo e ile ea bonahala e le mohlala joang tabeng ea moena e mong oa Moafrika?

7 E ka ’na eaba u bone hore batho ba bang ba tsoela pele ba tsitsitse ’me ba e-na le tšepo bophelong. Hangata hona ho tlisoa ke matla a tlhaho, tšusumetso ea lelapa, leruo, thuto, kapa maemo a mang a joalo. “Khotso ea Molimo” e fapane haholo. Ha ea theoa holim’a maemo a molemo, kapa hona hore e tla ka baka la matla a botho kapa monahano. Mohloli oa eona ke Molimo ’me ke “e fetisang kutloisiso eohle.” J. B. Phillips o beha Ba-Filippi 4:7 ka hore “khotso ea Molimo . . . e phahametse kutloisiso ea motho.” Hangata batho ba lefatše ba makatsoa ke tsela eo Bakreste ba talimanang le mathata a tebileng ka eona, ho tsoa kotsi ’meleng kapa le lona lefu.

8 Mohlala oa kajeno oa sena ke oa e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a ntse a tsamaisa seboka sa Bokreste naheng e ’ngoe ea Afrika moo Lipaki, ka baka la tlhohlelletso e khōlō ea Mak’hatholike a sebaka seo li neng li qosoa ka hore ke likhukhuni. Ka tšohanyetso, basebetsi ba sepolesa-sesole ba hlaha ba tsomutse lisabole. Ba re basali le bana ba ee hae empa ba qala ho otla banna. Paki eo ea hopola: “Ke haelloa ke mantsoe ao ka ’ona nka hlalosang tsela eo re ileng ra tšoaroa ka eona. Mookameli ea ikarabellang o ile a phatlalatsa pepenene hore re ne re tla otloa ho isa lefung. Ke ile ka otloa ka molamu hoo ke bileng ka hlatsa mali ka matsatsi a 90 hamorao. Empa ke ne ke amehile ka bophelo ba metsoalle ea ka. Ke ile ka kōpa Jehova ka thapelo hore a hlokomele bophelo ba bana, linku tsa hae,” bao kaofela ba ileng ba pholoha. Ke mohlala o mokaakang oa ho boloka botsitso bomalimabeng bo tšabehang le oa ho nahanela ba bang ka lerato! E, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o araba likōpo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, o ba nea khotso ea hae. Le leng la masole a neng a hloletsoe ketsahalong eo le ile la bolela hore Molimo oa Lipaki “e tlameha e be ke oa ’nete.”

9. Ho bala Bibele le ho nahanisisa ka eona ho ka ba le phello efe?

9 Mehleng ena e thata, Bakreste ba bangata ba na le mathata a etsang hore ba ikutloe ba ferekane maikutlo ’me ba nyahame. Tsela e molemo ea ho boloka khotso ea kelello ke ho bala Bibele le ho nahanisisa ka eona. E ka kenya motho matla le boikemisetso ba ho tsoela pele le ho ema a tiile. “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—Ba-Heberu 4:12, NW.

10. Ho khona ho hopola mangolo e ne e ka ba tlhohonolofatso joang?

10 Empa, ho thoe’ng haeba re hlaheloa ke bomalimabe ka nako eo ka eona re ke keng ra fumana Bibele? Ka mohlala, Mokreste a ka ’na a tšoaroa ka tšohanyetso ’me a hlahleloa teronkong a se na Bibele. Tabeng eo, e ne e tla ba tlhohonolofatso ea sebele hore a khone ho hopola litemana tse kang Ba-Filippi 4:6, 7; Liproverbia 3:5, 6; 1 Petrose 5:6, 7; le Pesaleme ea 23. Na u ne u ke ke ua ananela ka ho tebileng hore u khona ho hopola le ho nahanisisa ka likarolo tse joalo? Tulong ea teronko e sa khahleheng, ho ne ho tla tšoana le hoja Jehova ka boeena a bua le uena. Lentsoe la Molimo le ka folisa likelello tse tetetsehileng, la tiisa lipelo tse tepeletseng, ’me la nkela matšoenyeho a kelello sebaka ka khotso. (Bona Pesaleme ea 119:165.) E, ke habohlokoa haholo ho kenya mangolo ka likelellong tsa rōna hona joale ha re sa ntsane re e-na le monyetla oa ho etsa joalo.

11. Moena e mong oa Netherlands o ile a bontša tlhokahalo ea lijo tsa moea joang?

11 Arthur Winkler ke e mong ea ileng a ananela Bibele ka ho tebileng, haholo-holo nakong ea ha Manazi a hapile Netherlands, ha Lipaki li ne li lokela ho ntšetsa pele tšebetso ea tsona ea Bokreste ka sekhukhu. Mapolesa a Jeremane a ne a ntse a tsōma Moena Winkler. Ha a qetella a mo tšoere, a ile a leka ho mo etsa hore a sekisetse empa a hlōleha. Eaba a mo otla ho fihlela a akheha. A ntšitsoe meno, mohlaare o katlaase o tlositsoe malulong, a otliloe ho fihlela a le maqeba hohle ’meleng, o ile a akheloa ka seleng e lefifi. Empa molebeli oa hae o ne a e-na le kutloelo-bohloko le botsoalle. Moena Winkler o ile a batla tataiso ea Jehova ka thapelo. O ile a boela a ikutloa a hloka lijo tsa moea ka ho tebileng ’me a kōpa molebeli hore a mo thuse. Hamorao, lemati la sele la buleha, ’me Bibele ea akheloa kahare. Moena Winkler oa hopola, “e ile ea e-ba thabo e kaakang, ho thabela mantsoe a ’nete a monate letsatsi le leng le le leng . . . ke ile ka ikutloa ke matlafala moeeng.”a

Khotso Ea Bomolimo E Tla Le Lebela

12. Ke hobane’ng ha ho e-na le tlhokahalo e khethehileng ho rōna hore re lebele lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello?

12 Jehova o tšepisa hore khotso ea hae “e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” (Ba-Filippi 4:7, NW) Hona ke habohlokoa hakaakang! Pelo ke setsi sa tšusumetso le maikutlo. Mehleng ena ea qetello, lipelo tsa rōna li ka fokolisoa habobebe ke tšabo le ho belaela, kapa tsa re eka hore re etse se fosahetseng. Mokhoa oa bophelo o tloaelehileng o ntse o hlepha ka potlako. Re lokela ho itebela re sa khaotse. Ho tlatsetsa ho hlokeng lipelo tse matla, re tlameha hore hape re matlafatse ‘matla a rōna a kelello’ ’me re tsamaisoe ke Molimo ka lentsoe la oona le ka phutheho ea oona.

13. Ke melemo efe e ka tlisoang ke ho lebela matla a rōna a kelello?

13 Ho latela W. E. Vine, lentsoe la Segerike noʹe·ma (le fetoletsoeng e le “matla a kelello”) le na le khopolo ea “morero” kapa “maqiti.” (An Expository Dictionary of New Testament Words) Kahona, khotso ea Molimo e ka matlafatsa morero oa rōna oa Bokreste le ho re lebela khahlanong le tšekamelo leha e le efe ea ho fokolisa kapa ho fetola likelello tsa rōna ntle ho lebaka le letle. Kahona ho nyahama kapa mathata li ne li ke ke tsa re ntša tseleng habobebe. Ka mohlala, haeba re rerile ho sebeletsa Jehova tšebeletsong e itseng e khethehileng, joaloka ho ba mosebeletsi oa pula-maliboho ka nako e tletseng kapa ho falla ho ea sebeletsa moo basebeletsi ba hlokahalang haholo, “khotso ea Molimo” e tla ba thuso e khōlō ho rōna ha re phehella ho leba pakaneng eo. (Bapisa Luka 1:3; Liketso 15:36; 19:21; Ba-Roma 15:22-24, 28; 1 Ba-Thessalonika 2:1, 18.) Ho matlafatsa matla a hao a kelello ho ea pele, nehelana ka nako e ngata ho ithuteng Lentsoe la Molimo le botsoalleng ba Bokreste. Kahona u fepa kelello ea hao le pelo ea hao ka likhopolo tse hloekileng, tse hahang. Na u khona ho nehelana ka nako e lekaneng ea ho ipoloka u tšoarehile ka ‘lipolelo’ tsa Molimo tse bululetsoeng? Na u lokela ho li ela hloko haholoanyane?

14. Re lokela ho ba seli ho utloa keletso efe e bululetsoeng, hona hobane’ng?

14 U ka bona hore pelo le kelello, kapa matla a kelello, lia ameha hore u fumane “khotso ea Molimo” le hore e u tsoele molemo. Sena se bontšoa ke keletso ea bomolimo: “Mora oa ka, mamelisisa taba tsa ka, u sekehele lipolelo tsa ka tsebe. Li se ke tsa tloha pel’a mahlo a hao, u ’ne u li boloke ka pelong. Hobane ho ba li fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba ’mele oohle oa bona. Boloka pelo ea hao ka ho fetisisa, hobane ke eona mehloli ea bophelo.”—Liproverbia 4:20-23.

15. Jesu o phetha karolo efe hore re be le “khotso ea Molimo”?

15 “Khotso ea Molimo” e tlisoang ke tlamahano e mofuthu, e haufi-ufi le Jehova e lebela lipelo tsa rōna le matla a kelello “ka Kreste Jesu.” (Ba-Filippi 4:7, NW) Jesu o phetha karolo efe ho see? Pauluse oa hlalosa: “A le ke le neoe mohau le khotso ke Molimo Ntate, le ke Morena oa rōna Jesu Kreste, ea iteletseng libe tsa rōna, a tle a re namolele lefatšeng la joale le lebe, ka ho rata ha Molimo, Ntat’a rōna.” (Ba-Galata 1:3, 4) E, Jesu o nehelane ka bophelo ba hae ka lerato e le hore re ka lopolloa. (Mattheu 20:28) Kahoo ke “ka Kreste Jesu” re ka bang ba amohelehang ho Jehova joaloka bahlanka ba hae ba ineetseng ’me ra ba boemong ba ho thabela khotso eo ea bomolimo eo e ka bang molebeli oa rōna.

Likotsi Tse Sokelang Khotso ea Bomolimo

16. Pauluse o ile a fana ka keletso efe e ka re thusang ho boloka “khotso ea Molimo”?

16 Ha re se re amohetse khotso e tsoang ho Molimo re bile re e thabetse, re tlameha ho ba seli hore re e boloke. Maemo a mangata a ka amoha Bakreste khotso. Har’a a tloaelehileng ka ho fetisisa, ’me ka sebele a kotsi ka ho fetisisa, ke litakatso tsa bocha. Lengolong la Pauluse la bobeli le eang ho Timothea, eo mohlomong a neng a sa tsoa feta lilemo tse 30 ka nako eo, o ile a akarelletsa keletso ena: “U ke u balehele litakatso tsa bocha, ’me u phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le khotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hloekileng.”—2 Timothea 2:22.

17. Hangata ho ’nile ha etsahala eng mabapi le tokisetso ea Jehova ea botona le botšehali?

17 Litakatso tseo li akarelletsa tšusumetso ea botona le botšehali, e nang le sebaka sa eona se hlomphehang lenyalong. Leha ho le joalo, ho theosa le histori, tšusumetso ena e ’nile ea sebelisoa hampe ka likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo kapa kantle ho lona, e leng lintho tseo ka bobeli li sa amoheloeng ke ’Mōpi oa rōna ea bohlale. (Ba-Heberu 13:4; Genese 34:1-3) Kotsi ea ho ineela boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali e sokela Bakreste kajeno, ba bacha ’moho le ba hōlileng. Mehleng ena ea qetello ea lefatše le hlephileng boitšoarong, ho ba bangata botona le botšehali li se li bolela feela takatso ea nama, hangata ka mekhoa e tloaelehileng har’a basodoma, ba batona le ba batšehali.—Ba-Roma 1:24-27.

18. Ke hobane’ng ha lipelo tsa ba bang li e-s’o tsitse, ’me hoo ho ka ’na ha lebisa ho eng?

18 ’Nete ea hore re phela kahar’a boemo bo joalo e hatisa hore na ke habohlokoa hakaakang ho rōna hore re be le lipelo tse matla, tse tsitsitseng tse ineetseng ho Jehova. Ba bang ba amohetseng molaetsa oa ’Muso, ba lumela linnete tsa Bibele tsa motheo, ’me ba kopanela kamehla le batho ba Jehova ha ba hlaolele kananelo e tebileng bakeng sa Jehova, Lentsoe la hae, le phutheho ea hae e lefatšeng ka bophara. Lipelo tsa bona ha li e-s’o tsitse. Ba ka ’na ba faposoa habobebe ke “litakatso tsa bocha.” Ba bang ba bona ba ka ’na ba hana liteko tsa ho etsa bohlola kapa bofebe, empa joalokaha Pauluse a lemositse, ba fetoha “ba ratang menate ea nama, e seng Molimo.” (2 Timothea 3:4) Ba senya nako e ngata haholo ba shebelletse thelevishine, ba bala libuka tsa lipale, kapa ba mametse ’mino o hlaha ho fapana le boithuto ba botho, liboka tsa Bokreste, kapa tšebeletso ea ’Muso. Sena se ka ba fokolisa moeeng habobebe, ’me qetellong, ba oela sebeng se tebileng.

19. Re tlameha ho etsa joang ho qoba ho suthela thōko?

19 Ba joalo, joaloka sekepe se se nang ankora, ba hoholoa ke leqhubu le lebang koluoeng. Ba tlameha ho etsa joang? Pauluse oa eletsa: “E ka khona re ele ka ho fetisisa litaba tseo re li utloileng hloko, e se be ra suthela hole le tsona.” (Ba-Heberu 2:1) Kahoo ba kotsing ba lokela hore ‘ba ele hloko ka ho fetisisa’ ho ithuta Lentsoe la Molimo, ho lokisetsa liboka tsa Bokreste, le ho arolelana linnete tsa ’Muso le ba bang. Ke ’nete hore ho ka ba bonolo ho nahana hore, ‘Eo ke keletso e ntle, empa ha ke boemong bo joalo, kahoo ha e sebetse ho ’na.’ E ne e tla ba ho bohlale hakaakang hore e mong le e mong oa rōna a nahanisise ka ho tebileng kamoo re ka hloekisang lipelo tsa rōna ho ea pele, likhopolo tse kahare-hare, le litakatso ’me re “phehelle ho loka, le tumelo, le lerato, le khotso hammoho le bohle ba rapelang Morena ka pelo e hloekileng.” (2 Timothea 2:22) Kaholim’a tsohle, re lokela ho kōpa tataiso ho Molimo le thuso e re tiisang ea moea oa hae.

20. Motho ofe kapa ofe ea etsang phoso e tebileng o lokela ho etsa joang?

20 Haeba ho e-na le ba bang le molato oa phoso e tebileng empa ba e pata, ka ho hlakileng ba tla lahleheloa ke kamohelo ea Jehova le “khotso ea Molimo” eo ba neng ba e-na le eona. Hape ba tla lahleheloa ke khotso ea bona ea kelello. (Bapisa 2 Samuele 24:10; Mattheu 6:22, 23.) Joale, u ka bona hore na ke hobane’ng ha e le tlamo hore Mokreste leha e le ofe ea oetseng sebeng se tebileng a se bolele ho Jehova le ho baholo ba lerato, ba ka tlisang pholiso moeeng. (Esaia 1:18, 19; 32:1, 2; Jakobo 5:14, 15) Ha motho ea lahlehetsoeng ke ho leka-lekana moeeng ha a le tseleng e thellang ea sebe a batla thuso ho baena ba hōlileng tsebong, a ke ke a tsoela pele a e-na le letsoalo le khathatsehileng kapa a hloka khotso ea bomolimo.

21. Re na le lebaka lefe la ho leboha Jehova ka ho tebileng kajeno, ’me re lokela ho ba le boikemisetso bofe?

21 Ke tlotla e kaakang ho ba e mong oa Lipaki tse ineetseng tsa Jehova kajeno! Hohle ho re pota-potileng, lefatše lena la bosatane lea tsekoloha ’me le khaoha likoto. Haufinyane le tla feta. Batho ba bangata ba “felloa ke matla ka baka la tšabo le tebello ea tse tla tla holim’a lefatše.” Empa re ka phahamisa lihlooho tsa rōna hobane re tseba hore “topollo ea [rōna] e-ea atamela.” (Luka 21:25-28, NW) Ho bontša hore na re leboha Jehova hakaakang bakeng sa ‘khotso ea hae e fetisang kutloisiso eohle,’ a re etseng sohle se matleng a rōna ho sebeletsa ka botšepehi “Molimo o fanang ka khotso.”—Ba-Roma 15:33, NW; 1 Ba-Korinthe 15:58.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona 1986 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqephe 154-7.

Lintlha tsa Tlhahlobo

◻ “Khotso ea Molimo” e re thusa joang kajeno, ’me ‘e fetisa kutloisiso eohle’ joang?

◻ Ke maemo afe a etsang hore re khone ho boloka khotso ea kelello?

◻ Bakreste ba bangata ba sokeloa ke kotsi efe e khōlō kajeno, ’me e ka ’na ea lebisa ho eng?

◻ Haeba Mokreste a etsa sebe se tebileng, o lokela ho etsa joang?

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

O Ile A Ithuta Hore Hoo ke ’Nete

Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše Manazi a ile a romela monna oa Elsa Abt kampong ea mahloriso ea Sachsenhausen ka baka la boboleli ba hae ba Bokreste. Joale ka Motšeanong 1942, Mapolesa a Jeremane a ile a tla ha hae, a nka morali oa hae e monyenyane, ’me a romela Elsa ho ea sebetsa le ho ea hlokofatsoa likampong tse fapa-fapaneng. O fana ka bopaki bona ba botho:

“Lilemo tseo ke li qetileng likampong tsa mahloriso tsa Jeremane li ile tsa nthuta thuto e ikhethang. Ke ea hore na moea oa Jehova o ka u matlafatsa hakaakang ha u le tlas’a teko e matla! Pele ke tšoaroa, ke ne ke ile ka bala lengolo la khaitseli e mong le neng le bolela hore tlas’a teko e matla moea oa Jehova o u tlisetsa botsitso. Ke ile ka nahana hore e tlameha e be o ne a se a feteletsa litaba. Empa ha ke feta har’a liteko tseo ka bonna, ke ile ka tseba hore seo a neng a se boletse e ne e le ’nete. Lintho li hlile li etsahala ka eona tsela eo. Ho thata ho ho nahana, haeba u e-s’o fete har’a hona. Empa ho hlile ha nketsahalla. Jehova oa thusa.”

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Pauluse o ne a tseba ka phihlelo hore khotso ea Molimo e ka lebela lipelo tsa rōna

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Na u kotsing ea ho suthela thōko moeeng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela